THUTO EA 18
Sehlahla se Tukang
Moshe o ile a lula Midiane ka lilemo tse 40. Ha a le moo, a nyala ’me a ba le bana. Ka letsatsi le leng ha a ntse a hlokometse linku tsa hae pel’a Thaba ea Sinai, o ile a bona ntho e makatsang. Sehlahla se meutloa se ne se tuka empa se sa che. Ha Moshe a atamela ho bona hore na ho etsahala’ng, a utloa lentsoe le tsoa sehlahleng ’me le re: ‘Moshe! U se ke oa atamela ho feta moo. Rola lieta tsa hao hobane sebaka seo u emeng ho sona sea halalela.’ Ke Jehova ea neng a bua a sebelisa lengeloi.
Moshe o ile a tšoha, eaba o ipata sefahleho. Lentsoe leo la re: ‘Ke bone tsela eo Baiseraele ba sotlehileng ka eona. Ke tla ba ntša Egepeta ke ba ise naheng e ntle. Ke uena ea tla ba etella pele.’ E tlameha e be seo se ile sa makatsa Moshe.
Moshe a botsa a re: ‘Ke tla re’ng ha batho ba mpotsa hore na ke ronngoe ke mang?’ Molimo a re: ‘U tla re Jehova, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo ke eena ea u rommeng.’ Joale Moshe a re: ‘Ke tla etsa’ng haeba ba sa ’mamele?’ Jehova a mo fa bopaki ba hore o tla mo thusa. A re Moshe a lahlele molamu oa hae fatše. Eaba molamu oo o fetoha noha. Ha Moshe a tšoara noha eo ka mohatla, ea boela ea fetoha molamu. Jehova a re: ‘Pontšo ena e tla ba bopaki ba hore ke ’na ea u rommeng.’
Moshe a re: ‘Ha ke tsebe ho bua hantle.’ Eaba Jehova o re ho eena: ‘Ke tla u bolella seo u lokelang ho se bua ’me ke tla romela abuti oa hao Arone hore a tl’o u thusa.’ Moshe o ne a tseba hore Jehova o na le eena. Kahoo, a nka mosali oa hae le bara ba hae ’me ba khutlela Egepeta.
“Le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla re’ng kapa le tla bua joang. Le tla tseba ka nako eo hore na le re’ng.”—Matheu 10:19