Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 53
  • Tšepiso ea Jafeta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepiso ea Jafeta
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ile a Thabisa Ntate oa Hae le Jehova
    Ruta Bana ba Hao
  • O ne a Ratoa ke Molimo le Metsoalle ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Molimo o Amohela ba Tšepahalangl
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Tšepiso ea Jafeta
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 53

PALE EA 53

Tšepiso ea Jafeta

NA U kile ua etsa tšepiso eaba hamorao u utloa ho le thata ho e phetha? Monna ea setšoantšong sena o entse joalo, ke ka lebaka leo a utloileng bohloko hakana. Monna enoa ke moahloli ea sebete oa Iseraele ea bitsoang Jafeta.

Jafeta o phela nakong ea ha Baiseraele ba se ba sa rapele Jehova. Ba boetse ba etsa se sebe. Kahoo Jehova o lumella batho ba Ammone hore ba ba utloise bohloko. Sena se etsa hore Baiseraele ba llele ho Jehova ba re: ‘Re u sitetsoe. Re kōpa u re pholose!’

Batho ba soabetse lintho tse mpe tseo ba li entseng. Ba bontša hore ba soabile ka ho rapela Jehova hape. ’Me Jehova o boela a ba thusa.

Sechaba se khetha Jafeta hore a loantše Baammone ba babe. Jafeta o lakatsa ka matla hore Jehova a mo thuse ntoeng. Kahoo o tšepisa Jehova o re: ‘Ha u ka etsa hore ke hlōle Baammone, motho oa pele ea tsoang ho tla nkhahlanyetsa ha ke khutla ke hlōtse ke tla u neha eena.’

Jehova o mamela tšepiso ea Jafeta, ’me o mo thusa ho hlōla. Ha Jafeta a khutlela hae, na u tseba motho oa pele ea tsoang ho tla mo khahlanyetsa? Ke morali oa hae, ngoana ea mong feela oa hae. Jafeta oa lla: ‘Jo, morali oa ka! Ua tla ua nkutloisa bohloko! Empa ke tšepisitse Jehova, ’me nke ke ka koeneha.’

Ha morali oa Jafeta a utloa ka tšepiso eo ntat’ae a e entseng, le eena o utloa bohloko qalong. Tšepiso eo e bolela hore o tla lokela ho siea ntat’ae le metsoalle ea hae. Empa o tla qeta bophelo bohle ba hae a sebeletsa Jehova tabernakeleng ea hae e Shilo. Joale o re ho ntat’ae: ‘Ha u tšepisitse Jehova, u lokela ho phethisa.’

Kahoo morali oa Jafeta o ea Shilo, ’me o qeta bophelo bohle ba hae a sebeletsa Jehova tabernakeleng ea hae. Selemo le selemo, ka matsatsi a mane basali ba Iseraele baa mo etela moo, ’me ba thaba hammoho. Batho ba rata morali oa Jafeta hobane ke mohlanka ea molemo oa Jehova.

Baahloli 10:6-18; 11:1-40.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela