Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/12 maq. 14-15
  • Phala ea Alpenhorn—’Mino o Tsoang Lifateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phala ea Alpenhorn—’Mino o Tsoang Lifateng
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsa Phala ea Alpenhorn
  • Kamoo e Neng e Sebelisoa Kateng Khale
  • E Letsoa Joang?
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2012
  • Ho Etela Moo ho Pheloang ka Mokhoa oa Seholo-holo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Bona Lebitso la Molimo Phuleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Sebapali sa Piano sa ’Mino oa Classic se Hlalosa Tumelo ea Sona
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 1/12 maq. 14-15

Phala ea Alpenhorn—’Mino o Tsoang Lifateng

KA LILEMO tse makholo, baahi ba bang ba Lithabeng Tse Telele Tsa Switzerland, ba ’nile ba sebelisa ntho e ikhethang ha ba buisana—e leng phala ea lehong e bitsoang alpenhorn. Kaha liphala tse ling tsa mofuta ona li telele ho batho ba li letsang ka makhetlo a mabeli, li ka ’na tsa bonahala e se tsela e molemo haholo ea ho buisana. Leha ho le joalo, motho a ka khona ho nka phala ena ka letsoho. Mefuta e meng ea tsona e ka aroloa likoto ’me ea kenngoa ka mokotleng oo e fellang hantle ka ho oona. Motho a ka khona ho utloa molumo oa alpenhorn a le bohōle ba lik’hilomithara tse leshome, ho phatlalla le likhohlo tsa lithabeng tse phahameng!

Ho Etsa Phala ea Alpenhorn

Kaha ka tloaelo phala ena e etsoa ka sefate sa phaene ea lithabeng, ehlile habo eona ke mona Lithabeng Tse Telele Tsa Switzerland. Maemo a leholimo le a tlhaho a etsa hore lifate tsa phaene tse melang matsoapong li kobehe tlaase kutung.

Ka mor’a hore motho ea etsang alpenhorn a khethe sefate, o se arola likoto tse peli ka hloko ebe o fata likarolo tseo tse peli ka hare, a sebelisa lichesele tse khethehileng. Ho ka etsahala hore a qete lihora tse 80 a shebane le ho etsa seo feela! Joale setsebi seo se feila karolo e ka hare ea sefate le ho e hohla e le ho etsa hore e be boreleli. Se kopanya likarolo tseo tse peli ka sekhomaretsi, ebe se se thatela ka thata ka lekhapetla le thata la sefate. Se boetse se faselletsa leotoana la lehong, le tlang ho tšehetsa phala ea alpenhorn nakong eo e letsoang. Qetellong, ka mor’a hore setsebi se kenye karolo eo motho a e momang ha a letsa phala le hore se e khabise ka pente kapa ka karolo e kobiloeng ka letsoho, joale se e tlotsa ka pente e bonaletsang e thibelang metsi.

Kamoo e Neng e Sebelisoa Kateng Khale

Melokong e sa tšoaneng, balisa ba ’nile ba letsa phala ea alpenhorn ba le makhulong a holimo ho tsebisa ba malapa a bona ba leng tlaase phuleng hore lintho li ntse li itsamaela hantle. Leha ho le joalo, hangata ba ne ba e sebelisetsa ho bitsa likhomo tsa bona ha ba tl’o li hama. Esale barui ba likhomo tsa lebese ba Switzerland ba lumela hore molumo o monate oa phala ea alpenhorn o thusa likhomo hore li khutse nakong eo li hangoang.

Mariha, ha likhomo li ne li khutlela masakeng a tsona phuleng, balisa ba bangata ba ne ba ea toropong ho ea letsetsa batho liphala tseo tsa bona e le hore ba tlatseletse chelete eo ba e fumanang. Mehleng ea khale, ka linako tse ling phala ena e ne e sebelisetsoa ho hlabela banna mohoo oa ho ea ntoeng.

E Letsoa Joang?

Ha motho a qala ho bona phala ena a ka ’na a bona eka ho bonolo ho e letsa. Etsoe ha e na masoba, likonopo kapa li-valve tseo motho a li penyang. Empa phephetso ke hore motho ea e letsang a laole moea o kenang phaepheng e le hore a hlahise molumo oo a o batlang.

Liphala tsa alpenhorn li hlahisa melumo e 12 feela e tloaelehileng. Le hoja seletsa sena se sa khone ho letsa linoto tsohle, ho na le ’mino o ngotsoeng hore o bapaloe ka sona ka ho khetheha ’me seletsi se ipabolang se ka hlahisa melumo e monate e sa tšoaneng.

Baqapi ba ’mino ba tummeng ba ’nile ba kenyelletsa phala ea alpenhorn ’minong oo ba o qapileng o letsoang ke lihlopha tsa ’mino. Ka mohlala, Leopold Mozart, e leng ntate oa Wolfgang Amadeus Mozart, o ile a ngola “Sinfonia Pastorella” ea hae e binoang ke sehlopha sa ’mino oa liletsa le corno pastoritio—e leng phala e ’ngoe ea mofuta oa alpenhorn. Brahms o ile a etsisa molumo oa phala ea alpenhorn ea Switzerland a sebelisa makolilo le liphala, ’me Beethoven, o ile a etsisa alpenhorn pineng ea hae e binoang ka mantsoe le liletsa e bitsoang Pastoral e le hore a tsose maikutlo ka bophelo ba molisa.

Switzerland, phala ea alpenhorn e ile ea qala ho boleloa ka lebitso moo e ngotsoeng teng ka selemo sa 1527, bukeng ea liak’haonte ea ntlong ea baitlami ea St. Urban. Hona joale, lilemo tse ka bang 500 hamorao, molumo o khathollang oa phala ena o ntse o utloahala ho theosa le makhulo a matle haholo a Lithabeng Tse Telele Tsa Switzerland.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Motho a ka arola phala ea “alpenhorn” likoto ebe o e nka ka letsoho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela