Khaolo ea 9
Bophelo ba Jesu ba Bonyenyaneng Lapeng
HA JESU a ntse a hōla, Nazaretha e sa ntsane e le motse o monyenyane, o sa tumang. O hahuoe maralleng a naha sebakeng se bitsoang Galilea, ha o hōle haholo le Phula e ntle ea Jezreele.
Ha Jesu a le lilemo tse ka bang peli, Josefa le Maria ba mo tlisa mona ho tsoa Egepeta, ho bonahala hore ke eena feela ngoana oa Maria. Empa eseng ka nako e telele. Ka mor’a nako, Jakobo, Josefa, Simeone le Judase baa hlaha, ’me Maria le Josefa ba boetse ba ba le banana. Ha e le hantle Jesu o na le baena ba tšeletseng le likhaitseli.
Jesu o na le beng ka eena ba bang. Re se ntse re tseba ngoan’abo e moholo Johanne, eo e leng ngoan’abo ka bo-’m’a bona, ea lulang sebakeng se hōle koana Judea. Empa mong ka eena ea lulang haufinyane, Galilea, ke Salome, eo mohlomong e leng ngon’abo Maria. Salome o nyetsoe ke Zebedea, ’me bashemane ba bona ba babeli, Jakobo le Johanne, ke banab’abo Jesu ka bo-’m’a bona. Ha re tsebe hore na ha Jesu a ntse a hōla, o qeta nako e telele le bashemane bana, empa hamorao ba fetoha metsoalle ea hae e haufi.
Ho hlokahala hore Josefa a sebetse ka matla ho phelisa lelapa la hae le hōlang. Ke ’metli. Josefa o hōlisa Jesu joaloka mor’a hae oa sebele, ka hona Jesu o bitsoa “mora oa ’metli.” Josefa o ruta Jesu hore le eena e be ’metli, ’me o ithuta hantle. Ke ka baka leo hamorao batho ba bolelang tjena ka Jesu, ‘Enoa ke ’metli.’
Bophelo ba lelapa la Josefa bo theiloe borapeling ba Jehova Molimo. Josefa le Maria ba boloka Molao oa Molimo ka ho fa bana ba bona thupelo ea moea ‘ha ba lutse tlung ea bona, ha ba tsamaea tseleng, ha ba robala, le ha ba tsoha.’ Nazaretha ho na le synagoge, ’me re ka kholiseha hore Josefa o tsamaea le lelapa la hae ka mehla ho ea rapela teng. ’Me ha ho pelaelo hore ba thaba haholo ha ba nka maeto a ka mehla a ho ea Jerusalema tempeleng ea Jehova. Mattheu 13:55, 56; 27:56; Mareka 15:40; 6:3; Deuteronoma 6:6-9.
▪ Jesu o na le baena le bo-khaitseli ba bakae bonyane, ’me mabitso a ba bang ba bona ke bo-mang?
▪ Banab’abo Jesu ka bo-’m’a bona ba bararo ba tsebahalang ke bo-mang?
▪ Qetellong Jesu o etsa mosebetsi ofe oa matsoho, hona hobane’ng?
▪ Josefa o fa lelapa la hae thupelo efe ea bohlokoa?