Se ka Tšohloang ke Lelapa
Bontšang Hore na Litšoantšo Tsena li Tsamaisana le Litemana Life
Balang Moeklesia 2:3-10. Matahanyang setšoantšo ka seng le temana ea Bibele e tsamaisanang le sona. (Litšoantšo tsena ha lia behoa ka tatellano e nepahetseng.) Qetellang litšoantšo tsena ka ho li taka.
1. Temana ea 3
2. Temana ea 4
3. Temana ea 5
4. Temana ea 6
5. Temana ea 7
6. Temana ea 8
A
B
C
D
E
F
SE KA TŠOHLOANG:
Na lintho tseo Solomone a neng a li finyeletse li ile tsa mo tlisetsa thabo ea sebele?
NTLHA E THUSANG: Balang Moeklesia 2:11.
Ke’ng se boleloang ka “lefeela le ho lelekisa moea”? U tla thaba e le kannete ha u etsa lintho life?
NTLHA E THUSANG: Balang Luka 6:38; Liketso 20:35.
SE KA ETSOANG KE LELAPA:
Balang Moeklesia 3:1-8. Kōpa e mong le e mong ka lapeng hore a ngole e ’ngoe ea lintho tse boletsoeng litemaneng tsena leqetšoaneng. Kenyang maqetšoana ao ka lebokoseng. Ebe e mong le e mong o khetha leqetšoana, ’me a etsise se ngotsoeng ho lona empa a sa bue. Bona haeba ba lelapa ba ka khona ho hlokomela lintho tse boletsoeng moo ka ho nepahala.
Li Bokelleng ’me le Ithute
E seheng, le e mene ’me le e boloke
KARETE EA BIBELE 11 JOSEFA
LIPOTSO
A. Tlatsang likheo tsena. Barab’abo Josefa ba ne ba mo bitsa “․․․․․ eane,” ’me ba mo rekisa bokhobeng ka likotoana tse ․․․․․ tsa silevera.
B. Ha mosali oa Potifaro a ne a qobella Josefa hore a kopanele liphate le eena, Josefa o ile a re, “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka . . . ”
C. Ke hobane’ng ha Faro a ile a etsa Josefa ’musi oa bobeli oa Egepeta?
[Chate]
4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.
Adama oa bōptjoa O phetse lilemong Buka ea ho qetela
tsa bo-1700 B.C.E. ea Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
O ile a tlosoa Dothane ’me a isoa Egepeta
Dothane
EGEPETA
JOSEFA
PALE EA HAE EA BOPHELO
Ke mora oa letsibolo oa Jakobo le Ragele. (Genese 35:24) Barab’abo ba mōna ba ile ba mo rekisa bokhobeng Egepeta, moo a ileng a qeta lilemo tse 13 e le lekhoba kapa motšoaruoa. Ho e-na le hore Josefa a iphetetse, o ile a tšoarela barab’abo ba bakileng. (Genese 50:15-21) Le hoja a ne a le hōle le lelapa labo, o ile a hlompha Jehova ’me a lula a hloekile, a sebetsa ka thata ebile a tšepahala.—Genese 39:1-23.
LIKARABO
A. Molori, 20.—Genese 37:19, 28.
B. “. . . siteloa Molimo?”—Genese 39:9.
C. O ne a tseba hore moea oa Molimo o entse hore Josefa a be bohlale ’me a be masene.—Genese 41:38-41.
Batho ba Libakeng Tse Ling
7. Lebitso la ka ke Anietie. Ke lilemo li supileng, ’me ke lula Nigeria. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Nigeria? Na li 190 000, 290 000, kapa li 390 000?
8. Ke letheba lefe le bontšang moo ke lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Nigeria.
A
B
C
D
Bana Batlang Litšoantšo
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
Le ka fumana lihlooho tse ling tsa “Se ka Tšohloang ke Lelapa,” mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.pr418.com
● Likarabo tsa “SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA” li leqepheng la 15
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
1. Temana ea 3 e tsamaisana le setšoantšo sa F.
2. Ea 4 e tsamaisana le sa E.
3. Ea 5 e tsamaisana le sa A.
4. Ea 6 e tsamaisana le sa C.
5. Ea 7 e tsamaisana le sa B.
6. Ea 8 e tsamaisana le sa D.
7. Tse 290 000.
8. C.