Se ka Tšohloang ke Lelapa
Ke Eng e Fosahetseng Setšoantšong See?
Balang Johanne 2:13-17. Ke lintho life tse ’nè tse sa nepahalang setšoantšong see? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase ’me le qetelle setšoantšo sena ka ho se taka.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
4. ․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lelekela banna bana ka ntle ho tempele?
NTLHA E THUSANG: Balang Mareka 11:17.
Ke hobane’ng ha ho ne ho fosahetse hore ebe baa reka le ho rekisa ka tempeleng?
NTLHA E THUSANG: Balang 2 Bakorinthe 2:17.
E le hore re thabise Jehova re lokela ho mo sebeletsa ka lebaka lefe?
NTLHA E THUSANG: Balang Matheu 22:36-40; 1 Petrose 5:2.
SE KA ETSOANG KE LELAPA:
Sekhechaneng sa pampiri ngola kapa u toroee setšoantšo sa ntho eo le ka e etsang, e bontšang hore le rata Jehova le batho ba bang ka tsela e hlokang boikaketsi. Bontša ba bang ka lapeng sekhechana seo ’me le rere hore na le tla etsa ntho eo neng le le hammoho.
Li Bokelleng ’me le Ithute
E seheng, le e mene ’me le e boloke
KARETE EA BIBELE 16 TIMOTHEA
LIPOTSO
A. Tlatsang likheo tsena. ’Mè oa Timothea, ․․․․․, le nkhono oa hae ․․․․․ ba ile ba mo ruta “lingoliloeng tse halalelang” ho tloha ․․․․․.
B. Ke memo efe e khethehileng eo Timothea e mocha a ileng a e amohela?
C. Pauluse o ile a re ka Timothea: “Joaloka ngoana le ntat’ae . . . ”
[Chate]
4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.
Adama oa bōptjoa O phetse lekholong Buka ea ho qetela
la pele la lilemo C.E. ea Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
O ne a lula Lystra empa o ne a buuoa hantle ke barab’abo rōna ba Ikoniamo
Lystra
Ikoniamo
Jerusalema
TIMOTHEA
PALE EA HAE EA BOPHELO
Le hoja ntate oa hae e ne e se molumeli, Timothea e ile ea e-ba mohlala ‘ho ba tšepahalang ho bueng, boitšoarong, leratong, tumelong le tlhoekong.’ (1 Timothea 4:12) O ile a sebelisa keletso ea Bibele e reng: “u ikoetlise boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hao.” (1 Timothea 4:7) Timothea o ile a thusa moapostola Pauluse ka lilemo tse ka bang 15.
LIKARABO
A. Eunise, Loise, boseeng.—2 Timothea 1:5; 3:14, 15.
B. Ho tsamaea le ho sebeletsa le moapostola Pauluse.—Liketso 16:1-5.
C. “. . . e ile ea ba lekhoba le ’na ho ntšetseng pele litaba tse molemo.”—Bafilipi 2:22.
Batho ba Libakeng Tse Ling
5. Lebitso la ka ke Gabriela, ke lilemo li 6, ke na le Raul ea lilemo li 9. Re lula Brazil. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Brazil? Na li 467 000, 607 000, kapa li 720 000?
6. Ke letheba lefe le bontšang moo re lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Brazil.
A
B
C
D
Bana Batlang Litšoantšo
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
Le ka fumana lihlooho tse ling tsa “Se ka Tšohloang ke Lelapa,” mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.jw.org
● Likarabo tsa “SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA” li leqepheng la 25
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
1. Jesu o ile a sebelisa sephali eseng sabole.
2. Banna ba ne ba rekisa likhomo le linku eseng lifariki.
3. Banna ba ne ba rekisa maeba eseng liphooko.
4. Ba ananyang chelete ba ne ba e-na le chelete ea tšepe eseng ea pampiri.
5. 720 000.
6. C.