Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 80
  • Batho ba Molimo ba Tloha Babylona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Molimo ba Tloha Babylona
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Cyruse e Moholo
    Tsoha!—2013
  • Ba Tšepile Thuso ea Molimo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Mongolo Leboteng
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Jehova—“Molimo ea Lokileng le Mopholosi”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 80

PALE EA 80

Batho ba Molimo ba Tloha Babylona

HO SE ho fetile lilemo tse ka bang peli Bamede le Bapersia ba hapile Babylona. Joale bona se etsahalang! E, Baiseraele ba tloha Babylona. Ho tlile joang hore ba lokolohe? Ke mang ea ba lokolotseng?

Ke Cyruse morena oa Persia. Nako e telele pele Cyruse a tsoaloa, Jehova o ile a re moprofeta oa hae Esaia a ngole tjena ka eena: ‘U tla etsa thato ea ka. U tla fumana liheke li butsoe e le hore u hape motse.’ Cyruse o ile a fela a etella pele ho hapa Babylona. Bamede le Bapersia ba ile ba kena motseng e le bosiu ’me ba fumana liheke li siiloe li sa koaloa.

Empa moprofeta oa Jehova, Esaia, o ne a boetse a boletse hore Cyruse o tla ntša taelo ea hore Jerusalema le tempele ea eona li tsosolosoe. Na Cyruse o ile a laela seo? E, ka sebele o ile a etsa joalo. Cyruse o ile a re ho Baiseraele: ‘E-eang Jerusalema ’me le hahe tempele ea Jehova, Molimo oa lōna.’ Sena ke sona seo Baiseraele ba il’o se etsa.

Empa hase Baiseraele bohle ba Babylona ba ka nkang leeto leo le lelelele ho khutlela Jerusalema. Ke leeto le lelelele haholo la lik’hilomithara tse ka bang 800 ’me ba bangata ba bona ba se ba tsofetse kapa baa kula hore ba ka ea hōle joalo. Ebile ho na le mabaka a mang ao batho ba bang ba sa tsamaeeng ka ’ona. Empa Cyruse o re ho ba sa tsamaeeng: ‘Fang batho ba il’o haha Jerusalema le tempele ea eona silevera le khauta le limpho tse ling.’

Kahoo, Baiseraele ba khutlelang Jerusalema ba fuoa limpho tse ngata. Cyruse o ba fa le lijana tseo Morena Nebukadnezare a neng a li nkile tempeleng ea Jehova ha a timetsa Jerusalema. Batho ba khutla ba nkile lintho tse ngata.

Baiseraele ba fihla Jerusalema hantle ka nako, ka mor’a ho tsamaea likhoeli tse ka bang ’nè. Ho fetile lilemo tse 70 motse o timelitsoe, ’me ha o na batho ka ho feletseng. Empa le hoja Baiseraele ba se ba khutletse naheng ea habo bona, ba tla ba le mathata joalokaha re tla bona.

Esaia 44:28; 45:1-4; Esdrase 1:1-11.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela