Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ti maq. 16-20
  • Na ka Mehla Molimo o Phahametse Jesu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ka Mehla Molimo o Phahametse Jesu?
  • Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Khetholloa ho Molimo
  • Mohlanka ea Ikokobetsang oa Molimo
  • Molimo o Phahame ka Linako Tsohle
  • Jesu o ne a E-na le Tsebo e Lekanyelitsoeng
  • Jesu o Ntse a le ka Tlaase
  • Ha ho Mohla Jesu a Kileng a Ipolela Hore ke Molimo
  • Jesu Kreste—Mora oa Molimo ea Ratoang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Jesu Kreste
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
ti maq. 16-20

Na ka Mehla Molimo o Phahametse Jesu?

HA HO mohla Jesu a kileng a re ke Molimo. Sohle seo a se buileng ka eena se bontša hore o ne a sa inke a lekana le Molimo ka tsela leha e le efe—e seng ka matla, e seng ka tsebo, e seng ka lilemo.

Nakong eohle ea ho ba teng ha hae, e bang ke leholimong kapa lefatšeng, puo le boitšoaro ba hae li bontša ho ipea ka tlas’a Molimo. Ka mehla Molimo o mo phahametse, Jesu ke ea tlaasana ea bōpiloeng ke Molimo.

Jesu o Khetholloa ho Molimo

NAKO le nako, Jesu o ile a bontša hore e ne e le sebōpuoa se arohileng ho Molimo le hore eena, Jesu, o ne a e-na le Molimo o ka holimo ho eena, Molimo oo a neng a o rapela, Molimo oo a neng a o bitsa “Ntate.” Ha a rapela Molimo, ke hore, Ntate, Jesu o itse, “Uena Molimo o ’notši oa ’nete.” (Johanne 17:3) Ho Johanne 20:17 o ile a re ho Maria Magdalena: “Ke nyolohela ho Ntate le Ntat’a lōna, ho Molimo oa ka le Molimo oa lōna.” (RS, phetolelo ea K’hatholike) Ho 2 Ba-Korinthe 1:3 moapostola Pauluse o tiisa kamano ena: “Ho bokoe Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste.” Kaha Jesu o ne a e-na le Molimo, Ntate oa hae, e ne e ke ke ea e-ba Molimo oo ka nako e tšoanang.

Moapostola Pauluse ha aa ka a siea letho ha a bua ka Jesu le Molimo e le ba arohaneng ka ho ikhethang: “Bakeng sa rōna ho na le Molimo o le mong, Ntate, . . . ’me ho na le Morena a le mong, Jesu Kreste.” (1 Ba-Korinthe 8:6, JB) Moapostola o bontša phapang ha a bolela ka “boteng ba Molimo le ba Kreste Jesu le ba mangeloi a khethiloeng.” (1 Timothea 5:21, RS Common Bible) Feela joalokaha Pauluse a bua ka Jesu le mangeloi e le ba ikhethileng e mong ho e mong leholimong, ho joalo le ka Jesu le Molimo.

Mantsoe a Jesu ho Johanne 8:17, 18 le ’ona ke a bohlokoa. O-oa bolela: “Esita le molaong oa lōna ho ngoliloe hore bopaki ba batho ba babeli ke ba ’nete. Ke ’na ke ipakang, ’me Ntate ea nthomileng oa mpaka le eena.” Mona Jesu o bontša hore eena le Ntate, ke hore, Molimo o Matla ’Ohle, e tlameha ho ba batho ba babeli ba arohaneng, ho seng joalo ka sebele ke joang ho neng ho ka ba le lipaki tse peli?

Jesu o ile a tsoela pele ho bontša hore e ne e le boleng bo arohileng ho Molimo ka ho re: “U mpitsetsa’ng ea molemo? Ha ho ea molemo haese Molimo feela.” (Mareka 10:18, TLP) Kahoo Jesu o ne a bolela hore ha ho ea molemo joaloka Molimo, esita le Jesu ka boeena. Molimo o molemo ka tsela e mo arolang ho Jesu.

Mohlanka ea Ikokobetsang oa Molimo

NAKO le nako, Jesu o ile a bua lipolelo tse kang ena: “Mora a ke ke a etsa ntho leha e le efe ka ho rata ha hae, a ka etsa feela seo a bonang Ntat’ae a se etsa.” (Johanne 5:19, The Holy Bible, ea Mosinatoro R. A. Knox) “Ke theohile leholimong, e seng ho etsa ho ratoang ke ’na, empa e le ho etsa ho ratoang ke ea nthomileng.” (Johanne 6:38) “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.” (Johanne 7:16, NW) Na ea romileng ha aa phahamela ea romiloeng?

Kamano ena e totobetse papisong ea Jesu ea tšimo ea morara. O tšoantšitse Molimo, Ntate oa hae, le mong’a tšimo ea morara, ea ileng a etela hōle ’me a e siea boikarabellong ba balemi, ba neng ba emela baruti ba Bajode. Hamorao ha mong’a eona a romela mohlanka ho ea fumana tse ling tsa litholoana tsa tšimo ea morara, balemi bao ba otla mohlanka eo ’me ba mo khutlisa a se na letho. Joale mong’a tšimo eo o ile a romela mohlanka oa bobeli, ’me hamorao oa boraro, bao ka bobeli ba ileng ba tšoaroa ka tsela e tšoanang. Qetellong, mong’a tšimo eo a re: “Ke tla rōmela mora oa ka [Jesu], eo ke mo ratang; ha ba ’mona, ekaba ba tla mo hlonepha.” Empa balemi ba senyehileng ba re: “Enoa ke mojalefa; tlong, re ’molaeeng, lefa e tle e be la rōna. Eitse hobane ba mo lahlele ka ntle ho tšimo ea merara, ba ’molaea.” (Luka 20:9-16) Kahoo Jesu o ne a tšoantša boemo ba hae e le eena ea rometsoeng ke Molimo ho tla etsa thato ea Molimo, joalokaha ntate a romela mora ea ikokobetsang.

Balateli ba Jesu ka mehla ba ne ba mo talima e le mohlanka ea ikokobeletsang Molimo, e seng ea lekanang le Molimo. Ba ile ba rapela Molimo ka “mohlanka oa hao ea halalelang Jesu, eo u mo tlotsitseng, . . . lipontšo le mehlolo li etsoa ka lebitso la mohlanka oa hao ea halalelang Jesu.”—Liketso 4:23, 27, 30, RS, phetolelo ea K’hatholike.

Molimo o Phahame ka Linako Tsohle

HO TLOHA qalehong feela ea tšebeletso ea Jesu, ha a e-tsoa metsing a kolobetso, lentsoe la Molimo le tsoang leholimong le itse: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” (Mattheu 3:16, 17) Na Molimo o ne o bolela hore ke mora oa oona, hore o ikhahlisitse, hore o ithomile? Che, Molimo ’Mōpi o ne o re oona, joaloka ea phahameng, o ne o khahlisoa ke ea ka tlaasana, Mora oa oona Jesu, bakeng sa mosebetsi o ka pele.

Jesu o bontšitse ho phahama ha Ntate oa hae ha a re: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotsitse hore ke phatlalatse litaba tse molemo ho ba futsanehileng.” (Luka 4:18, NW) Ho tlotsa ke ho fana ka matla kapa ho roma ho etsoang ke ea phahametseng e mong ea e-song ho be le matla ao. Mona ka ho hlakileng Molimo o phahame, hobane o tlotsitse Jesu, o mo fa matla ao pele a neng a se na ’ona.

Jesu o ile a hlakisa ho phahama ha Ntate oa hae ha ’mè oa barutuoa ba babeli a kōpa hore bara ba hae ba lule e mong ka ho le letona e mong ka ho le letšehali ho Jesu ha a kena ’Musong oa hae. Jesu a arabela: “Ha e le ka litulo ka letsohong la ka le letona le ho le letšehali, tsena hase tsa ka hore nka fana ka tsona; ke tsa bao ba li abetsoeng ke Ntate,” ke hore, Molimo. (Mattheu 20:23, JB) Hoja Jesu e ne e le Molimo o Matla ’Ohle, litulo tseo ho ka be ho bile ho eena hore a fane ka tsona. Empa Jesu o ne a ke ke a fana ka tsona, hobane ho ne ho le ho Molimo ho fana ka tsona, ’me Jesu e ne e se Molimo.

Lithapelo tsa Jesu ke mohlala o matla oa boemo ba hae bo tlaasana. Ha Jesu a le haufi le ho shoa, o ile a bontša hore na ke mang ea mo phahametseng ka ho rapela: “Ntate, hoja u ka rata ho suthisa senoelo sena pel’a ka! empa ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho etsoe ea hao.” (Luka 22:42) O ne a rapela mang? Karolo e ’ngoe ea hae? Che, o ne a rapela e mong ea arohileng ka ho felletseng, Ntate oa hae, Molimo, oo thato ea oona e neng e mo phahametse ’me e ne e ka fapana le ea hae, Oona feela o neng o ka khona ho “suthisa senoelo sena.”

Joale, ha Jesu a atamela lefu la hae, o ile a hoeletsa: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, ke hobane’ng ha u ntahlile?” (Mareka 15:34, JB) Jesu o ne a hoeletsa mang? Eena kapa karolo e ’ngoe ea hae? Ka sebele, khoeletso eo, “Molimo oa ka,” e ne e sa tsoe ho e mong ea inkang e le Molimo ka boeena. ’Me haeba Jesu e ne e le Molimo, joale o ne a lahliloe ke mang? A itahlile? Hoo ha ho utloahale. Jesu o boetse a re: “Ntate, ke neela moea oa ka matsohong a hao!” (Luka 23:46) Haeba Jesu e ne e le Molimo, ke ka lebaka lefe a neng a ka neela moea oa hae ho Ntate?

Hoba Jesu a shoe, o ile a ba ka lebitleng karolo ea matsatsi a mararo. Haeba e ne e le Molimo, joale Habakuke 1:12 (NW) e fositse ha e re: “Oho Molimo oa ka, Mohalaleli oa ka, ha u shoe.” Empa Bibele e re Jesu o ile a shoa ’me o ne a sa ikutloe ka lebitleng. ’Me ke mang ea tsositseng Jesu bafung? Haeba a ne a shoele e le ’nete, o ne a ke ke a itsosa. Ka lehlakoreng le leng, haeba o ne a hlile a sa shoa, lefu la hae la boiketsiso le ka be le sa ka la lefa tefo ea topollo bakeng sa sebe sa Adama. Empa o ile a lefa tefo eo ka botlalo ka lefu la hae la sebele. Kahoo e ne e le “Molimo [o] tsositseng [Jesu] ka ho lokolla mahloko a lefu.” (Liketso 2:24, NW) Ea phahameng, Molimo o Matla ’Ohle, o ile a tsosa ea tlaasana, mohlanka oa hae Jesu, lefung.

Na matla a Jesu a ho etsa mehlolo, e kang ea ho tsosa batho, a bontša hore e ne e le Molimo? Baapostola le baprofeta Elia le Elisha le bona ba ne ba e-na le matla ao, empa hoo ha hoa ka ha ba etsa ba fetang batho. Molimo o ile oa fa baprofeta, Jesu le baapostola matla a ho etsa mehlolo ho bontša hore O ne o ba tšehelitse. Empa hoo ha hoa ka ha etsa leha e le ofe oa bona karolo ea Molimo o entsoeng ka ba bangata.

Jesu o ne a E-na le Tsebo e Lekanyelitsoeng

HA JESU a fana ka boprofeta ba hae ka bofelo ba tsamaiso ena ea lintho, o ile a bolela: “Empa ha e le bakeng sa letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi leholimong, leha e le Mora, haese Ntate feela.” (Mareka 13:32, RS, phetolelo ea K’hatholike) Haeba Jesu e ne e le karolo ea Mora e lekanang le Molimo, a ka be a tseba seo Ntate a se tsebang. Empa Jesu o ne a sa tsebe, hobane o ne a sa lekane le Molimo.

Ka ho tšoanang, ho Ba-Heberu 5:8 re bala hore Jesu “o ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng.” Na re ka nahana hore Molimo o ne o lokela ho ithuta ho hong? Che, empa Jesu o ho entse, hobane o ne a sa tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo o neng o e tseba. ’Me o ile a lokela ho ithuta ho hong hoo le ka mohla ho sa hlokahaleng hore Molimo o ithute hona—kutlo. Ha ho mohla Molimo o lokelang ho utloa motho e mong.

Phapang pakeng tsa seo Molimo o se tsebang le seo Kreste a se tsebang e boetse ea e-ba teng ha Jesu a tsosetsoa leholimong ho ea ba le Molimo. Hlokomela mantsoe a pele a buka ea ho qetela ea Bibele: “Tšenolo ea Jesu Kreste, eo a e neiloeng ke Molimo.” (Tšenolo 1:1) Haeba Jesu ka boeena e ne e le karolo ea Molimo, na o ne a tla lokela ho neoa tšenolo ke karolo e ’ngoe ea Molimo—Molimo? Ka sebele a ka be a tsebile ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eona, hobane Molimo o ne o tseba. Empa Jesu o ne a sa tsebe, hobane e ne e se Molimo.

Jesu o Ntse a le ka Tlaase

PELE e e-ba motho oa nama, le ha a ne a le lefatšeng, Jesu o ne a le ka tlaase ho Molimo. Ka mor’a tsoho ea hae, o ntse a le boemong bo ka tlaase, ba bobeli.

Ha a bua ka tsoho ea Jesu, Petrose le bao a neng a e-na le bona ba ile ba bolella Lekhotla le Phahameng la Bajode hore: “Molimo o . . . phahamiselitse [Jesu] letsohong le letona la oona.” (Liketso 5:31) Pauluse o itse: “Molimo o ile oa mo phahamisetsa boemong bo ka holingoana.” (Ba-Filippi 2:9, NW) Haeba Jesu e ne e le Molimo, Jesu o ne a ka phahamisoa joang, ke hore, ho nyolleloa boemong bo ka holingoana ho boo a neng a bo thabela pejana? E ne e tla be e se e ntse e le karolo e phahamisitsoeng ea Boraro-bo-bong. Haeba, pele a phahamisoa, Jesu o ne a lekana le Molimo, ho mo phahamisa haholoanyane ho ka be ho mo entse ea phahametseng Molimo.

Pauluse le eena o boletse hore Kreste o kene “leholimong ka bolona, e le hore a ka hlaha botenng ba sebele ba Molimo molemong oa rōna.” (Ba-Heberu 9:24, JB) Haeba u hlaha botenng ba motho e mong, u ka ba motho eo joang? U ke ke. U tlameha ho ba ea fapaneng le ea arohileng.

Ka ho tšoanang, pejana a tlepetsoa ka majoe ho fihlela a e-shoa, moshoela-tumelo Setefane o ile “a talima leholimong, a bona khanya ea Molimo, le Jesu a eme ka letsohong le letona la Molimo.” (Liketso 7:55) Ka ho hlakileng, o ile a bona batho ba babeli ba arohaneng—empa ha ho moea o halalelang, ha ho Molimo oa Boraro-bo-bong.

Tlalehong e ho Tšenolo 4:8 ho ea ho 5:7, ho bontšoa Molimo o lutse teroneng ea oona ea leholimo, empa ha ho joalo ka Jesu. O lokela ho atamela Molimo ho nka moqolo letsohong le letona la Molimo. Hona ho bontša hore leholimong Jesu hase Molimo empa o arohane le oona.

Tumellanong le se ka holimo, Bulletin of the John Rylands Library Manchester, Engelane, e re: “Bophelong ba hae ba leholimo ka mor’a tsoho, Jesu o bontšoa a ntse a e-na le botho boo e leng ba hae karolong e ’ngoe le e ’ngoe e le ea ikhethang le ea arohileng ho Molimo joalokaha ho ne ho le joalo ka bophelo ba hae lefatšeng e le Jesu oa lefatšeng. A le pel’a Molimo ’me a bapisoa le Molimo, ka sebele, o hlaha e ntse e le boleng bo bong ba leholimong lekhotleng la leholimo la Molimo, feela joaloka mangeloi—le hoja e le Mor’a Molimo, o oela lefapheng le fapaneng, ’me o maemong a a phahametseng haholo.”—Bapisa le Ba-Filippi 2:11.

Bulletin e boetse e re: “Leha ho le joalo, se buuoang ka bophelo ba hae le mesebetsi ea hae e le Kreste oa leholimong hase bolele kapa hona ho fana ka maikutlo a hore boemong ba bomolimo o lekana le Molimo ka booona le hore ke Molimo ka botlalo. Ho fapana le moo, setšoantšong sa Testamente e Ncha sa botho ba hae ba leholimo le tšebeletso ea hae re bona motho ea arohileng le ea ka tlaase ho Molimo.”

Bokamosong bo sa feleng leholimong, Jesu e tla ’ne e be mohlanka ea arohileng, ea ka tlaase oa Molimo. Bibele e ho hlalosa ka tsela ena: “Hamorao, ho tla tla bofelo, mohla a [Jesu a le leholimong] busetsang ’muso ho Molimo Ntate, . . . ke hona Mora le eena a tla beoa ka tlas’a ea beileng tsohle ka tlas’a hae, hore Molimo e tle e be tsohle ho bohle.”—1 Ba-Korinthe 15:24, 28.

Ha ho Mohla Jesu a Kileng a Ipolela Hore ke Molimo

BOEMO ba Bibele bo hlakile. Hase feela hore Molimo o Matla ’ohle, Jehova, ke motho ea arohileng ho Jesu empa ka linako tsohle O mo phahametse. Ka mehla Jesu o hlahisoa e le mohlanka ea arohileng le ea tlaasana, ea ikokobelitseng oa Molimo. Ke ka lebaka leo ka ho hlaka Bibele e reng “hloho ea Kreste ke Molimo” ka tsela e tšoanang le hore “hloho ea monna e mong le e mong ke Kreste.” (1 Ba-Korinthe 11:3) ’Me ke ka lebaka lena Jesu ka boeena a itseng: “Ntate o moholo ho ’na.”—Johanne 14:28.

’Nete ke hore Jesu hase Molimo ’me le ka mohla ha aa ka a ipolela joalo. Hona ho hlokomeloa ke liithuti tse ntseng li eketseha ka palo. Joalokaha Bulletin ea Rylands e bolela: “’Nete e tlameha ho tojoa ea hore phuputso e entsoeng ea Testamente e Ncha, ha re re ka lilemo tse fetileng tse mashome a mararo kapa a mane esale e ntse e lebisa liithuti tse ntseng li eketseha ka palo tse tummeng tsa Testamente e Ncha qetong ea hore Jesu . . . ka sebele ha ho mohla a kileng a lumela hore eena ke Molimo.”

Bulletin e boetse e re ka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo: “Kahoo, ha ba fa [Jesu] litlotla tse joalo tse hlomphang tse kang Kreste, Mor’a motho, Mora oa Molimo le Morena, tsena e ne e le litsela tsa ho bolela hore e ne e se Molimo, empa hore o ne a etsa mosebetsi oa Molimo.”

Ka hona, le liithuti tse ling tsa bolumeli lia lumela hore khopolo ea hore Jesu ke Molimo e hanana le bopaki bohle ba Bibele. Mono, ka mehla Molimo o mo phahametse, ’me Jesu ke mohlanka ea ka tlaase.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

‘Phuputso ea Testamente e Ncha e ’nile ea lebisa liithuti tse ntseng li eketseha ka palo qetong ea hore ka sebele Jesu ha ho mohla a kileng a lumela hore ke Molimo.’—Bulletin of the John Rylands Library

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Jesu o ile a bolella Bajode: “Ke theohile leholimong, e seng ho etsa ho ratoang ke ’na, empa e le ho etsa ho ratoang ke ea nthomileng.”—Johanne 6:38

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ha Jesu a hoeletsa: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, o ntahletse’ng?” ka sebele o ne a sa lumele hore eena ka boeena e ne e le Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela