Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • sh khao. 1 maq. 4-18
  • Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Thahasella Malumeli a Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Thahasella Malumeli a Mang?
  • Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka la ho Fuputsa ke Lefe?
  • Bolumeli bo Lokela ho Lekanngoa Joang?
  • ‘Bolumeli Ba Ka Bo Molemo ka ho Lekaneng ho ’Na’
  • Lipotso Tse Hlokang Karabo
  • Na Bolumeli Leha e le Bofe bo Lokile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bolumeli Bo Qalile Joang?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Na Malumeli ’Ohle a Khahlisa Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Na U Fumane Bolumeli bo Nepahetseng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Moloko oa Batho o Batla Molimo
sh khao. 1 maq. 4-18

Khaolo 1

Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Thahasella Malumeli a Mang?

1-7. Tse ling tsa lipontšo tsa malumeli a sa tšoaneng a lefatše ke life?

HO SA tsotellehe hore na u phela hokae, ha ho pelaelo hore u iponetse ka bouena kamoo bolumeli bo amang bophelo ba batho ba limillione, mohlomong le ba hao. Linaheng tseo ho sebelisoang Bohindu, hangata u tla bona batho ba etsa puja​—⁠mokete o ka ’nang oa akarelletsa ho etsetsa melimo ea bona linyehelo ka coconut, lipalesa, le liapole. Moprista o taka liphatla tsa balumeli ka letheba le lefubelu kapa le lesehla, tilak. Ba limillione ba boetse ba khobokana selemo se seng le se seng nōkeng ea Ganges ho ea hloekisoa ke metsi a eona.

2 Linaheng tsa Bok’hatholike, u tla bona batho ba rapela ba tšoere setšoantšo sa Jesu sefapanong kapa ba tšoere rosari likerekeng tsa bona le likerekeng tse okametsoeng ke babishopo. Lifaha tsa rosari li sebelisetsoa ho bala lithapelo tse nyeheloang boinehelong ho Maria. ’Me ha ho thata ho khetholla baitlami ba basali le baprista kaha ba khethehile ka liaparo tsa bona tse ntšo.

3 Linaheng tsa Boprostanta, matlo a manyenyane a thapelo le likereke li ngata, ’me ka tloaelo, ka Sontaha batho ba lipharishe ba apara liaparo tsa bona tse ntle haholo ’me ba phuthehela ho ea bina lifela le ho utloa lipuo tsa phatlalatsa. Hangata baruti ba bona ba apara lisutu tse ntšo le sekhama-molala se khethehileng sa baruti.

4 Linaheng tsa Islām, u ka utloa mantsoe a bamuezzin, liboholi tsa Bamosleme ba hoeletsang hahlano ka letsatsi ba le litoreng, ba hoeletsa ba tšepahalang hore ba tle ṣalāt, kapa tšebeletsong ea thapelo. Ba talima Qur’ān e Halalelang e le buka ea mangolo a halalelang ea Islām. Ho latela tumelo ea Islām, e senotsoe ke Molimo ’me ea neoa moprofeta Muḥammad ke lengeloi Gabriele lekholong la bosupa la lilemo C.E.

5 Literateng tsa linaha tse ngata tsa Bobuddha, baitlami ba banna ba Bobuddha, hangata ba apara liaparo tse telele tsa saffrone, tse ntšo kapa tse khubelu, ba bonoa e le pontšo ea bohalaleli. Litempele tsa boholo-holo tse nang le Buddha ea bontšang hore o na le khutso ke bopaki ba bokhale ba tumelo ea Bobuddha.

6 Boshinto, bo sebelisoang haholo-holo Japane, bo fetoha karolo ea bophelo ba letsatsi le letsatsi ka lialetare tsa lelapa le linyehelo ho baholo-holo. Majapane a ikutloa a lokolohile ho rapella lintho tseo e leng tsa nama ka ho fetisisa, esita le ho atleha litlhahlobong tsa sekolo.

7 Tšebetso e ’ngoe ea bolumeli e tsejoang lefatšeng lohle ke ea batho ba tsamaeang ka ntlo le ntlo le ba emang literateng ba tšoere Libibele le lingoliloeng tsa Bibele. Ka pontšo ea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, e batla e le motho e mong le e mong ea hlokomelang batho bana hore ke Lipaki tsa Jehova.

8. Histori ea boinehelo ba bolumeli e bontša eng?

8 Ho se tšoane hona ho lefatšeng ka bophara ha boinehelo bolumeling ho bontša eng? Hore ka lilemo tse likete-kete batho ba ’nile ba e-⁠ba le seo ba se hlokang le ho se laba-labela moeeng. Motho o phetse le liteko tsa hae le meroalo ea hae, lipelaelo tsa hae le lipotso tsa hae, ho akarelletsa sephiri sa lefu. Boikutlo ba bolumeli bo ’nile ba bontšoa ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng ha batho ba ntse ba retelehela ho Molimo kapa ho melimo ea bona, ba batla mahlohonolo le matšeliso. Bolumeli hape bo leka ho lebisa tlhokomelo lipotsong tse khōlō: Re mona ka lebaka lefe? Re tšoanela ho phela joang? Bokamoso bo na le eng bakeng sa batho?

9. Ke ka tsela efe batho ba bangata ba nang le mofuta o itseng oa boinehelo ba bolumeli bophelong ba bona?

9 Ka lehlakoreng le leng, ho na le batho ba limillione ba ipolelang hore ha ba na bolumeli kapa ha ba lumele ho molimo leha e le ofe. Ke ba sa lumeleng ho Molimo. Ba bang, maagnostic, ba lumela hore Molimo ha o tsejoe ’me mohlomong o ke ke oa tsejoa. Leha ho le joalo, ka ho totobetseng hoo ha ho bolele hore ke batho ba se nang melao-motheo kapa mekhoa ea boitšoaro, joalokaha ho ipitsa molumeli ho sa bolele hore motho o na le lintho tsena. Leha ho le joalo, haeba motho a amohela hore bolumeli ke “boinehelo molao-motheong o itseng; botšepehi bo tiileng kanong kapa ho tiea kanong; ho ba le cheseho linthong tsa bolumeli; lerato kapa kameho e mofuthu ho seo motho a se lumelang,” ka hona batho ba bangata, ho akarelletsa ba sa lumeleng ho Molimo le maagnostic, ba na le boinehelo ba bolumeli ba mofuta o itseng bophelong ba bona.​—⁠The Shorter Oxford English Dictionary.

10. Na bolumeli bo na le matla lefatšeng la kajeno? Bontša.

10 Ka malumeli a mangata hakana lefatšeng le ntseng le nyenyefala ke mekhoa e potlakileng ea ho tsamaea le ea puisano, matla a litumelo tse sa tšoaneng a utloahala lefatšeng ka bophara, e-⁠bang rea ho rata kapa che. Khalefo e ileng ea qhoma ka 1989 ka lebaka la buka The Satanic Verses, e ngotsoeng ke e mong eo batho ba bang ba ileng ba re ke ‘Momosleme ea koenehileng,’ ke bopaki bo hlakileng ba kamoo maikutlo a bolumeli a ka iponahatsang lefatšeng lohle. Mohoo o ne o hlaha ho baeta-pele ba Islām hore buka eo e thibeloe le hore mongoli oa eona a bolaoe. Ke eng e etsang hore batho ba nke khato e matla haholo hakaalo litabeng tsa bolumeli?

11. Ke hobane’ng ha e se phoso ho hlahloba litumelo tse ling?

11 Ho arabela seo, ho hlokahala re tsebe ho hong ka semelo sa malumeli a lefatše. Joalokaha Geoffrey Parrinder a bolela ho World Religions​—⁠From Ancient History to the Present: “Ho ithuta malumeli a fapaneng ha ho fane ka maikutlo a hore motho o koenehela kano ea tumelo ea hae, empa ho e-⁠na le hoo e ka ’na ea atolosoa ke ho bona kamoo batho ba bang ba ’nileng ba batla bonnete ba lintho le kamoo ho batla ha bona ho ba ruisitseng molemo.” Tsebo e isa kutloisisong, ’me kutloisiso e isa ho mamelleng batho ba nang le pono e fapaneng.

Lebaka la ho Fuputsa ke Lefe?

12. Ke mabaka afe ao ka tloaelo a rerang hore na bolumeli ba motho e tla ba bofe?

12 Na u kile ua nahana kapa ua re, ‘Ke na le bolumeli ba ka. Hantle-ntle bolumeli ke taba ea motho ka mong. Ha ke bue ka bona le batho ba bang’? Ke ’nete hore bolumeli ke taba e amang motho ka mong​—⁠hantle-ntle ho tloha tsoalong likhopolo tsa bolumeli kapa mekhoa ea boitšoaro li hlongoa likelellong tsa rōna ke batsoali ba rōna le beng ka rōna. Ka baka leo, hangata re latela likhopolo tsa bolumeli tsa batsoali ba rōna le batsoali ba batsoali ba rōna. Bolumeli bo se bo batla bo fetohile taba ea neano ea lelapa. Phello ea mokhoa ona ke efe? Ke hore maemong a mangata ba bang ba re khethetse bolumeli ba rōna. E bile feela taba ea hore na re tsoaletsoe hokae hona neng. Kapa, joalokaha rahistori Arnold Toynbee a bontšitse, ho khomarela ha motho tumelo e itseng hangata ho reroa ke “tsietsi ea sebaka seo a tsoaletsoeng ho sona.”

13, 14. Ke hobane’ng ha ho sa utloahale ho nka hore bolumeli boo motho a tsoaletsoeng ho bona hoa itlisa hore e be bo amoheloang ke Molimo?

13 Na ke ho utloahalang ho nka hore bolumeli boo motho a ileng a qobelloa ho ba ho bona ha a tsoaloa ke ’nete eohle? Haeba u ile ua tsoalloa Italy kapa Amerika Boroa, ntle ho boikhethelo leha e le bofe, mohlomong u ile ua hōlisoa u le Mok’hatholike. Haeba u tsoaletsoe India, mohlomong teng ho ile ha itlisa hore u be Mohindu kapa, haeba haeno ke Punjab, mohlomong u Mosikh. Haeba batsoali ba hao ke batho ba Pakistan, teng ka ho hlakileng u ne u ka ’na ua ba Momosleme. ’Me haeba lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng u ile ua tsoalloa naheng ea puso eo ’muso o ikarabellang kabong ea moruo, mohlomong ha ua ka ua ba le boikhethelo haese ho hōlisoa u le ea sa lumeleng ho Molimo.​—⁠Ba-Galata 1:​13, 14; Liketso 23:⁠6.

14 Ka baka leo, na hoa itlisa hore bolumeli boo motho a tsoaletsoeng ho bona e be ba ’nete, bo amoheloang ke Molimo? Hoja ho ile ha lateloa maikutlo ana ka lilemo tse likete-kete, batho ba bangata ba ka be ba ntse ba sebelisa lihlopha tsa boholo-holo tsa bolumeli ba balimo le kemolo, motheong oa hore ‘se neng se lokile ho baholo-holo ba ka se lokile bakeng sa ka.’

15, 16. Ke melemo efe e tlisoang ke ho hlahloba malumeli a mang?

15 Ka lipontšo tse fapaneng haholo tsa bolumeli tse ’nileng tsa hōla ho pota lefatše ka lilemo tse fetileng tse 6 000, bonyane hoa ruta ebile ho bula kelello ho utloisisa seo ba bang ba se lumelang le kamoo litumelo tsa bona li qalileng ka teng. ’Me hape ho ka ’na ha bula tebello e tiileng haholoanyane bakeng sa bokamoso ba hao.

16 Linaheng tse ngata hona joale, ka lebaka la ho falla le ho leba koana le koana ha baahi, batho ba malumeli a sa tšoaneng ba hahile tikolohong e tšoanang. Ka baka leo, ho utloisisa lipono tsa ba bang ho ka isa puisanong e nang le moelelo haholoanyane le moqoqong pakeng tsa batho ba litumelo tse fapaneng. Mohlomong hape, ho ka ’na ha qhala le leng la lehloeo le lefatšeng le bakoang ke ho fapana ka bolumeli. Ke ’nete hore batho ba ka ’na ba hanyetsana ka matla ka litumelo tsa bona tsa bolumeli, empa ha ho na motheo oa ho hloea motho e mong feela hobane a e-⁠na le pono e fapaneng.​—⁠1 Petrose 3:​15; 1 Johanne 4:​20, 21; Tšenolo 2:⁠6.

17. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hloea bao monahano oa bona oa bolumeli o fapaneng le oa rōna?

17 Molao oa boholo-holo oa Sejode o ne o re: “U se ke ua hloea motho oa heno pelong ea hao. Khalemela motho oa heno empa u se ke ua ipokella molato ka baka la hae. U ke ke ua iphetetsa kapa ua jara batho ba naha ea heno ka pelo. Rata oa heno joalokaha u ithata: Ke ’na MORENA [Jehova].” (Levitike 19:​17, 18, Ta) Mothei oa Bokreste o ile a re: “Empa ke re ho lōna ba mametseng, Tsoelang pele le rata lira tsa lōna, le etsa hantle ba le hloileng, . . . ’me moputso oa lōna o tla ba moholo, ’me le tla ba bara ba Ea Holimo-limo, hobane o mosa ho ba hlokang teboho le ba khopo.” (Luka 6:​27, 35, NW) Tlas’a sehlooho “Eena ea Lokelang ho Hlahlojoa,” Qur’ān e bolela molao-motheo o tšoanang (surah 60:⁠7, MMP): “Mohlomong Allāh o tla tlisa botsoalle pakeng tsa hao le ba bang har’a bao u ba nkang e le lira. ’Me Allāh o Matla; ’me Allāh oa Tšoarela, o Mohau.”

18. Seo motho a se lumelang se etsa phapang joang?

18 Leha ho le joalo, le hoja ho mamella le ho utloisisa li hlokahala, hoo ha ho fane ka maikutlo a hore ha ho tsotellehe hore na motho o lumela eng. Joalokaha rahistori Geoffrey Parrinder a boletse: “Ka linako tse ling ho ee ho boleloe hore malumeli ’ohle a na le pakane e tšoanang, kapa ke litsela tse lekanang tse isang ’neteng, kapa haesita le hore kaofela a ruta lithuto tse tšoanang . . . Empa Maaztec a boholo-holo, a neng a phahamisetsa letsatsing lipelo tse ntseng li otla tsa liphofu tsa ’ona, ka sebele a ne a se na bolumeli bo molemo joaloka ba Mabuddha a tletseng khotso.” Ho feta moo, tabeng ea borapeli, na hase Molimo ka booona o lokelang ho etsa qeto ea hore na ke eng e amohelehang le e sa amoheleheng?​—⁠Mikea 6:⁠8.

Bolumeli bo Lokela ho Lekanngoa Joang?

19. Bolumeli bo lokela ho ama boitšoaro ba motho joang?

19 Le hoja malumeli a mangata a e-⁠na le sehlopha sa litumelo kapa lithuto, hangata malumeli ana a ka bōpa thuto e rarahaneng haholo ea bolumeli, e phahametseng kutloisiso ea batho feela. Empa molao-motheo oa sesosa sa taba le phello ea eona o sebetsa maemong ’ohle. Lithuto tsa bolumeli li lokela ho susumetsa botho le boitšoaro ba letsatsi le letsatsi tsa molumeli e mong le e mong. Kahoo, boitšoaro ba motho e mong le e mong ka tloaelo e tla ba seipone sa semelo sa bolumeli ba motho eo, tekanyong e khōlō kapa e nyenyane. Bolumeli ba hao bo na le phello efe ho uena? Na bolumeli ba hao bo hlahisa motho ea mosa haholoanyane? Ea fanang, ea tšepahalang, ea ikokobelitseng, ea mamellang, le ea qenehelang haholoanyane? Tsena ke lipotso tse utloahalang, hobane ho joalokaha moruti e mong e moholo oa bolumeli, Jesu Kreste, a itse: “Sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle, empa sefate se seng le se seng se bolileng se hlahisa litholoana tse se nang thuso; sefate se setle se ke ke sa hlahisa litholoana tse se nang thuso, leha e le hore sefate se bolileng se ka hlahisa litholoana tse ntle. Sefate se seng le se seng se sa hlahiseng litholoana tse ntle sea rengoa ’me se lahleloa mollong. Ka sebele, banna bao le tla ba tseba ka litholoana tsa bona.”​—⁠Mattheu 7:​17-20, NW.

20. Ke lipotso life tse phahamang mabapi le bolumeli le histori?

20 Ka sebele histori ea lefatše e tlameha ho re fa khefu le ho re etsa hore re ipotse hore na bolumeli bo nkile karolo efe lintoeng tse ngata tse ’nileng tsa hlasela batho le tse bakileng mahlomola a mangata haholo. Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba bolaile hape ba bolailoe ka lebitso la bolumeli? Lintoa tsa Bolumeli, Makhotla a K’hatholike a neng a Otla Bakhelohi, likhohlano tsa Bochabela bo Hare le Ireland Leboea, lipolao tse sehlōhō pakeng tsa Iraq le Iran (1980-88), ho thula-thulana ha Mahindu le Masikh India​—⁠ka sebele liketsahalo tsena kaofela li etsa hore batho ba nahanang ba botse lipotso ka litumelo tsa bolumeli le mekhoa ea boitšoaro.​—⁠Bona se ka lebokoseng le ka tlaase.

21. Mehlala e meng ea tholoana ea Bokreste-’mōtoana ke efe?

21 Puso ea Bokreste-’mōtoana e tsebisahala haholo ka boikaketsi ba eona ntlheng ena. Lintoeng tse peli tsa lefatše, Mok’hatholike o ile a bolaea Mok’hatholike le Moprostanta o ile a bolaea Moprostanta ka taelo ea baeta-pele ba bona ba lipolotiki ba “Bakreste.” Empa Bibele e bontša ka ho hlakileng phapang pakeng tsa mesebetsi ea nama le tholoana ea moea. Mabapi le mesebetsi ea nama, e re: “Ke ho feba, le ho bōka, ke bonyala, le bootsoa; ke ho rapela melimo ea bohata, le boloi, ke hloeano, le likomang, ke mōna, le bohale, le likhang, le liphapang, le likhaohano; ke mohono, le lipolao, le botahoa, le meharo, le lintho tse joalo, tseo ke le bolellang, joale ka ha ke se nkile ka le bolella, hore ba etsang tse joalo, ba ke ke ba ba ba rua ’muso oa Molimo.” Empa bao ho thoeng ke Bakreste ba ’nile ba etsa lintho tsena ka lilemo tse makholo, ’me hangata baruti ba bona ba ’nile ba hlokomoloha boitšoaro ba bona.​—⁠Ba-Galata 5:​19-⁠21.

22, 23. Ha ho bapisoa, bolumeli ba ’nete bo lokela ho hlahisa tholoana efe?

22 Ha ho bapisoa, tholoana e ntle ea moea e hlalosoa e le: “lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi [“tumelo,” NW], le bonolo, le boitšoaro. Ha ho molao o hanang tse joalo.” Malumeli ’ohle a lokela a be a hlahisa tholoana ea mofuta ona ea khotso. Empa na aa e hlahisa? Na ba hao boa e hlahisa?​—⁠Ba-Galata 5:​22, 23.

23 Ka baka leo, ho hlahlobjoa ha buka ena tabeng ea ho batla ha motho Molimo ka malumeli a lefatše ho lokela ho sebetsa e le karabelo ho tse ling tsa lipotso tsa rōna. Empa ke molao ofe oo bolumeli bo lokelang ho ahloloa ka oona? Ka tekanyetso ea mang?

‘Bolumeli Ba Ka Bo Molemo ka ho Lekaneng ho ’Na’

24, 25. Ke phephetso efe e hlahisoang ho motho e mong le e mong mabapi le bolumeli ba hae?

24 Batho ba bangata ba qhala puisano ea bolumeli ka ho re, ‘Bolumeli ba ka bo molemo ka ho lekaneng ho ’na. Ha ho motho eo ke mo etsang hampe, ’me kea thusa moo nka khonang.’ Empa na seo se finyella moo ho hlokahalang? Na litekanyetso tsa rōna tsa botho li lekane tabeng ea bolumeli?

25 Haeba bolumeli ke “pontšo ea ho lumela ha motho le ho hlompha ha hae matla a phahametseng motho a hlokomeloang e le ’mōpi le ’musi oa bokahohle,” joalokaha buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e bolela, ka sebele potso e lokela hore e be e reng, Na bolumeli ba ka bo molemo ka ho lekaneng ho ’mōpi le ’musi oa bokahohle? Hape, tabeng eo, ’Mōpi o ne a tla ba le tokelo ea ho hloma seo e leng boitšoaro, borapeli le thuto tse amohelehang le tse sa amoheleheng. Hore a etse seo, o tlameha ho senolela batho thato ea hae, ’me tšenolo eo e tlameha ho fumaneha habonolo le ho sebelisoa habonolo ke bohle. Ho feta moo, le hoja ho e-⁠na le makholo a lilemo lipakeng tsa lintho tseo a li senotseng, li lokela hore ka mehla li lumellane ’me li bue ntho e tšoanang. Hona ho hlahisa phephetso ho motho e mong le e mong​—⁠hore a hlahlobe bopaki le ho ipakela hore na thato e amohelehang ea Molimo ke eng.

26. Ke buka efe e halalelang e lokelang ho sebeletsa e le thupa ea ho lekanya bakeng sa borapeli ba ’nete? Hona hobane’ng?

26 E ’ngoe ea libuka tsa khale ka ho fetisisa tse ipolelang hore li bululetsoe ke Molimo ke Bibele. Hape ke buka e tsamaisoang ka bophara ka ho fetisisa le e fetoletsoeng haholo historing eohle. Hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse likete tse peli, e mong oa bangoli ba eona o itse: “Khaotsang ho iketsa hore le tšoane le tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho nchafatsa likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela thato e molemo le e amohelehang le e phethahetseng ea Molimo.” (Ba-Roma 12:⁠2, NW) E be mohloli oa bopaki bo joalo e ka ba ofe? Mongoli eena enoa o ile a bolela: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.” Ka baka leo, Bibele e bululetsoeng e lokela ho sebeletsa e le thupa ea ho lekanya e tšepahalang bakeng sa borapeli ba ’nete le bo amohelehang.​—⁠2 Timothea 3:​16, 17.

27. (a) Lingoliloeng tse halalelang tsa a mang a malumeli a lefatše ke life? (b) Lithuto tsa tsona li lokela ho hlaha joang ha li bapisoa le tsa Bibele?

27 Karolo ea khale ka ho fetisisa ea Bibele e itlhoma pele ka nako har’a lingoliloeng tsohle tse ling tsa lefatše tsa bolumeli. Torah, kapa libuka tsa pele tse hlano tsa Bibele, Molao o ngotsoeng tlas’a pululelo ke Moshe, e ngotsoe khale makholong a lilemo la bo15 le la bo16 B.C.E. Ha ho bapisoa, lingoliloeng tsa Hindu tsa Rig-Veda (pokello ea lifela) li ile tsa phethoa hoo e ka bang ka 900 B.C.E. ’me ha li ipolele hore li bululetsoe ke Molimo. “Canon of the Three Baskets” ea Mabuddha e ngotsoe morao lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Qur’ān, eo ho boleloang hore e tlisitsoe e e-⁠tsoa ho Molimo ka lengeloi Gabriele, ke mosebetsi oa lekholong la bosupa la lilemo C.E. Buka ea Mormon, eo ho tlalehoang hore e ile ea nehoa Joseph Smith oa United States ke lengeloi le bitsoang Moroni, ke mosebetsi oa lekholong la bo19 la lilemo. Ka hona haeba tse ling tsa libuka tsena li bululetsoe ke Molimo joalokaha ba bang ba tiisa, seo li fanang ka sona e le mantsoe a tataiso ea bolumeli ha sea lokela ho hanyetsa lithuto tsa Bibele, eo e leng mohloli oa pele o bululetsoeng. Hape li lokela ho arabela tse ling tsa lipotso tse qakileng batho ka ho fetisisa.

Lipotso Tse Hlokang Karabo

28. Tse ling tsa lipotso tse hlokang karabelo ke life?

28 (1) Na Bibele e ruta seo boholo ba malumeli bo se rutang le seo batho ba bangata ba se lumelang, e leng, hore batho ba na le moea o sa shoeng le hore lefung o fallela sebakeng se seng, “bophelong bo tlang,” leholimong, liheleng, kapa pelekatoring, kapa hore o khutla ka ’mele osele?

(2) Na Bibele e ruta hore Morena ’Musi oa bokahohle ha a na lebitso? Na e ruta hore ke Molimo o le mong? kapa batho ba bararo ho Molimo o le mong? kapa melimo e mengata?

(3) Bibele e re morero oa tšimolohong oa Molimo e ne e le ofe ha o bōpa batho hore ba phele lefatšeng?

(4) Na Bibele e ruta hore lefatše le tla senngoa? Kapa na e supa feela bofelo, kapa qetello, ba tsamaiso ea lefatše e silafetseng?

(5) Hantle-ntle khotso ea ka hare le poloko li ka finyelloa joang?

29. (a) Ke molao-motheo ofe oa sehlooho oo e lokelang ho ba tataiso ha re batla ’nete? (b) Bibele e fana ka likarabo life lipotsong tsa rōna?

29 Bolumeli bo bong le bo bong bo na le likarabo tse fapaneng, empa ho batleng ha rōna “bolumeli bo hloekileng,” re lokela hore qetellong re fihle liqetong tseo Molimo o batlang ha re fihla ho tsona. (Jakobo 1:​27, AS; KJ) Ke hobane’ng ha re ka bua joalo? Hobane molao-motheo oa rōna e tla ba hore: “’Nete e be ea Molimo, ’me batho bohle ba be leshano, joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: U tle u fumanoe u lokile lipolelong tsa hao, ’me u tle u hlōle mohla u ahloloang.”​—⁠Ba-Roma 3:⁠4.a

30. Tse ling tsa lipotso tseo ho lokelang hore ho nahanoe ka tsona khaolong e latelang ke life?

30 Haele mona re e-⁠na le motheo oa ho hlahloba malumeli a lefatše, a re reteleheleng nakong ea ha motho a ne a qala ho nyoreloa lintho tsa moea. Re tseba eng ka hore na bolumeli bo qalile joang? Ke mehlala efe ea borapeli e ileng ea hlongoa har’a batho ba boholo-holo ’me mohlomong ba neng ba sa tsoela pele?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a  Haeba u thahasella karabo e potlakileng ea Bibele lipotsong tsena, re khothalletsa hore u hlahlobe litemana tse latelang: (1) Genese 1:​26; 2:⁠7; Ezekiele 18:​4, 20; Levitike 24:​17, 18, NW; Mattheu 10:​28; (2) Deuteronoma 6:⁠4; 1 Ba-Korinthe 8:​4-⁠6; (3) Genese 1:​27, 28; Tšenolo 21:​1-⁠4; (4) Moeklesia 1:⁠4; Mattheu 24:​3, 7, 8; (5) Johanne 3:​16; 17:⁠3; Ba-Filippi 2:​5-11; 4:​6, 7; Ba-Heberu 5:⁠9.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 16]

Malumeli ’ohle a lokela a be a hlahisa tholoana ea khotso. Empa na aa ho etsa?

[Lebokose le leqepheng la 14]

Bolumeli, Lerato, Le Lehloeo

▪ “Lintoa tsa bolumeli li sekamela ho beng bohale ho feta. Ha batho ba loanela libaka ka lebaka la melemo ea moruo, ba fihla ntlheng eo ho eona ntoa e seng e sa tšoanele litšenyehelo ’me kahoo baa sekisetsa. Ha sesosa e le sa bolumeli, ho sekisetsa le ho boelana li bonahala li le mpe.”​—⁠Roger Shinn, moprofesa oa mekhoa ea boitšoaro har’a batho, Union Theological Seminary, New York.

▪ “Batho ba tjolietsana ka lebaka la bolumeli, ba ngola ka baka la bona, baa bo loanela, baa bo shoela; e seng ho bo phelela . . . Moo bolumeli ba ’nete bo ileng ba thibela tlōlo ea molao e le ’ngoe, malumeli a bohata a khonne ho koahela tse sekete.”​—⁠Cha⁠rles Caleb Colton (1825).

▪ “Re na le bolumeli bo lekaneng ho re etsa hore re hloee, empa ha re na bo lekaneng ho re etsa hore re ratane.”​—⁠Jonathan Swift (1667-1745).

▪ “Ha ho mohla batho ba etsang bobe ka ho felletseng le ka thabo ho tšoana leha ba bo etsa ka tšusumetso ea bolumeli.”​—⁠Blaise Pascal (1623-62).

▪ “Morero oa ’nete oa bolumeli bo phahameng ke ho jala likeletso le linnete tsa moea tseo e leng moko oa bona meeeng e mengata kamoo bo ka khonang ho e finyella, e le hore o mong le o mong oa meea ena o ka nolofalletsoa hore kahoo o finyelle pakane ea ’nete ea Motho. Pakane ea ’nete ea motho ke ho tlotlisa Molimo le ho O thabela ka ho sa feleng.”​—⁠Arnold Toynbee, rahistori.

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

Mahindu A Hlompha Nōka Ea Ganges​—⁠e Bitsoang Ganga Ma, Kapa ’Mè Ganga

Mak’hatholike a tšepahalang a retelehela ho Maria ha a sebelisa rosari

Linaheng tse ling tsa Mabuddha, batho ba bangata ba batona ba sebeletsa ka nakoana e le baitlami ba liaparo tse telele tsa saffrone

Banna ba Mamosleme ba tšepahalang ba etsa ketelo ea bolumeli Mecca bonyane hanngoe ka selemo

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Lipaki tsa Jehova, tse tsejoang lefatšeng ka bophara ka tšebetso ea tsona ea ho bolela, li motseng oa Majapane

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Lesea le kolobetsoang ho e ’ngoe ea likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Na bolumeli boo motho a tsoaletsoeng ho bona e hlile ke ba ’nete?

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Sehlabelo sa motho sa Maaztec ​—⁠na malumeli ’ohle e hlile ke “litsela tse lekanang tse isang ’neteng”?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ka lebitso la bolumeli, ba limillione ba ’nile ba bolaea le ho bolaoa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela