Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 405-leq. 408
  • Thapelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thapelo
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Haeba e Mong a Re—
  • Ka Lithapelo Tseo Molimo a li Utloang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ka Thapelo
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 405-leq. 408

Thapelo

Tlhaloso: Puo ea borapeli, e-bang ke ka lentsoe le phahameng kapa ka mokhoa o khutsitseng ka mehopolong ea motho, e eang ho Molimo oa ’nete kapa ho melimo ea bohata.

Na u ikutloa joaloka ba bangata hore lithapelo tsa hao ha li arabeloe?

Molimo o ithaopela ho utloa lithapelo tsa bo-mang?

Pes. 65:2; Lik. 10:34, 35: “Uena ea utloang merapelo, batho bohle ba tla tla ho uena.” “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” (Bochaba ba motho, lebala la letlalo la hae, kapa maemo a motho moruong ha li re letho tabeng ena. Empa ho buang ke litšusumetso tsa pelo ea motho le tsela eo motho a phelang ka eona.)

Luka 11:2: “Ha le rapela, le n’o re: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe.” (Na lithapelo tsa hao li lebisoa ho Ntate, eo lebitso la hae Bibele e reng ke Jehova? Kapa, ho e-na le hoo, u lebisa lithapelo tsa hao ho “bahalaleli”?)

Joh. 14:6, 14: “Jesu a re ho eena: Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na. . . . Ha le kōpa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa.” (Na u rapela ka lebitso la Jesu Kreste, u hlokomela hore joaloka motho oa moetsalibe u hloka hore a u rapelle?)

1 Joh. 5:14: “Tšepo e tiileng eo re nang le eona ho eena, ke hobane, ha re kōpa ntho ka ho rata ha hae, oa re utloa.” (Leha ho le joalo, ho ba le tšepo e joalo, u tlameha ho tseba thato ea Molimo pele. Joale u tiise hore likōpo tsa hao li tumellanong le eona.)

1 Pet. 3:12: “Mahlo a Morena [Jehova] a talima ba lokileng, ’me litsebe tsa hae li mamela thapelo ea bona; empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe.” (Na u kile ua ipha nako ea ho ithuta hore na Jehova o re’ng ka Lentsoe la hae ka hore na se lokileng le se sebe ke sefe?)

1 Joh. 3:22: “’Me seo re se kōpang, leha e le sefe le sefe, re se neoa ke oona; hobane re boloka litaelo tsa oona, ’me re etsa tse leng ntle pel’a oona.” (Na ka ’nete u lakatsa hore u be ea khahlisang Molimo, hona na u leka ka tieo ho utloa litaelo tsa oona tseo u seng u li tseba?)

Esa. 55:6, 7: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi. Molotsana a furalle tsela ea hae, ea khopo a tlohele mehopolo ea hae, a sokolohele ho Jehova, ’me o tla mo hauhela; a sokolohele ho Molimo oa rōna, hobane o tšoarela haholo.” (Ka mohau, Jehova o mema le batho ba entseng lintho tse mpe hore ba mo rapele. Empa, hore Molimo o ba amohele, ba tlameha ho baka ka tieo litseleng tsa bona le mehopolong ea bona tse fosahetseng ’me ba fetole tsela ea bona.)

Ke eng e ka etsang hore lithapelo tsa motho li se ke tsa amoheleha ho Molimo?

Matt. 6:5: “Leha le rapela, le se ke la ba joale ka baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme masynagogeng le likoung tsa literata, hore ba bonoe ke batho. Ka ’nete kea le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso oa bona.” (Le Luka 18:9-14)

Matt. 6:7: “Ha le rapela, le se ke la touta [“pheta-pheta ntho e le ’ngoe hangata,” NW] joale ka bahedene; hobane ba hlōma ba tla utluoa ke ho bua haholo.”

Liprov. 28:9: “Ea fapanyang tsebe le molao [oa Molimo] hore a se ke a o utloa, esita le thapelo ea hae e manyala.”

Mik. 3:4: “Mohlang oo, ba tla hoeletsa ho Jehova, empa a ke ke a ba utloa; o tla ba patela sefahleho sa hae nakong eo, kahobane ba sentse metsamao ea bona.”

Jak. 4:3: “Lea kōpa, ’me ha le fuoe, kahobane le kōpa hampe, ho nkela litakatso tsa lōna.”

Esa. 42:8; Matt. 4:10: “Ke ’na Jehova [“Yahweh,” JB], ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong khanya ea ka, nke ke ka nea litšoantšo thoko e ntšoanelang.” “Khumamela Morena, Molimo [“Jehova Molimo,” NW] oa hao, ’me u sebeletse eena feela.” (Le Pesaleme ea 115:4-8, kapa 113:4-8 lipalong tsa bobeli ho Dy) (Thapelo ke mokhoa oa borapeli. Ha u rapela ka pel’a lintho tse betliloeng, kapa litšoantšo, na hoo ho tla khahlisa Molimo?)

Esa. 8:19: “Ha ba ka re ho lōna: Botsisisang ba nyollang bafu, le linohe tse toutang, tse oeoetsang, le mpe le re: Hleka sechaba ha se na ho botsa Molimo oa sona na? Hleka ho ka botsoa bafu taba tsa ba utloang na?”

Jak. 1:6, 7: “A kōpe ka tumelo, a se ke a lika-lika; hobane motho ea lika-likang o joale ka leqhubu la leoatle le tsukutloang, le akheloang hohle ke moea. Ea joalo a se ke a tšepa hobane a ka neoa letho ke Morena [Jehova].”

Litaba tse loketseng tse ka rapelloang ke life?

Matt. 6:9-13: “Joale lōna, rapelang joalo, le re: [1] Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; [2] ho tle ’muso oa hao; [3] thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong; [4] u re fe kajeno bohobe ba rōna ba tsatsi le leng le le leng; [5] u re tšoarele melato ea rōna, joale ka ha re tšoarela ba nang le melato ho rōna; [6] u se ke ua re isa molekong, u mpe u re loele ho e mobe.” (Hlokomela hore lebitso la Molimo le morero li lokela ho tla pele.)

Pes. 25:4, 5: “Jehova, mpontše litsela tsa hao, u nthute mekhoa ea hao. U ntsamaise ’neteng ea hao, u nthute, hobane ke uena Molimo oa poloko ea ka.”

Luka 11:13: “Ha esita lōna ba lonya, le tseba ho nea bana ba lōna lintho tse molemo, Ntat’a lōna ea leholimong o tla fetisa hakakang ka ho nea Moea o Halalelang ho ba o kōpang ho eena!”

1 Ba-Thess. 5:17, 18: “Se phetseng ho rapela. Lebohang nthong tsohle.”

Matt. 14:19, 20: “[Jesu] a nka mahobe a mahlano le lihlapi tse peli, a lelala holimo, a boka; a ntoo ngoatha mahobe, a a nea barutuoa ba hae, ’me barutuoa ba a abela bongata. ’Me ba e-ja bohle, ba khora.”

Jak. 5:16: “Le rapellane.”

Matt. 26:41: “Falimehang, le rapele, hore le se kene molekong.”

Ba-Fil. 4:6: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho.”

Haeba e Mong a Re—

‘Rapela le ’na pele, ebe joale u mpolella molaetsa oa hao’

U ka ’na ua arabela: ‘Ke thabela ho tseba hore u motho ea ananelang bohlokoa ba thapelo. Lipaki tsa Jehova le tsona li rapela kamehla. Empa ho na le ho hong hoo Jesu a ho buileng ka hore na ho ka rapeloa neng hona joang hoo mohlomong ho leng hocha ho uena. Na u ne u tseba hore o boleletse barutuoa ba hae hore ba se ke ba rapela pontšeng ka maikutlo a hore ba bang ba ba bone hore ke batho ba inehetseng le ba rapelang? . . . (Matt. 6:5)’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Hlokomela seo a ileng a tsoela pele hore re lokela ho ameha haholo ka sona le hore na re ka etelletsa eng pele lithapelong tsa rōna. Ke sona seo ke tlileng ho tla se kopanela le uena. (Matt. 6:9, 10)’

Kapa u ka re: ‘Kea tseba hore baemeli ba lihlopha tse ling tsa bolumeli baa ho etsa. Empa Lipaki tsa Jehova ha li ho etse, hobane Jesu o laetse barutuoa ba hae hore ba etse mosebetsi oa bona oa ho bolela ka mokhoa o mong. Ho e-na le ho re, “Ha le kena ka tlung, le qale ka ho rapela,” hlokomela seo a se boletseng, joalokaha se fumanoa mona ho Mattheu 10:12, 13. . . . ’Me mona temaneng ea 7 bona hore na ba ne ba lokela ho bua ka’ng . . . ’Muso oo o ka thusa batho ba tšoanang le ’na le uena joang? (Tšen. 21:4)’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela