Buka ea Bibele ea 63—2 Johanne
Mongoli: Moapostola Johanne
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Efese, kapa haufi le eona
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 98 C.E.
1. E ka ’na eaba Johanne oa Bobeli e ne e ngolletsoe mang?
LENGOLO la bobeli la Johanne le lekhutšoanyane—e ka ’na eaba le ne le ngotsoe leqepheng le le leng la loli—empa le tletse moelelo. Le lebisitsoe ho “mofumahali ea khethiloeng, le bana ba hae.” Kaha “Kyria” (lentsoe la Segerike le bolelang “mofumahali”) e ne e le lebitso le loketseng ka nako eo, litsebi tse ling tsa Bibele li ikutloa hore lengolo lena le ne le lebisitsoe ho motho ea itseng ea neng a bitsoa ka lebitso leo. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba nahana hore Johanne o ne a ngolla phutheho ea Bokreste, a e bitsa “mofumahali ea khethiloeng.” Ho ne ho ka ’na ha etsoa sena ka sepheo sa ho ferekanya bahlorisi. Ntlheng eo, litumeliso tsa ‘ngoan’abo’ tse boletsoeng temaneng ea ho qetela e ne e tla ba tse tsoang ho litho tsa phutheho e ’ngoe. Kahoo lengolo la bobeli le ne le sa ngoloa ka morero oa hore e be le akaretsang joaloka la pele, hobane ho bonahala eka le ne le ngolletsoe motho ea itseng kapa phutheho e itseng ka ho khethehileng.—Tem. 1, BPN.
2. (a) Ke bopaki bofe bo supang moapostola Johanne e le eena mongoli oa Johanne oa Bobeli? (b) Ke eng e bontšang hore lengolo lee le ngolletsoe Efese kapa haufi le eona, hoo e ka bang ka 98 C.E., ’me ke eng e tšehetsang bonnete ba tlaleho ea lona?
2 Ha ho lebaka la ho ba le pelaelo ka hore Johanne ke eena ea ngotseng lengolo lena. Mongoli o ipitsa “monna ea hōlileng.” Ka sebele sena ha se tšoanele Johanne feela ka lebaka la ho hōla ha hae lilemong empa hape ka lebaka la hore, joaloka e mong oa “litšiea” (Ba-Gal. 2:9) le moapostola oa ho qetela ea neng a ntse a phela, ruri e ne e le “monna ea hōlileng” ka phuthehong ea Bokreste. O ne a tsebahala, ’me ho ne ho sa hlokahale hore a itsebahatse ho feta moo bakeng sa babali ba lengolo la hae. Hore ke eena mongoli ho boetse ho bontšoa ke hore mokhoa oo a ngotseng ka oona o tšoana le oo a ngotseng lengolo la pele le Kosepele ea Johanne ka oona. Joaloka lengolo la pele, ho bonahala eka lengolo lena la bobeli le ngolletsoe Efese kapa mathōkong a eona, hoo e ka bang ka 98 C.E. Mabapi le Johanne oa Bobeli le oa Boraro, Cyclopedia ea McClintock le Strong ea hlalosa: “Ho tsoa ho tšoaneng ha ’ona ho akaretsang, re ka ’na ra fihlela qeto ea hore liepistole tsena tse peli li ngotsoe nakoana ka morao ho Epistole ea pele ’me li ngolletsoe Efese. Ka bobeli li sebelisa melao-motheo e neng e fanoe ka botlalo Epistoleng ea pele maemong a batho ka bomong a boitšoaro.”a Ho tšehetsa bonnete ba tlaleho ea lengolo lena, Irenaeus oa lekholong la bobeli la lilemo o qotsa litaba tsa lona, ’me Clement oa Alexandria, oa nakong eona eo, o ne a le amohela.b Hape, mangolo a Johanne a thathamisitsoe Mosaletseng oa Muratori.
