Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 85
  • Jesu o Hlahela Setaleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Hlahela Setaleng
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Enoa ke Mora oa Ka”
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Jesu o Hlahetse Hokae Hona Neng?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Tsoalo ea Jesu—Hokae hona Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Mangeloi a Tsebahatsa Tsoalo ea Jesu
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 85

PALE EA 85

Jesu o Hlahela Setaleng

NA UA tseba hore na lesea leo ke mang? Ke Jesu. O qeta ho hlahela ka setaleng. Setaleng ke moo ho lulang liphoofolo. Maria o robatsa Jesu sejelong, e leng moo litonki le liphoofolo tse ling li jellang teng. Empa ke hobane’ng ha Josefa le Maria ba le moo le liphoofolo? Na see ke sebaka seo ngoana a lokelang ho hlahela ho sona?

Che. Empa ba moo ka lebaka lena: ’Musi oa Roma, e leng Cesare Augustase, o ntšitse molao o reng motho e mong le e mong a khutlele motseng oo a hlahetseng ho oona ho ea ngolisa lebitso la hae moo. Josefa o hlahetse mona Bethlehema. Empa ha a fihla moo le Maria, ba fumana ho se na sebaka seo ba ka robalang ho sona. Kahoo ba tlameha ho lula mona le liphoofolo. Hona letsatsing leo feela Maria o ba le Jesu! Empa, joalokaha u bona, o phela hantle.

Na u bona balisa bao ba tlang ho tla bona Jesu? Ba ne ba alositse linku tsa bona bosiu, eaba ba bona khanya e khōlō. E ne e le lengeloi! Balisa bao ba ile ba tšoha haholo. Empa lengeloi la re: ‘Le se ke la tšoha! Ke le tšoaretse litaba tse molemo. Kajeno, Kreste Morena o hlahile Bethlehema. O tla pholosa batho! Le tla mo fumana a phuthetsoe ka masela a robalitsoe sejelong.’ Hona hoo ha tla mangeloi a mangata ’me a qala ho rorisa Molimo. Joale balisa bao ba tloha hang-hang ho ea batla Jesu, ’me joale ba mo fumane.

Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Jesu e le motho oa bohlokoa hakaale? Na ua tseba hore na ha e le hantle ke mang? Hopola hore paleng e qalang ea buka ena re buile ka Mora oa pele oa Molimo. Mora enoa o ile a sebetsa le Jehova ho etsa maholimo le lefatše le lintho tse ling tsohle. Ke Jesu!

Jehova o ile a tlosa bophelo ba Mora oa hae leholimong a bo kenya ka ho Maria. Eaba ngoana o qala ho hōla ka ho eena joalokaha bana ba bang ba hōla ka ho bo-’mè ba bona. Empa ngoana enoa e ne e le Mora oa Molimo. Qetellong Jesu o ile a hlahela mona setaleng Bethlehema. Na joale ua bona hore na ke hobane’ng ha mangeloi a ne a thabetse ho bolella batho hore Jesu o hlahile?

Luka 2:1-20.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela