Molemo o Sebetsang oa ‘Litaba Tse Molemo’ Tikolohong ea Heno
Lefatšeng lena la kajeno hangata re utloa maikutlo a reng, “Melao-metheo ea Bokreste ha e hlile ha e sebetse. E ke ke ea sebetsa bathong ba kajeno ba nang le mekhoa e rarahaneng.” Leha ho le joalo, puisanong e tlalehiloeng pakeng tsa moeta-pele oa Mohindu Mahatma Gandhi le eo e kileng ea e-ba Moemeli oa Brithani India, Lord Irwin, ho ile ha boleloa maikutlo a fapaneng haholo. Lord Irwin o ile a botsa Gandhi hore na o nahana hore ho tla rarolla mathata pakeng tsa Great Britain le India ke hofe. Gandhi a nka Bibele ’me a e phetla khaolong ea bohlano ea Mattheu ’me a re: “Mohla naha ea heso le ea heno li ka kopanngoang hammoho ke lithuto tse fanoeng ke Kreste Thutong ena ea Thabeng, re tla be re sa rarolla mathata a linaha tsa rōna feela, empa le a lefatše lohle.”
Thuto eo e bua ka ho batla bomoea, ho ba bonolo, ho ba ea nang le khotso, ho ba mohau, ho ba morati oa ho loka. Ha e nyatse ho bolaea feela empa e boetse e nyatsa ho halefela ba bang; e seng bofebe feela empa le menahano e feteletseng ea boitšoaro bo bobe. E hanyetsana le liketso tse hlokang boikarabelo tsa tlhalo tse arohanyang malapa ’me li tlatlapa bana. E re bolella hore: ‘Rata le ba u hloileng, fa ba hlokang, u se ke ua ahlola ba bang ka ho hloka mohau, tšoara ba bang ka tsela eo u neng u tla rata ho tšoaroa ka eona.’ Likeletso tsena kaofela, haeba li sebelisoa, li ne li tla ruisa melemo e meholo. Ha batho ba eketsehileng tikolohong ea heno ba li sebelisa, tikoloho ea heno e ba e molemo!
Lipaki tsa Jehova li na le tšusumetso ntlheng ena. Bibele e li ruta ho hlompha lenyalo. Bana ba tsona ba rutoa ka melao-metheo e nepahetseng. Bohlokoa ba lelapa boa hatisoa. Malapa a kopaneng ke tlhohonolofatso motseng oa heno, le sechabeng sa heno. Histori e tletse ka mehlala ea mebuso ea lefatše e oang ha litlamo tsa malapa li fokola ’me boitšoaro bo bobe bo eketseha. Ha Lipaki tsa Jehova li susumetsa batho ka bomong ba eketsehileng ka bomong le malapa ho phela ka melao-metheo ea Bibele, tikolohong ea heno ho fokotseha botlokotsebe le boitšoaro bo bobe hammoho le pefo!
Bo bong ba mathata a maholo a hlasetseng metse le lichaba ke leeme la morabe. Ha ho bapisoa, moapostola Petrose o itse: “Ke lemoha ka ’nete hore Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” ’Me Pauluse o ngotse: “Ha ho sa le mo-Jode, leha e le mo-Gerike; ha ho sa le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; ha ho sa le monna, leha e le mosali; hobane kaofela ha lōna le ntho e le ’ngoe ho Jesu Kreste.” (Liketso 10:34, 35; Ba-Galata 3:28) Lipaki tsa Jehova li amohela sena. Merabe eohle e phela le ho sebetsa hammoho ntlo-khōlō ea tsona ea lefatše, makaleng, le liphuthehong.
Afrika merabe e meng e itseng e ke ke ea kopana hammoho ntle ho likhohlano. Leha ho le joalo, likopanong tsa Lipaki tsa Jehova, mono batho ba tsoang merabeng e mengata e sa tšoaneng ba ja le ho robala le ho rapela hammoho ka kutloano e phethahetseng le botsoalle bo mofuthu. Ba boholong baa hlolloa ha ba bona sena. Ho ile ha hlalosoa ka phello ea mohlala o kopanyang oa Bokreste ba ’nete ho Amsterdam News ea New York ea la 2 Phato, 1958. Tlhaloso eo e ne e susumelitsoe ke ho bona kopano ea machaba ea Lipaki e boletsoeng pejana—eane e neng e le motseng oa New York moo ho neng ho bokane ba fetang kotara ea millione.
“Hohle ba batšo, ba basoeu le ba Bochabela, ba tsoang mefuteng eohle ea bophelo le likarolong tsohle tsa lefatše, ba kopana ka thabo le ka bolokolohi. . . . Lipaki tse rapelang tse tsoang linaheng tse 120 li phetse le ho rapela hammoho ka khotso, ho bontša Maamerika kamoo ho leng bonolo ka teng ho ho etsa. . . . Kopano eo ke mohlala o khanyang oa kamoo batho ba ka sebetsang le ho phela hammoho.”
Ba bangata ba ka ’na ba re melao-metheo ea Bokreste ha e sebetse bakeng sa lefatše lena la kajeno. Leha ho le joalo, ke eng hape e sebelitseng, kapa e tla sebetsa? Melao-metheo ea Bokreste e ka ba ea molemo oa sebele haeba e sebelisoa motseng oa heno hona joale, ’me e tla ba motheo bakeng sa ho kopanya ‘lichaba tsohle, merabe eohle le mefuta eohle’ lefatšeng ka bophara tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo holim’a batho.—Tšenolo 7:9, 10.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
Merabe eohle le mebala eohle e sebetsa hammoho
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
Bokreste boa sebetsa. Ke eng hape e sebelitseng?