3. Ke hobane’ng ha Johanne a ile a ngola lengolo lee?
3 Joaloka Johanne oa Pele, lebaka la ho ngoloa ha lengolo lena ke tlhaselo ea matichere a bohata khahlanong le tumelo ea Bokreste. Johanne o batla ho lemosa babali ba lengolo la hae ka batho ba joalo e le hore ba ba hlokomele ’me ba suthele thōko le bona, ha ba ntse ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng, ka ho ratana.
LITABA TSE KA HARE TSA JOHANNE OA BOBELI
4. Ka ho khetheha ke hobane’ng ha Johanne a ba eletsa hore ba ratane, ’me ba eketsang thuto ea Kreste ba tlameha ho tšoaroa joang?
4 Ratanang; lelekang bakoenehi (Litem. 1-13). Ka mor’a hore Johanne a bolelle ‘mofumahali ea khethiloeng le bana ba hae’ ka lerato la hae ’neteng, o thabela hore o fumane ba bang ba bona ba ntse ba tsamaea ’neteng, joalokaha Ntate a laetse. O kōpa hore ba bontše ho ratana ha bona ka ho tsoela pele ho tsamaea ka litaelo tsa Molimo. Hobane bathetsi le bo-antikreste ba ile lefatšeng, e leng ba sa lumeleng hore Jesu Kreste o tlile ka nama. Ea eketsang thuto ea Kreste ha a na Molimo, empa ea lulang thutong ena “o na le Ntate le Mora.” Mang kapa mang ea sa tliseng thuto ena ha aa lokela ho amoheloa malapeng a bona, esita le hona ho lumelisoa. Ho na le lintho tse ngata tseo Johanne a lokelang ho ba ngolla tsona, empa ho e-na le ho etsa hoo o tšepile hore o tla tla ’me a bue le bona ba talimane mahlong, hore thabo ea bona “e tle e phethehe.”—Litem. 9, 12.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
5. (a) Ke boemo bofe bo ileng ba hlaha mehleng ea Johanne bo hlahileng hape mehleng ea kajeno? (b) Joaloka Johanne, re ka bontša kananelo bakeng sa bonngoe ba phutheho joang kajeno?
5 Ho bonahala eka mehleng ea Johanne, joaloka mehleng ea kajeno, ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba sa khotsofala ka lithuto tsa Kreste tse hlakileng, tse bonolo. Ba ne ba batla ho hong ho fetang hoo, ho hong ho neng ho tla ba khotsofatsa boikutlong ba bona ba hore ke ba bohlokoa, ho hong ho neng ho tla ba phahamisa ’me ho ba behe boemong bo le bong le bo-rafilosofi ba lefatše, ’me ba ne ba ikemiselitse ho silafatsa le ho arola phutheho ea Bokreste e le hore ba finyelle lipakane tsa bona tsa boithati. Johanne o ne a talima kutloano ea phutheho e itšetlehileng ka lerato le thuto e nepahetseng bonngoeng le Ntate le Mora e le ea bohlokoa haholo. Re lokela ho tšoara bonngoe ba phutheho joaloka letlotlo la bohlokoa kajeno, re be re hane ho thabela botsoalle kapa ho lumelisa ba koenehelang thutong e ’ngoe ka ntle ho e amohetsoeng e tlileng ka Mangolo a bululetsoeng. Ka ho tsoela pele ho tsamaea ka litaelo tsa Molimo, le ka thabo e phethehileng e ka fumanoang botsoalleng ba ’nete ba Bokreste, re ka kholiseha hore “mosa o sa tšoanelang, mohau le khotso tse tsoang ho Molimo Ntate le ho Jesu Kreste Mora oa Ntate li tla ba le rōna, hammoho le ’nete le lerato.” (Tem. 3, NW) Ka sebele lengolo la bobeli la Johanne le hatella tlhohonolofatso ea bonngoe bo joalo ba Bokreste.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Khatiso e ncha ea 1981, Moq. IV, leqephe 955.
b New Bible Dictionary, khatiso ea bobeli, ea 1986, e hlophisitsoeng ke J. D. Douglas, leqephe 605.