Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
NA HO na le motho leha e le ofe eo ntle le pelaelo a ka bitsoang motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela? U lekanya boholo ba motho joang? Ka tsebo ea hae ea ntoa? ka matla a hae a ’mele? ka matla a hae a kelello?
Rahistori H. G. Wells o ile a re boholo ba motho bo ka lekanngoa ka ‘seo a se sieang hore se ’ne se hōle, le hore na o entse hore ba bang ba qale ho nahana ka tsela e ncha ka matla a bileng le tšusumetso le ha a se a le sieo.’ Le hoja Wells a ne a sa ipolele e le Mokreste, o ile a lumela: “Ho latela teko ena, Jesu o hlahella ka pele ho bohle.”
Alexander e Moholo, Charlemagne (eo esita le bophelong ba hae ho neng ho thoe ke “e Moholo”), le Napoleon Bonaparte e ne e le babusi ba matla. Ka boteng ba bona bo hlokomelehang, ba ile ba ba le tšusumetso e khōlō holim’a batho bao ba neng ba ba busa. Leha ho le joalo, ho tlalehoa hore Napoleon o ile a re: “Jesu Kreste o ile a susumetsa le ho busa batho ba ka tlas’a Hae ho sa hlokahale hore A be teng ka ’mele o bonahalang.”
Ka lithuto tsa hae tse matla le ka tsela eo a neng a phela tumellanong le tsona ka eona, Jesu o susumelitse bophelo ba batho ka tsela e matla ka lilemo tse ka bang likete tse peli. Ho joalokaha mongoli e mong a hlalositse ka nepo: “Mabotho ’ohle a kileng a macha, likepe tsohle tsa ntoa tse kileng tsa hahoa, liparamente tsohle tse kileng tsa lula, marena ’ohle a kileng a busa, ha li kopanngoa hammoho ha lia ba le tšusumetso e matla [joaloka Jesu] bophelong ba motho lefatšeng lena.”
Motho ea Kileng a ba Teng Historing
Leha ho le joalo, ho makatsang ke hore ba bang ba re ha ho mohla Jesu a kileng a phela—ba re ha e le hantle, ke motho ea iqapetsoeng ke banna ba bang ba lekholong la pele la lilemo. Ha rahistori ea hlonepshoang Will Durant a arabela batho ba nang le lipelaelo tse joalo, o ile a pheha khang: “Taba ea hore molokong o le mong batho ba seng bakae ba hlokang tsebo ba iqapetse botho bo matla le bo ipiletsang hakaalo, tekanyetso ea boitšoaro e phahameng le pono ea boena ba batho e susumetsang hakaalo, e ne e tla ba mohlolo oo ho neng ho tla ba thata ho o lumela ho feta mohlolo leha e le ofe o tlalehiloeng ka Likosepeleng.”
Ipotse: Na motho eo ho seng mohla a kileng a phela o ne a ka ba le tšusumetso historing ea batho ka mokhoa o tsotehang hakaale? Buka ea litšupiso The Historians’ History of the World e boletse: “Phello ea mesebetsi [ea Jesu] historing e bile e khōlō haholo, esita le ho latela pono ea litaba tsa lefatše feela, ho feta liketso tsa motho leha e le ofe e mong historing. Mehla e mecha, e khetholloang ka tsoelo-pele e khōlō ea lefatše, e qalile nakong ea tsoalo ea hae.”
E, nahana ka hona. Esita le lialmanaka tsa kajeno li thehiloe selemong seo ho neng ho nahanoa hore Jesu o hlahile ka sona. The World Book Encyclopedia ea hlalosa: “Lilemo tsa pele ho selemo seo li ngoloa e le B.C., kapa ‘before Christ’ [pele ho Kreste]. Lilemo tsa ka morao ho selemo seo li ngoloa e le A.D., kapa anno Domini (selemong sa Morena oa rōna).”
Leha ho le joalo, bahlahlobisisi ba bontša hore sohle seo re hlileng re se tsebang ka Jesu se fumaneha ka Bibeleng. Ba bolela hore ha ho litlaleho tse ling tsa mehleng eo tse buang ka eena tse ntseng li le teng. Esita le H. G. Wells o ngotse: “Bo-rahistori ba boholo-holo ba Baroma ba ile ba hlokomoloha Jesu ka ho felletseng; ha aa ka a ba le tšusumetso ea letho litlalehong tsa histori tsa mehleng ea hae.” Empa na sena ke ’nete?
Le hoja litšupiso tsa bo-rahistori ba pele ba lefatše tse buang ka Jesu Kreste e le tse fokolang haholo, litšupiso tse joalo li hlile li teng. Rahistori oa Moroma ea hlonepshoang oa lekholong la pele la lilemo, Cornelius Tacitus, o ngotse: “Lebitso [Mokreste] le nkiloe ho Kreste, eo ’musi oa profensi Ponse Pilato a ileng a mo ahlolela lefu pusong ea Tibere.” Bangoli ba bang ba Baroma ba nakong eo, Suetonius le Pliny e Monyenyane, le bona ba ile ba bua ka Kreste. Ho phaella moo, rahistori oa Mojode oa lekholong la pele la lilemo, Flavius Josephus, o ile a ngola ka Jakobo, eo a ileng a mo tsebahatsa e le “ngoan’abo Jesu, ea neng a bitsoa Kreste.”
Ka hona, The New Encyclopædia Britannica e fihlela qeto ena: “Litlaleho tsena tse ikemetseng li paka hore mehleng ea boholo-holo esita le bahanyetsi ba Bokreste ha ho mohla ba kileng ba belaella hore Jesu o kile a ba teng historing, e leng se ileng sa belaelloa ka lekhetlo la pele ebile e le ka mabaka a fokolang qetellong ea lekholo la bo18 la lilemo, lekholong la bo19 la lilemo, le mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo.”
Leha ho le joalo, ha e le hantle sohle se tsejoang ka Jesu se tlalehiloe ke balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo. Litlaleho tsa bona li bolokiloe Likosepeleng—e leng libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ke Mattheu, Mareka, Luka, le Johanne. Litlaleho tsee li re’ng mabapi le hore na Jesu e ne e le mang?
Ha e le Hantle, e ne e le Mang?
Metsoalle ea Jesu ea lekholong la pele la lilemo e ile ea ipotsa potso eo. Ha e bona Jesu a khutsisa leoatle le tsukutloang ke moea ka mohlolo ka ho le khalemela, e ile ea ipotsa ka ho makala: “Na enoa ke mang na?” Hamorao, ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a botsa baapostola ba hae: “Lōna, le re, ke mang na?”—Mareka 4:41; Mattheu 16:15.
Haeba u ne u ka botsoa potso eo, u ne u tla arabela joang? Na Jesu e ne e hlile e le Molimo? Kajeno ba bangata ba re e ne e le Molimo. Leha ho le joalo, ho hang metsoalle ea hae e ne e sa lumele hore ke Molimo. Karabelo ea moapostola Petrose potsong ea Jesu e ile ea e-ba e reng: “U Kreste, Mor’a Molimo o phelang.”—Mattheu 16:16.
Ha ho mohla Jesu a kileng a ipolela hore ke Molimo, empa o ile a lumela hore ke eena Messia ea tšepisitsoeng, kapa Kreste. O ile a boela a bolela hore ke “Mora oa Molimo,” eseng Molimo. (Johanne 4:25, 26; 10:36) Leha ho le joalo, Bibele ha e bolele hore Jesu e ne e le motho ea tšoanang le motho leha e le ofe. E ne e le motho ea khethehileng haholo hobane o bōpiloe ke Molimo pele ho lintho tsohle tse ling. (Ba-Kolosse 1:15) Ka lilemo tse libillione tse se nang palo, esita le pele ho bōptjoa bokahohle bo bonahalang, Jesu o ne a phela leholimong e le motho oa moea ’me o ne a thabela botsoalle bo haufi-ufi le Ntat’ae, Jehova Molimo, ’Mōpi e Moholo.—Liproverbia 8:22, 27-31.
Joale, hoo e ka bang lilemong tse likete tse peli tse fetileng, Molimo o ile oa fetisetsa bophelo ba Mora oa oona popelong ea mosali, ’me Jesu e ile ea e-ba mora oa motho oa Molimo, ea tsoetsoeng ke mosali ka tsela e tloaelehileng. (Ba-Galata 4:4) Ha Jesu a ntse a hōla ka popelong le ha a ntse a hōla e sa le moshanyana, o ne a itšetlehile ka bao Molimo o neng o ba khethile hore e be batsoali ba hae ba lefatšeng. Qetellong Jesu o ile a finyella bonneng, ’me o ile a fuoa matla a ho hopola ka botlalo setsoalle seo a neng a e-na le sona le Molimo leholimong.—Johanne 8:23; 17:5.
Se Entseng Hore e be Motho e Moholo ka ho Fetisisa
Kaha o ne a etsisa Ntat’ae oa leholimo ka hloko, Jesu e ne e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. Joaloka Mora ea tšepahalang, Jesu o ne a etsisa Ntat’ae hantle hoo a neng a ka bolella balateli ba hae hore: “Ea mponang o bone Ntate.” (Johanne 14:9, 10) Boemong bo bong le bo bong mona lefatšeng, o ile a etsa hantle feela kamoo Ntat’ae, Molimo o Matla ’Ohle, a neng a tla etsa ka teng. Jesu o ile a hlalosa: “Ha ke etse letho ke ’notši, ke mpa ke bolela litaba tseo joale ka ha Ntate a nthutile.” (Johanne 8:28) Kahoo ha re ithuta bophelo ba Jesu Kreste, ha e le hantle, re fumana setšoantšo se hlakileng sa hore na Molimo o joang.
Ka hona, le hoja moapostola Johanne a ile a lumela hore “Molimo ha oa ka oa bonoa ke motho le ka mohla o le mong,” o ne a ntse a ka khona ho ngola hore “Molimo ke lerato.” (Johanne 1:18; 1 Johanne 4:8, BPN) Johanne o ne a ka etsa sena hobane a tseba lerato la Molimo ka seo a se boneng ho Jesu, eo e neng e le ponahatso e phethahetseng ea Ntat’ae. Jesu o ne a e-na le kutloelo-bohloko, a le mosa, a ikokobelitse, ’me a atameleha. Batho ba fokolang le ba hatelletsoeng ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le eena, joalokaha batho ba mefuta eohle—banna, basali, bana, barui, bafutsana, batho ba matla, esita le baetsalibe ba fetelletseng le bona ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le eena. Ke ba pelo li khopo feela ba neng ba sa mo rate.
Ha e le hantle, Jesu ha aa ka a ruta balateli ba hae ho ratana feela, empa o ile a ba bontša hore na ba lokela ho etsa hoo joang. O ile a re: “Joale ka ha ke le ratile, ratanang [le lokela ho ratana] joalo le lōna.” (Johanne 13:34) E mong oa baapostola ba hae o ile a hlalosa hore ho tseba ‘lerato la Kreste ho fetisa tsebo eohle.’ (Ba-Efese 3:19) E, lerato leo Kreste a le bontšitseng le fetisa hōle tsebo ea thuto e ka hloohong ’me le ‘tlama’ ba bang hore ba arabele ho lona. (2 Ba-Korinthe 5:14) Ka hona, ka ho khethehileng mohlala oa Jesu oa lerato o phahameng ka ho fetisisa ke sona se ileng sa mo etsa motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. Lerato la hae le amme lipelo tsa ba limillione ho theosa le makholo a lilemo ’me le susumelitse bophelo ba bona ka tsela e molemo.
Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba pheha khang: ‘Talima litlōlo tsohle tse entsoeng ka lebitso la Kreste—Lintoa tsa Bakreste, Lekhotla le Otlang Bakhelohi, le lintoa tseo ho tsona ba limillione ba ipolelang e le Bakreste ba ileng ba bolaeana ka mahlakoreng a loantšanang a ntoa.’ Empa bonneteng, batho bana ba shanofatsa boipolelo ba bona ba hore ke balateli ba Jesu. Lithuto tsa hae le tsela ea hae ea bophelo ha li lumellane le liketso tsa bona. Esita le Mohindu, Mohandas Gandhi, o ile a susumelletseha ho re: ‘Ke rata Kreste, empa ke hloile Bakreste hobane ha ba phele ka tsela eo Kreste a neng a phela ka eona.’
Rua Molemo ka ho Ithuta ka Eena
Ruri kajeno ha ho thuto e ’ngoe eo e leng ea bohlokoa ho feta ea bophelo ba Jesu Kreste le tšebeletso ea hae. Moapostola Pauluse o ile a phehella: “Talimang ka tieo . . . Jesu.” ‘Ka sebele, talimang [eo] ka hloko.’ ’Me Molimo ka booona o ile oa laela tjena mabapi le Mora oa oona: “Mo utloeng!” Sena ke sona seo buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela e tla u thusa ho se etsa.—Ba-Heberu 12:2, 3, NW; Mattheu 17:5.
Ho entsoe boiteko ba ho hlahisa ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng bophelong ba Jesu ba lefatšeng e boletsoeng Likosepeleng tse ’nè, ho akarelletsa lipuo tseo a ileng a fana ka tsona le litšoantšo tsa hae le mehlolo eo a ileng a e etsa. Ho fihlela moo ho khonehang, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e boletsoe ka tlhahlamano eo lintho li etsahetseng ka eona. Qetellong ea khaolo ka ’ngoe ho na le lethathamo la litemana tsa Bibele tseo khaolo eo e theiloeng holim’a tsona. U khothalletsoa hore u bale litemana tsena le hore u arabele lipotso tsa tlhahlobo tse botsitsoeng.
Haufinyane tjena setsebi se seng Univesithing ea Chicago se ile sa bolela: “Ho ngotsoe ho hongata ka Jesu lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng ho feta lilemong tse likete tse peli tse fetileng.” Leha ho le joalo, ho na le tlhokahalo ea bohlokoahali ea hore u hlahlobe litlaleho tsa Likosepele ka bouena, hobane joalokaha The Encyclopædia Britannica e boletse: “Liithuti tse ngata tsa kajeno li tšoarehile haholo ka likhopolo tse loantšanang tse buang ka Jesu le Likosepele hoo li seng li hlokomolohile ho ithuta mehloli ena ea motheo ka boeona.”
Ka mor’a tlhahlobo e hlokolosi, e hlokang leeme ea litlaleho tsa Likosepele, re ikutloa hore u tla lumela hore ketsahalo e khōlō ka ho fetisisa historing ea batho e ile ea etsahala pusong ea Cesare Augusto oa Roma, ha Jesu oa Nazaretha a hlaha e le hore a nehelane ka bophelo ba hae molemong oa rōna.