Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 35
  • Jehova o Fana ka Melao ea Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Fana ka Melao ea Hae
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Tšepisa ho Mamela Jehova
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Buka ea Bibele ea 5—Deuteronoma
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Sehlahla se Tukang
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 35

PALE EA 35

Jehova o Fana ka Melao ea Hae

KA MOR’A likhoeli tse ka bang peli ba tlohile Egepeta, Baiseraele ba fihla Thabeng ea Sinai, eo hape e bitsoang Thaba ea Horebe. Ke hona mona moo Jehova a ileng a buisana le Moshe teng sehlahleng se tukang. Batho ba hloma litente mona ’me ba lula nakoana.

Ha batho ba ntse ba eme tlaase, Moshe o hloa thaba. Ha a le holimo thabeng, Jehova o bolella Moshe hore o rata ha Baiseraele ba Mo mamela ’me e e-ba batho ba Hae ba khethehileng. Ha Moshe a theoha, o bolella Baiseraele seo Jehova a se buileng. Batho ba re ba tla mamela Jehova, hobane ba batla ho ba sechaba sa hae.

Joale Jehova o etsa mohlolo. O etsa hore tlhōrō ea thaba e kubelle mosi, ebile o etsa hore ho be le lialuma tse khōlō. Hape o bua le sechaba, o re: ‘Ke ’na Jehova Molimo oa lōna ea le ntšitseng Egepeta.’ Joale oa ba laela: ‘Le se ke la rapela melimo e meng haese ’na ke le mong.’

Molimo o fa Baiseraele litaelo tse ling tse robong, kapa melao. Batho ba tšohile haholo. Ba re ho Moshe: ‘Uena u bue le rōna, hobane re tšaba hore ha Molimo a ka bua le rōna re tla shoa.’

Hamorao Jehova o re ho Moshe: ‘Nyolohela ho ’na thabeng. Ke tla u fa matlapa a mabeli a majoe ao ho ’ona ke ngotseng melao eo ke batlang hore batho ba e boloke.’ Kahoo Moshe o nyolohela thabeng hape. O lula teng matsatsi a 40 le masiu a teng.

Molimo o na le melao e mengata eo a e etselitseng batho ba hae. Moshe o ngola melao ena. Hape Molimo o neha Moshe matlapa a mabeli a majoe. Ho ’ona, Molimo o ngotse melao e leshome eo a e boleletseng batho bohle. E bitsoa Melao e Leshome.

Melao e Leshome ke melao ea bohlokoa. Empa melao e meng e mengata eo Molimo a e nehang Baiseraele le eona ke ea bohlokoa. O mong oa melao eo o re: ‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka kelello ea hao eohle, ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle.’ O mong ke o reng: ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Mora oa Molimo, Jesu Kreste o ile a re ena ke melao e ’meli e meholo ka ho fetisisa eo Jehova a e fileng batho ba hae ba Iseraele. Hamorao re tla ithuta lintho tse ngata ka Mora oa Molimo le ka lithuto tsa hae.

Exoda 19:1-25; 20:1-21; 24:12-18; 31:18; Deuteronoma 6:4-6; Levitike 19:18; Matheu 22:36-40.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela