Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 6/1 maq. 30-31
  • O ne a le Manganga Empa Qetellong o Ile a Mamela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O ne a le Manganga Empa Qetellong o Ile a Mamela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Naamane le Ngoanana oa Moiseraele
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • O ne a Batla ho Thusa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ngoanana o Thusa Monna ea Matla
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Moroetsanyana ea Ileng a Bua ka Sebete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 6/1 maq. 30-31

Ruta Bana ba Hao

O ne a le Manganga Empa Qetellong o Ile a Mamela

NA U kile ua ba manganga ’me ua hana ho mamela?—a Mohlomong u ile ua shebella lenaneo la TV leo ’mè oa hao kapa ntate oa hao a itseng u se ke ua le shebella. E ka ’na eaba ka mor’a moo u ile ua nahanisisa ka taba eo eaba u ikutloa u soabile hore ebe ha ua ka ua mamela. Motho e mong eo qalong a ileng a hana ho mamela ke Naamane. A re ke re bone hore na ke’ng e ileng ea mo thusa hore a tlohele ho ba manganga.

Inahane u phela lilemong tse 3 000 tse fetileng. Naamane ke molaoli e moholo oa sesole sa Syria. O tloaetse ho laela masole a hae hore na a etse’ng, ’me aa mo mamela. Empa Naamane ke eo o tšoaroa ke lefu le tšabehang le jang letlalo, le bitsoang lepera. Le mo etsa hore a be mobe hape e ka ’na eaba le etsa hore a utloe bohloko.

Mosali oa Naamane o na le ngoananyana oa Moiseraele ea mo sebeletsang. Ka letsatsi le leng ngoananyana enoa o bolella mosali oa Naamane ka monna e mong oa hahabo koana, ea bitsoang Elisha. O mo bolella hore a ka folisa Naamane. Hang ha Naamane a utloa sena, o ea ho Elisha. O nka limpho tse ngata ’me o tsamaea le masole a hae ba ea Iseraele. O ea ho morena oa Iseraele ho ea mo tsebisa hore na o batla’ng.

Ha Elisha a utloa seo, o kōpa morena hore a romele Naamane ho eena. Ha Naamane a fihla ntlong ea Elisha, Elisha o roma mohlanka hore a ’molelle a il’o hlapa Nōkeng ea Jordane hasupa. O re ha Naamane a ka etsa joalo, o tla fola. U nahana hore Naamane o ikutloa joang ka see?—

Naamane oa halefa. O ba manganga ’me o hana ho mamela moprofeta oa Molimo. O re ho masole a hae: ‘Hae koana ho na le linōka tse ntle ho feta ena, tseo nka hlapang ho tsona.’ Eaba oa tsamaea. Empa na ua tseba hore na masole a hae a re’ng ho eena?— A re: ‘Haeba moprofeta a ne a u laetse hore u etse ntho e ’ngoe e khōlō, na u ne u ke ke ua e etsa? Joale ke hobane’ng ha u sa mamele ha a re u etse ntho e bonolo hakaale?’

Eaba Naamane o mamela masole a hae. O itahlela ka nōkeng ka makhetlo a tšeletseng. Naamane oa makala ha a tsoa ka metsing ka lekhetlo la bosupa—o bona lepera le letlalong la hae le se le nyametse! O folile! Hang-hang o khutlela ho Elisha, o tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 48, ho ea mo leboha. O batla ho fa Elisha limpho tse turang, empa moprofeta oa li hana.

Kahoo Naamane o kōpa Elisha ho hong. Na ua tseba hore na o kōpa’ng?— ‘E-re ke mpe ke fuoe lishoba tse peli tsa mobu oo ke tla ea le oona hae.’ Na ua tseba hore na ke hobane’ng a batla mobu oo?— Naamane o re o batla ho etsetsa Molimo limpho tsa sehlabelo mobung oo o tsoang naheng ea Iseraele, ea batho ba Molimo. Eaba Naamane o tšepisa hore a ke ke a hlola a rapela molimo e mong haese Jehova feela! Ha a sa le manganga empa o se a batla ho mamela Molimo oa ’nete.

Na ua bona hore u ka etsisa Naamane joang?— Haeba u le manganga joaloka Naamane, le uena u ka fetoha. U ka lumela hore u thusoe ’me u tlohele ho ba manganga.

Bibeleng ea hao bala

  • 2 Marena 5:1-19

  • Luka 4:27

a Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela