Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/13 leq. 3
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • United States
  • Nigeria
  • Spain
  • Lefatše
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Sebelise Sefapano Borapeling?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Na Ruri Jesu o Shoeletse Sefapanong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na Sefapano se Loketse Bakreste?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lebaka Leo ka Lona Bakreste ba ’Nete ba sa Sebeliseng Sefapano Borapeling
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 12/13 leq. 3

TSA MONA LE MANE

United States

Phuputsong e ’ngoe, ho ile ha hlokomeloa hore motho a le mong ho ba bararo ba tsamaeang ka maoto o tšela tseleng e phetheselang a sa falimeha—hobane a mametse ’mino, a bua founong kapa a etsa lintho tse ling tse joalo. Ntho e kotsi ka ho fetisisa e neng e ba sitisa ho falimeha ke ho ngola melaetsa ea selefouno. Ba neng ba ngola melaetsa ha ba tšela ba ne ba lieha ho feta ba falimehileng ’me ba ne ba ka ’na ba tšela roboto e koetse, ba tšela sebakeng se sa lokelang kapa ba tšela ba sa sheba mahlakore ka bobeli.

Nigeria

Basali ba isoang Europe ka bolotsana ke batho ba hoebang ka batho, ba qobelloa ho ikana hore ba tla boloka lekunutu litempelaneng tsa boloi tsa juju. E le hore basali bana ba lumele ho sebelisoa e le makhoba a thobalano batho ba hoebang ka batho ba ba tšosa ka hore meea e tla ba otla.

Spain

Batho ba sa sebetseng ba ka etsang liphesente tse hlano ho ea ho tse leshome ha ba kenye mangolo a univesithi le a tsebo ea bona ea mosebetsi likōpong tsa bona tsa mosebetsi hobane a etsa hore ba bonahale ba rutehile ho feta tekano.

Lefatše

Ho nkoa hore mosi o tsoang lipaoleng ke oona o ka sehloohong o bolaeang batho linaheng tse tsoelang pele, moo batho ba limilione li ’nè ba shoang selemo le selemo ba bolaoa ke mafu a matšoafo. Bafuputsi ba re ho na le lik’hemik’hale tse chefu tse tsoang lipaoleng tsa patsi kapa tsa mashala ’me mosi ona o chefu joaloka mosi oa sakerete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela