Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/13 leq. 3
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • United States
  • Antarctica
  • Netherlands
  • Jeremane
  • Bophelo bo Rarahaneng
    Tsoha!—2001
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2013
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2000
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 4/13 leq. 3

TSA MONA LE MANE

United States

Bekeng ea la 29 October, 2012, palo ea lipolao, litlōlo tsa molao tse khōlō le ea bosholu bo etsoang ka likhoka, e ile ea theoha haholo New York City, ha e bapisoa le nakong e tšoanang ka 2011. Hobane’ng? Hobane leholiotsoana la Sandy, e leng sefefo se tšabehang se ileng sa otla Lebōpo le ka Bochabela la United States, se ile sa khaola phepelo ea motlakase tikolohong eo eohle. ’Muelli oa Lefapha la Sepolesa sa New York, Paul Browne o re: “Ka mor’a koluoa ea tlhaho kapa tlokotsi e khōlō e kang [tlhaselo ea likhukhuni e ileng ea e-ba teng ka la 11 September , 2001], re bona tlōlo ea molao e theoha.” Leha ho le joalo, ho ile ha e-ba le keketseho ea ho thuhuoa ha malapeng ka lebaka la mofere-fere o bileng teng, e leng se sa kang sa makatsa Browne. O ile a re: “Ho na le libaka tse ngata tse se nang motlakase.”

Antarctica

Bo-rasaense ba tšoenyehile ka hore lintho tse phelang tikolohong ea Antarctica li kotsing ka lebaka la peō e tsoang libakeng tse ling. Ho lumeloa hore batho ba bangata ba etelang sebakeng sena selemo le selemo, ba tla le lipeō ba sa hlokomela, ka karolelano motho ka mong o tla le tse ka bang robong, hangata li khomaretse lieteng kapa mekotleng. Ho se ho fumanoe mefuta e mengata ea limela tse tsoang libakeng tse ling Hloahloeng e ka Bophirimela ea Antarctica.

Netherlands

Mosali e mong ea lilemo li 83, ke eena oa pele oa ho kenngoa mohlahare oa maiketsetso oa tšepe ea titanium o entsoeng ka printhara ea 3-D e sebelisang khanya e bohale. Mokuli enoa eo mohlahare oa hae o ileng oa senngoa ke baktheria e hlaselang masapo, o se a khona ho ja, ho hema le ho bua ka tsela e nepahetseng. Printhara e sebelisang khanya e bohale e ile ea phaellanya likaroloana tsa titanium hanyane ka hanyane, e le hore li etse mohlahare oa hae, ’me ka mor’a moo oa kenngoa ho eena.

Jeremane

Phuputsong e entsoeng sehlopheng se itseng sa batho selemong seo ho tsuba ho neng ho thibetsoe ka nakoana libakeng tsa sechaba tsa Jeremane, palo ea batho ba ileng ba kena sepetlele ka lebaka la mahlaba a bakoang ke lefu la pelo e ile ea theoha ka liphesente tse 13,3; ea batho ba hlasetsoeng ke lefu la pelo ea theoha ka liphesente tse 8,6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela