Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 29
  • Lebaka Leo Moshe a Balehang ka Lona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo Moshe a Balehang ka Lona
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moshe—Kamoo Bophelo ba Hae bo U Amang Kateng
    Tsoha!—2004
  • Sehlahla se Tukang
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Sehlahla se Tukang
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Moshe—Na ke Motho oa Sebele Kapa oa Tšōmong?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 29

PALE EA 29

Lebaka Leo Moshe a Balehang ka Lona

BONA Moshe ha a baleha Egepeta. Na u bona banna ba mo lelekisang? Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha ba batla ho bolaea Moshe? A re bone haeba re ka fumana lebaka.

Moshe o hōletse ka tlung ea Faro, ’musi oa Egepeta. A fetoha motho e moholo le ea bohlale haholo. Moshe o ne a tseba hore hase Moegepeta, empa hore batsoali ba hae ke Baiseraele ba makhoba.

Ka letsatsi le leng, ha Moshe a le lilemo li 40, a rera ho ea bona hore na batho ba habo ba phela joang. Ba ne ba tšoeroe hampe haholo. A bona Moegepeta a otla lekhoba la Moiseraele. Moshe a qamaka koana le koana, ’me eare ha a bona hore ha ho motho ea mo shebileng, a otla Moegepeta, eaba Moegepeta eo oa shoa. Eaba Moshe o pata setopo sa hae lehlabatheng.

Ka le hlahlamang Moshe a etela batho ba habo hape. O ne a nahana hore a ka etsa ho hong ho ba thusa hore e se ke ea e-ba makhoba. Empa a bona banna ba babeli ba Baiseraele ba loana, eaba Moshe o re ho ea phoso: ‘U otlela’ng ngoan’eno?’

Monna eo a re: ‘Ke mang ea u entseng morena le moahloli oa rōna? Na le ’na u tla mpolaea joalokaha u bolaile Moegepeta eloa?’

Joale Moshe a tšoha. A tseba hore batho ba tsebile seo a se entseng Moegepeta. Le Faro o ne a utloile ka taba eo, ’me a romela banna hore ba bolaee Moshe. Ke kahoo Moshe a ileng a tlameha ho baleha Egepeta.

Moshe o ile a tloha Egepeta, a ea naheng e hōle ea Midiane. Ha a fihla moo o ile a kopana le lelapa la Jethro, ’me a nyala e mong oa barali ba hae ea bitsoang Zipora. Moshe e ile ea e-ba molisa ’me a alosa linku tsa Jethro. O ile a lula naheng ea Midiane ka lilemo tse 40. O ne a se a le lilemo li 80. Joale ka letsatsi le leng, ha Moshe a ntse a alositse linku tsa Jethro, ha etsahala ntho e ’ngoe e makatsang e ileng ea fetola bophelo ba Moshe. Phetla leqephe, re bone hore na ke efe ntho ena e makatsang.

Exoda 2:11-25; Liketso 7:22-29.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela