Litsela Tseo li li Sebelisang ho Bolela Litaba Tse Molemo
BAKRESTE ba filoe taelo ea hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa,” empa sena ha se bolele hore ba lokela ho sebelisa khatello kapa ho sokolla ba bang ka khang. Jesu o ne a rometsoe hore a “bolelle ba bonolo litaba tse molemo,” a “tlamise ba robehileng lipelo” le “ho tšelisa bohle ba siameng.” (Matheu 28:19; Esaia 61:1, 2; Luka 4:18, 19) Lipaki tsa Jehova li leka ho etsa sena ka ho phatlalatsa litaba tse molemo tse tsoang Bibeleng. Joaloka moprofeta Ezekiele oa boholo-holo, Lipaki tsa Jehova kajeno li leka ho fumana batho “ba feheloang le ba bobolang ka lebaka la lintho tsohle tse manyala tse ntseng li etsoa.”—Ezekiele 9:4.
Tsela e tsebahalang haholo eo li e sebelisang bakeng sa ho fumana batho ba nyahamisitsoeng ke maemo a hona joale ke ea ho ea ka ntlo le ntlo. Ka tsela eo li etsa boiteko bo tiileng ba ho finyella batho ba bangata, feela joalokaha Jesu a ne a etsa ha a ne a “tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a bolela ’me a phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” Barutuoa ba hae ba pele ba ile ba etsa ka tsela e tšoanang. (Luka 8:1; 9:1-6; 10:1-9) Kajeno, ha ho khoneha, Lipaki tsa Jehova li leka ho etela lelapa le leng le le leng makhetlo a ’maloa ka selemo, li batla ho buisana le mong’a ntlo ka metsotso e seng mekae ka taba e itseng e thahasellisang kapa eo ho amehiloeng ka eona sebakeng seo kapa lefatšeng. Ho ka ’na ha tšohloa temana e le ’ngoe kapa tse peli, ’me haeba mong’a ntlo a bontša thahasello, Paki e ka ’na ea lokisetsa hore e khutle ka nako e loketseng bakeng sa ho ntšetsa pele puisano. Ho nehelanoa ka Libibele le lingoliloeng tse e hlalosang, ’me haeba mong’a ntlo a thabela, o khanneloa thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Kamehla batho ka bomong le malapa ba khanneloa lithuto tsena tsa Bibele tse limilione tse thusang lefatšeng lohle.
Tsela e ’ngoe eo “litaba tse molemo tsa ’muso” li bolelloang ba bang ka eona ke ka liboka tse tšoareloang Liholong tsa ’Muso tsa sebaka ka seng. Lipaki li tšoarela liboka ho tsona beke le beke. Seboka se seng ke sa puo ea phatlalatsa e tšohlang taba e thahaselloang e nakong, ’me se lateloa ke ho ithuta sehlooho se itseng sa Bibele kapa boprofeta, ho sebelisoa makasine ea Molula-Qhooa e le mohloli oa boitsebiso. Seboka se seng ke sekolo se koetlisang Lipaki hore e be baboleli ba molemo ba litaba tse molemo, ’me se lateloa ke karolo e tšohlang mosebetsi oa bopaki o etsoang tšimong ea sebaka seo. Hape, hang ka beke Lipaki li bokana malapeng a itseng, ka lihlotšoana, bakeng sa lithuto tsa Bibele.
Liboka tsena kaofela li bulehetse batho bohle. Ha ho mohla ho batloang koleke. Liboka tse joalo li molemo ho batho bohle. Bibele e re: “Re lokela ho bona kamoo e mong le e mong oa rōna a ka susumelletsang ba bang hamolemohali kateng leratong le ho etseng botle, re se ke ra suthela hōle le liboka tsa rōna, joalokaha ba bang ba etsa, empa ho e-na le hoo re khothatsane, haholo-holo kaha le bona Letsatsi le ntse le atamela.” Ho etsa thuto ea botho le lipatlisiso ke habohlokoa, empa ho kopana le ba bang ke ho hlasimollang: “Joalokaha tšepe e leotsa tšepe, kahoo motho e mong o leotsa bohlale ba e mong.”—Baheberu 10:24, 25; Liproverbia 27:17, The New English Bible.
Lipaki li boetse li sebelisa hamolemo menyetla ea ho buisana le batho ba bang ka litaba tse molemo ha li kopana le bona bophelong ba letsatsi le letsatsi. E ka ’na ea e-ba ho qoqa hakhutšoanyane le moahisani kapa motho e mong eo motho a tsamaeang le eena ka bese kapa ka sefofane, kapa ea e-ba puisano e teletsana le motsoalle kapa seng, kapa ho buisana le mosebetsi-’moho nakong ea lijo tsa motšehare. Karolo e khōlō ea ho paka hoo Jesu a neng a ho etsa ha a sa le lefatšeng e ne e le ha mofuta ona—ha a ntse a tsamaea lebōpong la leoatle, a lutse letsoapong, a e-ja ha motho ea itseng, a ile lechatong, kapa a tsamaea ka seketsoana sa ho tšoasa litlhapi Leoatleng la Galilea. O ne a ruta masynagogeng le tempeleng Jerusalema. Hohle moo a neng a le teng, o ne a fumana menyetla ea ho bua ka ’Muso oa Molimo. Lipaki tsa Jehova li leka ho tsamaea mehlaleng ea hae le ntlheng ena.—1 Petrose 2:21.
HO BOLELA KA MOHLALA
Ha ho le e ’ngoe ea litsela tsena tsa ho u bolella litaba tse molemo e neng e tla utloahala ho uena haeba ea u bolellang a ne a sa sebelise seo a se rutang. Ho bua ntho e itseng le ho etsa e ’ngoe e fapaneng ke boikaketsi, ’me boikaketsi ba bolumeli bo entse hore ba limilione ba furalle Bibele. Bibele e behoa molato ka phoso. Bangoli le Bafarisi ba ne ba e-na le Mangolo a Seheberu, empa Jesu o ile a ba nyatsa ka hore ke baikaketsi. O ile a bolela hore ba bala Molao oa Moshe, a ntoo phaella ho barutuoa ba hae: “Lintho tsohle tseo ba le bolellang tsona, le li etse ’me le li boloke, empa le se ke la etsa ho ea ka liketso tsa bona, kaha baa bua empa ha ba etse.” (Matheu 23:3) Hore Mokreste e be mohlala ka ho phela ka tsela e lokileng ho bua ho feta ho qeta lihora-hora a ntse a bolela. Sena se ile sa totobatsoa ho basali ba Bakreste ba neng ba e-na le banna ba sa lumelang: “Ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng.”—1 Petrose 3:1, 2.
Kahoo, Lipaki tsa Jehova li leka ho buella litaba tse molemo ho ba bang le ka tsela ena: ka hore e be mehlala boitšoarong ba Bokreste boo li bo buellang ho ba bang. Li leka ‘ho etsa ba bang lintho tseo li batlang hore ba li etse ho tsona.’ (Matheu 7:12) Li leka ho ba tjena ho batho bohle, eseng feela ho Lipaki-’moho le tsona, metsoalle, baahisani, kapa beng ka tsona. Kaha ha lia phethahala, hase kamehla li atlehang ka ho feletseng. Empa takatso ea lipelo tsa tsona ke ho etsa batho bohle hantle, eseng feela ka ho ba bolella litaba tse molemo tsa ’Muso, empa hape le ka ho ba thusa neng le neng ha ho khoneha.—Jakobo 2:14-17.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Hawaii
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Venezuela
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Yugoslavia
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Liholo tsa ’Muso, tse hahiloeng ka tsela e loketseng morero oa tsona, ke libaka tsa ho buisana ka Bibele
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Bophelong ba tsona ba lelapa le ha li sebelisana le ba bang, Lipaki li leka ka tieo ho etsa lintho tseo li li buellang