Se ka Tšohloang ke Lelapa
Ke’ng e sa Tšoaneng Litšoantšong Tsee?
Na le ka bolela hore na ke lintho life tse tharo tse sa tšoaneng setšoantšong sa A le sa B? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase mona ’me le qetele litšoantšo tsena ka ho li taka.
NTLHA E THUSANG: Balang 1 Samuele 16:1-3, 6-13.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
4. Ke setšoantšo sefe se nepahetseng, na ke sa A kapa ke sa B?
SE KA TŠOHLOANG:
Ke’ng seo Jehova a se bonang ha a sheba motho? Bibele e bolela’ng ha e re ‘Jehova o bona pelo’?
NTLHA E THUSANG: Balang Jeremia 17:10.
Tsela eo motho a shebahalang ka eona ke ea bohlokoa hakae ho Jehova?
NTLHA E THUSANG: Balang Liproverbia 11:22; 31:30; 1 Petrose 3:3, 4.
Ke litšobotsi life tse tla etsa hore u ratehe ho Molimo?
NTLHA E THUSANG: Balang Luka 10:27; 2 Petrose 1:5-8.
SE KA ETSOANG KE LELAPA:
Balang Bagalata 5:22, 23. Ngola tšobotsi ka ’ngoe ea tse robong pampiring. Khetha e mong ka lapeng ’me u sebelisa theipi e khomaretsang, khomaretsa e ’ngoe ea tsona mokokotlong oa hae. Le se ke la lumella motho eo hore a e bone. E re a leke ho bolela tšobotsi eo ka ho botsa lipotso. Ebe ba bang ka lapeng ba araba lipotso tseo ka, e kapa che.
Li Bokelleng ’me le Ithute
E seheng, le e mene ’me le e boloke
KARETE EA BIBELE DAVIDA
LIPOTSO
A. Davida le Jesu ba hlahetse motseng ofe?
B. Ha e sa le moshanyana, Davida e ne e le ․․․․․ eo ka sebete a ileng a bolaea ․․․․․ le ․․․․․.
C. Qetella mantsoe ana a Davida: “Uena, mora oa ka Solomone, tseba . . . ”
[Chate]
4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.
Adama oa bōptjoa O phetse lilemong Buka ea ho qetela
tsa bo-1000 B.C.E. ea Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
O ile a tloha Bethlehema ’me a fallela Jerusalema
Bethlehema
Jerusalema
O ile a loana le Goliathe khohlong ea Ela.—1 Samuele 17:2
Khohlo ea Ela
DAVIDA
PALE EA HAE EA BOPHELO
Mora oa Jese le Morena oa bobeli oa Iseraele. Seroki se ipabolang le sebini, Davida o ile a ngola lipesaleme tse fetang tse 73. Ka boikokobetso o ile a batla tataiso ea Jehova bophelong ba hae. (1 Samuele 23:2; 30:8; 2 Samuele 2:1) Jehova o ile a re Davida ke “monna ea ratoang ke pelo ea ka.”—Liketso 13:22.
LIKARABO
A. Bethlehema (e Judea).—Johanne 7:42.
B. molisa, tau, bere.—1 Samuele 17:34, 35; Pesaleme ea 78:70, 71.
C. “. . . Molimo oa ntat’ao ’me u mo sebeletse ka pelo e feletseng.”—1 Likronike 28:9.
Batho ba Libakeng Tse Ling
5. Lebitso la ka ke Olivia. Ke lilemo li tšeletseng ’me ke lula Indonesia. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Indonesia? Na li 22 300, 42 800, kapa li 63 900?
6. Ke letheba lefe le bontšang moo ke lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Indonesia.
A
B
C
D
Bana Batlang Litšoantšo
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
Le ka fumana lihlooho tse ling tsa “Se ka Tšohloang ke Lelapa,” mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.jw.org
● Likarabo tsa “SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA” li leqepheng la 22
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
1. Ho na le pōli setšoantšong se seng empa ho na le khomo ho se seng.
2. Ho na le moroetsana setšoantšong se seng empa ha a eo ho se seng.
3. Ho na le lekuka la veine setšoantšong se seng empa ho na le lenaka le tšetsoeng oli ho se seng.
4. B.
5. Li 22 300.
6. D.