Se ka Tšohloang ke Lelapa
Ke Lintho Life Tse Sieo Setšoantšong See?
Balang Genese 1:21-28. Joale shebang setšoantšo sena. Ke lintho life tse sieo ho sona? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase. Qetellang setšoantšo sena ka ho kopanya matheba a ho sona, ebe lea se taka.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
[Setšoantšo se Qanollang]
(Sheba sengoliloeng)
SE KA TŠOHLOANG:
Molimo o ne a bua le mang ha a ne a re, “A re etse motho ka setšoantšo sa rōna, ho ea ka sebōpeho sa rōna”?
NTLHA E THUSANG: Balang Johanne 17:1, 5; Bakolose 1:15, 16.
Ke ka tsela efe batho ba entsoeng ka setšoantšo sa Molimo?
NTLHA E THUSANG: Balang Bakolose 3:10; 1 Petrose 1:16.
Ke eng eo u e ratang haholo ka Jehova Molimo le Jesu? U ka ba etsisa joang?
NTLHA E THUSANG: Balang Baefese 4:31, 32; 1 Johanne 4:7, 8.
SE KA ETSOANG KE LELAPA:
Ngola mabitso a liphoofolo tse hlano tseo u li ratang. Ebe joaloka Adama, u li reha mabitso a macha ho latela tsela eo li shebahalang ka eona, molumo oa tsona le tsela eo li etsang lintho ka eona. Bala mabitso a macha ka lentsoe le phahameng, ’me o bone hore na ba bang ka lapeng ba ka khona ho hakanya hore na lebitso ka leng ke la phoofolo efe.
Li Bokelleng ’me le Ithute
E seheng, le e mene ’me le e boloke
KARETE EA BIBELE 19 PAULUSE
LIPOTSO
A. Ha Pauluse a le tšebeletsong o ne a iphelisa ka ho etsa ․․․․․.
B. Moapostola Pauluse o ile a ruta batho “phatlalatsa le . . .”
C. Pauluse o ile a tsosa mohlankana ea bitsoang ․․․․․.
[Chate]
4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.
Adama oa bōptjoa O phetse lekholong Buka ea ho qetela
la pele la lilemo C.E. ea Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
O hlahetse Tarsase. E ile ea e-ba moromuoa Europe le Asia Minor
EUROPE
Roma
ASIA MINOR
Tarsase
Jerusalema
PAULUSE
PALE EA HAE EA BOPHELO
Pele e ne e le mohlorisi oa Bakreste, ’me a fetoha ea e-ba moapostola oa lichaba. Jehova o ile a mo sebelisa hore a ngole libuka tse 14 tsa Mangolo a Segerike a Bakreste. Pauluse o ile a tsamaea lik’hilomithara tse likete e le moromuoa ’me a theha liphutheho Europe le Asia Minor.—Baroma 11:13; 1 Timothea 1:12-16.
LIKARABO
A. litente.—Liketso 18:3-5.
B. “. . . ka ntlo le ntlo.”—Liketso 20:20.
C. Eutikase.—Liketso 20:7-12.
Batho ba Libakeng Tse Ling
3. Lebitso la ka ke Maté, ke lilemo li 7, ke na le Nia ea lilemo li 8. Re lula Rephabliking ea Georgia. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Rephabliking ea Georgia? Na li 10 000, 17 000, kapa li 26 000?
4. Ke letheba lefe le bontšang moo re lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Rephabliki ea Georgia.
A
B
C
D
Bana Batlang Litšoantšo
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
Le ka fumana lihlooho tse ling tsa “Se ka Tšohloang ke Lelapa,” mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.jw.org
● Likarabo tsa “SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA” li leqepheng la 26
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
1. Sebōpuoa se fofang se nang le mapheo.
2. Sebata sa naha.
3. 17 000.
4. B.