Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 30
  • Sehlahla se Tukang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sehlahla se Tukang
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sehlahla se Tukang
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lebaka Leo Moshe a Balehang ka Lona
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Moshe—Kamoo Bophelo ba Hae bo U Amang Kateng
    Tsoha!—2004
  • Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 30

PALE EA 30

Sehlahla se Tukang

MOSHE o ne a tlile thabeng ea Horebe ho tla fumanela linku tsa hae lekhulo. Ha a le moo a bona sehlahla se tukang, empa se sa che!

Moshe a re: ‘Taba ena ea makatsa. Kea atamela ke shebisise hantle.’ Eare ha a atamela, ha hlaha lentsoe sehlahleng, le re: ‘U se ke ua atamela. Rōla meqathatso ea hao, hobane u eme sebakeng se halalelang.’ Molimo o ne a bua a sebelisa lengeloi, kahoo Moshe a ipata sefahleho.

Joale Molimo a re: ‘Ke bone mahlomola a batho ba ka Egepeta. Joale ke tl’o ba lokolla, ’me ke u roma hore u etelle batho ba ka pele ho ba ntša Egepeta.’ Jehova o ne a tla isa batho ba hae naheng e ntle ea Kanana.

Empa Moshe a re: ‘Ke motho feela tjee ea sa reng letho. Nka etsa seo joang? Empa a re nke hore ke ea ea. Baiseraele ba tla re ho ’na, “U ronngoe ke mang?” Joale ke tla re’ng?’

Molimo a re: ‘U tle u re, “JEHOVA Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo o nthomile ho lōna.”’ Jehova a eketsa a re: ‘Lena ke lebitso la ka ho isa ka ho sa feleng.’

Moshe a re: ‘Ha ke re mohlomong ha ba lumele ha ke re u nthomile.’

Molimo a mo botsa a re: ‘U nkile’ng ka letsohong?’

Moshe a re: ‘Molamu.’

Molimo a re: ‘O lahlele fatše.’ Eare ha Moshe a o lahlela fatše, oa fetoha noha. Eaba Jehova o bontša Moshe mohlolo o mong. A re: ‘Kenya letsoho seaparong sa hao.’ Moshe a le kenya, eare ha a le ntša letsoho la hae la tsoa le le lesoeu joaloka lehloa! E ne e ka letsoho leo le tšoeroe ke lefu le lebe la lepera. Jehova a boela a fa Moshe matla a ho etsa mohlolo oa boraro. Qetellong, a re: ‘Ha u etsa mehlolo ena Baiseraele ba tla lumela hore ke ’na ea u romileng.’

Ka mor’a moo, Moshe a khutlela hae ’me a re ho Jethro: ‘Ke kōpa u ntumelle ke khutlele ho ba heso Egepeta ho e’o bona hore na ba phela joang.’ Jethro a re Moshe a tsamaee hantle, ’me Moshe a kena leetong le lelelele a khutlela Egepeta.

Exoda 3:1-22; 4:1-20.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela