Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 34-leq. 38
  • Bahalaleli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bahalaleli
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Haeba e Mong a Re—
  • Bahalaleli ba ’Nete ba ka U Thusa Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na re Lokela ho Rapela Bahalaleli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Na ho na le Tumellano Pakeng Tsa “Tempele ea Molimo” le Litšoantšo Tse Rapeloang Greece?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Na ke Lokela ho Rapela Bahalaleli?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 34-leq. 38

Bahalaleli

Tlhaloso: Ho latela thuto ea kereke ea Roma e K’hatholike, bahalaleli ke batho ba shoeleng ’me hona joale ba e-na le Kreste leholimong le ba eloang hloko ke Kereke ka lebaka la khalalelo le bohloeki tse fetisisang. Polelo ea Trent ea tumelo e bolela hore bahalaleli ba lokeloa ho rapeloa e le ba rapellang ho Molimo le hore liemahale tsa bahalaleli le litšoantšo tsa bahalaleli li tlameha ho hlomphuoa. Malumeli a mang le oona a kōpa thuso ea bahalaleli. Malumeli a itseng a ruta hore litho tsohle tsa oona ke bahalaleli ’me ha ba na sebe. Bibele e bua hangata ka bahalaleli. E bua ka balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste ba 144 000 e le bahalaleli.

Na Bibele e ruta hore motho o tlameha a be a finyelletse khanyeng ea leholimo pele a ka eloa hloko hore ke mohalaleli?

Ka ho tiileng Bibele e fela e bua ka bahalaleli ba leholimong. Jehova o boleloa e le “ea halalelang [haʹgi·on, ka Segerike].” (1 Pet. 1:15, 16; bona Levitike 11:45.) Jesu Kreste o hlalosoa e le “Mohalaleli [haʹgi·os] oa Molimo” ha a le lefatšeng le “mohalaleli [haʹgi·os]” leholimong. (Mar. 1:24; Tšen. 3:7) Mangeloi le oona aa “halalela.” (Lik. 10:22) Lona lentsoe leo la sehlooho Segerikeng sa pele le sebelisoa haholo bakeng sa batho ba ’maloa ba lefatšeng.

Lik. 9:32, 36-41: “Petrose ha a ntse a etela barutuoa kaofela, a tla le ho bahalaleli [ha·giʹous] ba ahileng Lydda. Motseng oa Joppo, mosali o na a le teng, e leng morutuoa, ea bitsoang Tabitha [ea ileng a shoa], . . . [Petrose] a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Eaba eo o tutubolla mahlo, ’me ha a bona Petrose, a lula. Petrose a mo tšoara ka letsoho, a mo emisa, ’me eitse hobane a bitse bahalaleli le bahlolohali, a ba nea eena a boetse a phela.” (Ka ho hlakileng, bahalaleli bana ba ne ba e-so ho be leholimong, leha e le hore e ne e le motho ea hlahelletseng feela ea kang Petrose ea neng a talingoa e le mohalaleli.)

2 Ba-Kor. 1:1; 13:12: “Ke le Pauluse, moapostola oa Jesu Kreste ka thato ea Molimo, ke e-na le Timothea, ngoan’eso, ke ngolla kereke ea Molimo e Korinthe, le bahalaleli [ha·giʹois] bohle ba naheng eohle ea Akaia.” “Lumelisanang ka kako e halalelang. Bahalaleli bohle ba le lumelisa.” (Bakreste bana bohle ba pele ba neng ba hloekisitsoe ka mali a Kreste ’me ba khethetsoe tšebeletso ea Molimo e le ba lebelletsoeng ho ba majalefa hammoho le Kreste ba ne ba bitsoa bahalaleli. Ho hlakile hore ha baa ka ba hlokomeloa e le bahalaleli kamorao ho lefu la bona.)

Na ho lumellana le Mangolo ho rapela “bahalaleli” hore ba sebeletse e le ba rapellang ho Molimo?

Jesu Kreste o itse: “Joale lōna, rapelang joalo, le re: Ntat’a rōna ea maholimong, . . . ” Ka hona lithapelo li lokela ho tobisoa ho Ntate. Jesu o boetse a re: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na. Ekare ha le kōpa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa.” (Matt. 6:9; Joh. 14:6, 14) Ka hona Jesu o ne a latola maikutlo a hore ho na le e mong osele ea ka koalang sebaka sa ho rapella. Moapostola Pauluse o ile a eketsa ka Kreste: “Ke eena ea shoeleng, a bileng a tsoha, hape ke eena ea leng ka letsohong le letona la Molimo, hape-hape e sa le eena ea re rapellang.” “Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Molimo ka eena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.” (Ba-Roma 8:34; Ba-Heb. 7:25) Haeba kannete re batla hore Molimo o utloe lithapelo tsa rōna, na e ne e ke ke ea e-ba bohlale ho atamela Molimo ka tsela e laeloang ke Lentsoe la oona? (Bona le maqephe 278, 279, tlas’a sehlooho “Maria.”)

Ba-Ef. 6:18, 19: “Le rapelle bahalaleli bohle. Le ’na le nthapelle, hore ke neoe ho bua phatlalatsa, ke tle ke tsebise batho sephiri sa Evangeli.” (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.) (Mona ho khothalletsoa ho rapella bahalaleli, e seng ho ba rapela kapa ho rapela ka bona. New Catholic Encyclopedia, 1967, Moq. XI, leq. 670, e-ea lumela: “Hangata ka ho T[estamente e] N[cha], lithapelo tsohle, tsa lekunutung hammoho le thapelo ea litšebeletso tsa pontšeng li lebisoa ho Molimo Ntate ka Kreste.”)

Ba-Roma 15:30: “Banab’eso, kea le rapela, ka baka la Morena oa rōna Jesu Kreste, le ka lerato la Moea, hore le lōna le tle le ntoanele merapelong eo le nketsetsang eona ho Molimo.” (Moapostola Pauluse, e le mohalaleli ka boeena, o ile a kōpa Bakreste bahabo bao le bona e neng e le bahalaleli hore ba mo rapelle. Empa hlokomela hore Pauluse ha a ka a lebisa lithapelo tsa hae ho bahalaleli bao bahabo, leha e le hore lithapelo tsa bona molemong oa hae li ile tsa nka sebaka sa katamelano e haufi ea botho eo Pauluse ka boeena a neng a e thabela le Ntate ka thapelo. Bapisa Ba-Efese 3:11, 12, 14.)

Mokhoa oa ho hlompha ka borapeli liemahale le litšoantšo tsa “bahalaleli” o lokeloa ho talingoa joang?

New Catholic Encyclopedia e-ea lumela: “Ka hona ke lefeela ho batla ho lokafatsa mokhoa oa liemahale ka Testamenteng ea Khale; leha e le hore liemahale li eloa hloko hakaalo ka Testamenteng e Ncha. . . . [“Ntate” oa Kereke] Origen ho bonahala a ne a nka mokhoa ona e le pontšo ea bohetene ea hlompho bakeng sa ntho e bonahalang.”—(1967), Moq. XII, maq. 234, 235.

Hoa hlokomeleha hore Molimo o patile Moshe, ’me ha ho motho ea kileng a fumana lebitla la hae. (Deut. 34:5, 6) Empa Juda 9 e re tsebisa hore lengeloi le leholo Mikaele le ile la tseka setopo sa Moshe le Diabolose. Hobane’ng? Morero oa Molimo oa ho se hleka ka mokhoa o joalo hore batho ba se ke ba tseba ho se fumana o boletsoe ka ho hlaka. Na Sera se ne se batla ho lebisa tlhokomelo ea batho setopong seo e le hore se ka beoa pontšeng ’me sa fetoha ntho e rapeloang?

Mabapi le ho hlompha ka borapeli litšoantšo tsa “bahalaleli,” bona sehlooho se seholo “Litšoantšo.”

Ke hobane’ng ha “bahalaleli” ba K’hatholike ba tšoantšetsoa ba e-na le selika-likoe se nang le khanya?

New Catholic Encyclopedia e-ea lumela: “Tšobotsi e tloaelehileng ka ho fetisisa, e sebelisetsoang bahalaleli bohle, ke nimbus (leru), selika-likoe sa khanya se entsoeng ho pota-pota hlooho ea mohalaleli. Se simolohile pele ho Bokreste, ’me mehlala e fumanoa litšoantšong tsa Bagerike tse hlohlellelitsoeng ke bohetene; selika-likoe se nang le khanya se ne se sebelisoa, joalokaha ho fumanoa bopaki litšoantšong tsa mosaic le cheleteng, bakeng sa melimo-batho le melimo e kang Neptune, Jupiter, Bacchus ’me haholo-holo Apollo (molimo oa letsatsi).”—(1967), Moq. XII, leq. 963.

The New Encyclopædia Britannica e re: “Litšoantšong tsa Bagerike le Baroma molimo oa letsatsi Helios le babusisi ba Baroma hangata ba bontšoa ba e-na le moqhaka oa mahlaseli. Ka lebaka la ho simoloha hoa sona boheteneng, sebopeho sena se ile sa qojoa litšoantšong tsa Bakreste ba Pele, empa leru le selika-likoe feela le ile la hapelloa ke babusisi ba Bakreste litšoantšong tsa bona tsa molao. Ho tloha bohareng ba lekholo la bo4 la lilemo, Kreste le eena o ile a bontšoa a e-na le tšobotsi ena ea borena . . . ha e-ea ba ho fihlela lekholong la bo6 la lilemo ha selika-likoe sa khanya se fetoha se tloaelehileng bakeng sa Moroetsana Maria le bahalaleli ba bang.”—(1976), Micropædia, Moq. IV, leq. 864.

Na ho loketse ho tsoakanya Bokreste le litšoantšetso tsa bohetene?

“Leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale [Satane]? Kapa ea lumetseng o na le kabelo efe le ea sa lumelang? Tempele ea Molimo e na le kopano efe le litšoantšo tse rapeloang? Hobane ke lōna le leng tempele ea Molimo o phelang, . . . Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila; ’me ’na ke tla le amohela, ’me ke tla ba Ntat’a lōna; lōna le be bara ba ka le barali ba ka, ho thualo ke Morena ea matla ’ohle.”—2 Ba-Kor. 6:14-18.

Na litho tsohle tsa sehlopha sa bolumeli e ka ba bahalaleli ’me kahoo tsa lokoloha sebeng?

Ruri e ne e le ’nete hore bohle bao e neng e le litho tsa phutheho ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo e ne e le bahalaleli. (1 Ba-Kor. 14:33, 34; 2 Ba-Kor. 1:1; 13:13, RS, KJ) Ba hlalositsoe e le ba amohetseng “tšoarelo ea libe” ’me ba se ba ‘halalelitsoe’ ke Molimo. (Lik. 26:18; 1 Ba-Kor. 1:2, RS, KJ) Leha ho le joalo, ba ne ba sa ipolele hore ba lokolohile libeng tsohle. Ba ne ba tsoetsoe e le bana ba moetsalibe Adama. Joalokaha moapostola Pauluse a lumetse ka boikokobetso, ho futsa sebe ho ne ho atisa ho fetoha ntoa ho bona hore ba etse se nepahetseng. (Ba-Roma 7:21-26) ’Me ka ho toba moapostola Johanne o itse: “Ha re re, ha re na sebe, rea ithetsa, ’me ’nete ha e-eo ho rōna.” (1 Joh. 1:8) Ka hona, ho ba mohalaleli ka kutloisiso eo lentsoe le sebelisitsoeng ka eona mabapi le balateli ba ’nete ba Kreste ha ho bolele hore ba lokolohile libeng tsohle nameng.

Ka hore na Bakreste bohle ba ’nete ba kajeno ke bahalaleli bao ka pel’a bona ho nang le tšepo ea bophelo ba leholimo, bona maqephe 226-230.

Haeba e Mong a Re—

‘Na u lumela ho bahalaleli?’

U ka ’na ua arabela: ‘U hopotse bafe?’ Haeba motho a bolela Maria ’me mohlomong le baapostola, u ka ’na ua eketsa: (1) ‘E, ho boleloa ka bona ka Mangolong a Halalelang, ’me ke lumela se ngotsoeng teng. Empa ke thahasella haholo seo ba se etsang kajeno, le hore na se re ama joang, uena? . . . Ke fumane ntho e ’ngoe e thahasellisang haholo ka bona mona Mangolong a Halalelang, ’me ke rata ho e arolelana le uena. (Tšen. 5:9, 10)’ [Hlokomela, ho ka sebelisoa haeba ho botsoa ka mokhoa oo temana e ngotsoeng ka oona: JB e re, “busa lefatše.” CC e re, “busa holim’a lefatše.” Kx e re, “busa e le marena holim’a lefatše.” Empa NAB le Dy li re, ‘buse lefatšeng.’ Bakeng sa litlhaloso ka ho ngoloa hoa mantsoe ka Segerike bona leqephe 230, tlas’a “Leholimo.”] (2) ‘Ho tla pheloa joang tlas’a ’Muso o joalo? (Tšen. 21:2-4)’

Kapa u ka re (Haeba u ne u le Mok’hatholike): ‘Ka lilemo tse telele ke ne ke kopanela meketeng ea bahalaleli ’me ke ba rapela khafetsa. Empa joale ka bala ho hong ka Mangolong a Halalelang ho ileng hoa nketsa hore ke hlahlobe seo ke neng ke se etsa. E re nke ke u bontše sona. (Bona leqephe 35.)’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela