Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 70
  • Jonase le Tlhapi e Khōlō

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jonase le Tlhapi e Khōlō
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Ile a Mamella Jonase
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jonase o Ithuta ka Mohau oa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 70

PALE EA 70

Jonase le Tlhapi e Khōlō

BONA monna eo ea ka metsing. Na ha a tsietsing e khōlō? Tlhapi eo e tloha e mo koenya! Na u tseba monna eo? Lebitso la hae ke Jonase. A re bone hore na o kene joang tsietsing ena e khōlō.

Jonase ke moprofeta oa Jehova. Nakoana ka mor’a lefu la moprofeta Elisha Jehova o re ho Jonase: ‘E-ea motseng o moholo oa Ninive. Batho ba moo ba babe haholo, ’me ke batla u buisane le batho ba teng ka hona.’

Empa Jonase ha a batle ho ea moo. Joale o kena sekepeng se sa eeng Ninive. Jehova ha a thabele ha Jonase a baleha. Joale O tsosa moea o matla. O matla hoo sekepe se leng kotsing ea ho teba. Basesisi ba sona ba tšohile haholo, ’me ba kōpa thuso ho melimo ea bona.

Qetellong Jonase o re ho bona: ‘Ke rapela Jehova, Molimo ea entseng leholimo le lefatše. ’Me ke baleha seo Jehova a itseng ke se etse.’ Kahoo basesisi ba sekepe baa botsa: ‘Joale re etse’ng ka uena ho emisa moea?’

Jonase o re: ‘Ntiheleng ka leoatleng, joale leoatle le tla boela le khutse.’ Basesisi ba sekepe ha ba rate, empa ha moea o ba matla haholo ba lihela Jonase. Hona hoo feela moea oa emisa, ’me leoatle le boetse lea khutsa.

Ha Jonase a teba ka metsing, o koenngoa ke tlhapi e khōlō. Empa ha a shoe. Ka matsatsi a mararo le masiu a mararo o ka mpeng ea tlhapi eo. Jonase o soabetse hore ebe ha aa mamela Jehova ’me a ea Ninive. Na u tseba seo a se etsang joale?

Jonase o rapela hore Jehova a mo thuse. Joale Jehova o etsa hore tlhapi e hlatsetse Jonase moo ho omileng. Ka mor’a moo Jonase o ea Ninive. Na hoo ha ho re rute kamoo e leng habohlokoa kateng hore re etse sohle seo Jehova a se bolelang?

Buka ea Bibele ea Jonase.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela