Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 69
  • Ngoanana o Thusa Monna ea Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ngoanana o Thusa Monna ea Matla
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O ne a Batla ho Thusa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Naamane le Ngoanana oa Moiseraele
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • O ne a le Manganga Empa Qetellong o Ile a Mamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Meharo e Ile ea Etsa Hore Molimo a Furalle Gehazi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 69

PALE EA 69

Ngoanana o Thusa Monna ea Matla

NA UA tseba hore ngoananyana eo o re’ng? O ntse a bolella mosali enoa ka moprofeta oa Jehova, Elisha, le ka lintho tse ntle tseo Jehova a mo thusang ho li etsa. Mosali eo ha a tsebe Jehova hobane hase Moiseraele. A re bone hore na ke hobane’ng ha ngoanana eo a le ha mosali enoa.

Mosali eo ke Mosyria. Monna oa hae ke Naamane, molaoli oa lebotho la Syria. Basyria ba ne ba hapile ngoananyana enoa oa Moiseraele, ’me ba mo tliselitse mosali oa Naamane hore e be mosebeletsi oa hae.

Naamane o na le lefu le lebe le bitsoang lepera. Lefu lena le ka ba la tlosa motho linama. Joale ngoanana o re ho mosali oa Naamane: ‘Hoja mong’a ka a ka ea ho moprofeta oa Jehova Iseraeleng. A ka mo phekola lepera.’ Hamorao taba ena e bolelloa monna oa mosali eo.

Naamane o hlile o batla ho phekoloa; joale o ea Iseraeleng. Ha a fihla teng, o ea ha Elisha. Elisha o re mohlanka oa hae a bolelle Naamane hore a itlhatsoe Nōkeng ea Jordane ka makhetlo a supileng. Sena se halefisa Naamane, ’me o re: ‘Linōka tsa haeso li na le metsi a matle ho feta linōka tsa Iseraele!’ Ha a qeta ho bua joalo, Naamane oa itsamaela.

Empa mohlanka e mong oa hae o re ho eena: ‘Monghali, ha Elisha a ne a itse u etse ntho e thata, u ne u tla e etsa. Joale ho hana’ng hore u itlhatsoe joalokaha a boletse?’ Naamane o mamela mohlanka oa hae ’me o ikina hasupa ka Nōkeng ea Jordane. Ha a etsa joalo, nama ea hae ea tiea ebile ea fola!

Naamane o thabile haholo. O khutlela ho Elisha o re ho eena: ‘Joale kea tseba hore Molimo oa Iseraele ke eena feela Molimo oa ’nete lefatšeng lohle. Kahoo, ke kōpa u amohele mpho ena e tsoang ho ’na.’ Empa Elisha o re: ‘Che, nke ke ka e nka.’ Elisha oa tseba hore ke phoso ho inkela mpho eo, hobane ke Jehova ea folisitseng Naamane. Empa mohlanka oa Elisha, Gehazi, eena o ipatlela mpho eo.

Joale Gehazi o etsa tjena. Ka mor’a hore Naamane a tsamaee, Gehazi oa matha o mo sala morao. O re: ‘Elisha o nthomile o re o kōpela metsoalle ea hae e qetang ho fihla mpho eo.’ Hona ke leshano. Empa Naamane ha a tsebe hore hoo ke leshano; joale o fa Gehazi lintho tse ling.

Ha Gehazi a khutlela hae, Elisha o tseba seo a se entseng. Jehova o mo boleletse sona. Joale o re: ‘Hobane u entse bobe bona, lepera la Naamane le tla tla ho uena.’ La fela la mo tsoa hona hoo!

Re ka ithuta eng ho see sohle? Taba ea pele, hore re lokela ho tšoana le ngoananyana eo re bue ka Jehova. Ho ka etsoa molemo o mongata. Ea bobeli, re se ke ra ikhohomosa joaloka Naamane qalong, empa re mamele bahlanka ba Molimo. Ea boraro, re se ke ra bua leshano joaloka Gehazi. Na ha re ithute ho hongata ka ho bala Bibele?

2 Marena 5:1-27.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela