Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 4
  • Ke Moimana Empa ha aa Nyaloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Moimana Empa ha aa Nyaloa
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Moimana, empa ha a Nyaloa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Maria ke Moimana Empa a sa Nyaloa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Etsisa Tumelo ea Bona
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 4

Khaolo ea 4

Ke Moimana Empa ha aa Nyaloa

KE LIKHOELI tse tharo Maria e le moimana. U tla hopola hore o ile a qeta karolo e qalang ea boimana ba hae a etetse Elizabetha, empa joale o khutletse hae Nazaretha. Haufinyane boemo ba hae bo tla tsebahala hohle motseng oa habo. Ka sebele o boemong bo tepeletsang!

Ho mpefatsang boemo ke hore Maria o lebellelitsoe hore e e’o ba mosali oa Josefa oa ’metli. ’Me oa tseba hore tlas’a molao oa Molimo o fuoeng Iseraele, mosali ea lebellelitsoeng ke monna e mong, empa ka boomo a ba le likamano tsa botona le botšehali le monna e mong o lokela ho tlepetsoa ka majoe hore a shoe. O tla hlalosetsa Josefa ka ho ima ha hae joang?

Kaha ke likhoeli tse tharo Maria a le sieo, re ka kholiseha hore Josefa o thahasella ho ’mona haholo. Ha ba kopana, mohlomong Maria o hlile o ’molella litaba tseo. O leka ka hohle ho mo hlalosetsa hore ke ka moea oa Molimo o halalelang e leng moimana. Empa joalokaha u ka inahanela, ena e hlile ke ntho e thata haholo hore Josefa a e lumele.

Josefa o tseba botumo bo botle boo Maria a nang le bona. ’Me ka ho hlakileng o mo rata haholo. Empa ho sa tsotellehe seo a ka ’nang a se bolela, ho hlile ho bonahala eka o emolisitsoe ke monna e mong. Leha ho le joalo, Josefa ha a rate hore a tlepetsoe ka majoe hore a shoe kapa hore a hobosoe pontšeng. Ka hona o etsa qeto ea ho mo hlala ka lekunutu. Mehleng eo, batho ba lebelletsaneng ba ne ba talingoa joalokaha eka ba se ba nyalane, ’me ho ne ho hlokahala tlhalo ho felisa tebeletsano.

Hamorao, ha Josefa a ntse a nahana ka litaba tsena, oa tsamaea ’me o il’o robala. Lengeloi la Jehova le itlhahisa ho eena ka toro ’me le re: “U se ke ua tšaba ho inkela Maria, mosali oa hao, hobane se emotsoeng ke eena, ke sa Moea o Halalelang. O tla tsoala mora, ’me u tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke eena ea tla pholosa sechaba sa hae libeng tsa sona.”

Ha Josefa a tsoha, o leboha hakaakang! Ntle ho tšenyo ea nako o etsa joalokaha lengeloi le mo laetse. O tlisa Maria lapeng habo. Ha e le hantle, ketso ena ea phatlalatsa e sebeletsa e le tšebeletso ea lenyalo, ho bontša hore joale Josefa le Maria ba nyalane ka molao. Empa Josefa ha a be le likamano tsa botona le botšehali le Maria ha e ntse e le moimana oa Jesu.

Bona! Maria o se a le haufi le ho beleha, empa Josefa o mo palamisa esele. Ba ea kae, hona ke hobane’ng ha ba nka leeto ha Maria a le lekhatheng la ho beleha? Luka 1:39-41, 56; Mattheu 1:18-25; Deuteronoma 22:23, 24.

▪ Boikutlo ba Josefa e ba bofe ha a utloa hore Maria ke moimana, hona hobane’ng?

▪ Ke joang Josefa a ka hlalang Maria empa ba e-s’o nyalane?

▪ Ke ketso efe ea phatlalatsa e sebeletsang e le tšebeletso ea lenyalo la Josefa le Maria?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela