Molemo o Sebetsang oa Litaba Tse Molemo Tikolohong ea Heno
LEFATŠENG lena la kajeno re atisa ho utloa maikutlo a reng: “Melao-motheo ea Bokreste ha e sebetse. E ke ke ea sebetsa sechabeng sa kajeno se phelang bophelo bo rarahaneng.” Leha ho le joalo, puisanong eo ho tlalehoang hore e ne e le pakeng tsa moeta-pele oa Mohindu Mohandas K. Gandhi le eo e kileng ea e-ba Moemeli oa Brithani India, Lord Irwin, ho ile ha hlahisoa maikutlo a fapaneng haholo. Ho tlalehoa hore Lord Irwin o ile a botsa Gandhi hore na o nahana hore ke eng e ka rarollang mathata a pakeng tsa Great Britain le India. Gandhi o ile a nka Bibele ’me a phetla Matheu khaolo ea bohlano eaba o re: “Mohla naha ea heso le ea heno li kopanngoang hammoho ke lithuto tse fanoeng ke Kreste Thutong ena ea Thabeng, re tla be re sa rarolla mathata a linaha tsa habo rōna feela, empa le a lefatše lohle.”
Thuto eo e bua ka ho phehella bomoea le ho ba le maikutlo a bonolo, khotso, mohau le ho rata ho loka. Ha e nyatse ho bolaea feela empa e nyatsa le ho halefela ba bang; ha e nyatse bofebe feela empa e nyatsa esita le menahano e tletseng litakatso tsa boitšoaro bo bobe. E hanyetsa liketso tse se nang boikarabelo tsa tlhalo tse qhalang malapa le tse tlatlapang bana. Ea re bolella: ‘Ratang esita le ba sa le rateng, fang bahloki, khaotsang ho ahlola ba bang ka ho hloka mohau, tšoarang ba bang ka tsela eo le ratang ho tšoaroa ka eona.’ Likeletso tsena kaofela, haeba li sebelisoa, li ne li tla tlisa melemo e hlollang. Ha batho ba eketsehileng tikolohong ea heno ba li sebelisa, tikoloho ea heno e ba e ntlafetseng!
Lipaki tsa Jehova li na le tšusumetso ntlheng ena. Bibele e li ruta hore li hlomphe lenyalo. Bana ba tsona ba rutoa melao-motheo e nepahetseng. Ho hatelloa bohlokoa ba lelapa. Malapa a kopaneng ke tlhohonolofatso tikolohong ea heno, esita le sechabeng sa heno. Histori e tletse mehlala ea mebuso e meholo ea lefatše e ileng ea oa ha litlamo tsa lelapa li fokola ’me boitšoaro bo bobe bo eketseha. Ha Lipaki tsa Jehova li ntse li susumetsa batho ka bomong le malapa hore ba phele ka litekanyetso tsa Bokreste, ke moo botlokotsebe, boitšoaro bo bobe le tlōlo ea molao li tla fokotseha tikolohong ea heno.
Qaka e ’ngoe e khōlō e hlaselang litikoloho le lichaba ke lehloeo la morabe. Ka ho fapaneng, moapostola Petrose o ile a re: “Kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” ’Me Pauluse o ile a ngola: “Ha ho Mojuda kapa Mogerike, le lekhoba kapa motho ea lokolohileng, ha ho e motona kapa e motšehali; etsoe kaofela le motho a le mong bonngoeng le Kreste Jesu.” (Liketso 10:34, 35; Bagalata 3:28) Lipaki tsa Jehova li amohela sena. Batho ba merabe eohle le ba mebala eohle ba phela hammoho ba bile ba sebetsa hammoho ntlo-khōlō ea tsona ea lefatše, makaleng le liphuthehong tsa tsona.
Merabe e meng Afrika e sitoa ho kopana hammoho e sa hohlane. Leha ho le joalo, likopanong tsa Lipaki tsa Jehova tse bang teng moo, batho ba tsoang merabeng e mengata e sa tšoaneng ba ja hammoho, ba robale le ho rapela hammoho ka kutloano e feletseng le botsoalle bo mofuthu. Ba boholong ’musong baa hlolloa ha ba bona sena. Amsterdam News ea New York ea la 2 August, 1958, e ile ea hlalosa mohlala oa phello e kopanyang ea Bokreste ba ’nete. Tlhaloso eo e ile ea susumetsoa ke ho shebella kopano ea machaba eo ho buuoeng ka eona pejana eo Lipaki tse fetang kotara ea milione li neng li kopane ho eona New York City.
“Libakeng tsohle batho ba batšo, ba basoeu le ba tsoang Bochabela, ba tsoang mekhoeng eohle ea bophelo le likarolong tsohle tsa lefatše, ba ne ba kopane ka thabo le ka bolokolohi. . . . Barapeli ba Lipaki ba tsoang linaheng tse 120 ba ’nile ba phela le ho rapela ’moho ka khotso, ba bontša Maamerika kamoo sena se ka etsoang habonolo kateng. . . . Kopano eo ke mohlala o hlollang oa kamoo batho ba ka sebetsang le ho phela hammoho kateng.”
Ba bangata ba ka ’na ba bolela hore melao-motheo ea Bokreste ha e sebetse lefatšeng lena la kajeno. Leha ho le joalo, ke eng e ’ngoe e kileng ea sebetsa kapa e tla ke e sebetse? Melao-motheo ea Bokreste e ka ba le molemo oa sebele haeba e sebelisoa tikolohong ea heno hona joale, ’me e tla ba motheo oa ho kopanya ‘lichaba tsohle, meloko eohle le batho bohle’ lefatšeng ka bophara tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo o tla be o busa moloko oa batho.—Tšenolo 7:9, 10.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
Batho ba merabe eohle le ba mebala eohle ba sebetsa ’moho
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
Bokreste boa sebetsa. Ke eng e ’ngoe e kileng ea sebetsa?