Khaolo ea 10
Maeto a ho ea Jerusalema
E SE e le nako ea selemo. ’Me ke nako ea hore lelapa la Josefa, hammoho le metsoalle le beng ka eena, ba nke leeto la selemo le selemo ho ea Jerusalema ho ea keteka Paseka. Ha ba kena leetong la lik’hilomithara tse ka bang 100, ba nyakalletse joaloka mehleng. Jesu o se a le lilemo li 12 joale, ’me o lebelletse mokete ka thahasello e khethehileng.
Ho Jesu le lelapa labo, Paseka hase taba ea letsatsi le le leng feela. Ba boetse ba letela Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang oa matsatsi a latelang a supileng, oo le oona ba o nkang e le karolo ea nako ea Paseka. Ka baka leo, leeto lohle ho tloha ha habo bona Nazaretha, ho akarelletsa ho lula Jerusalema, le nka libeke tse ka bang peli. Empa selemong sena, ka lebaka la ntho e ’ngoe e amang Jesu, le ba lelelele.
Bothata bo hlaha ha ba le leetong ba khutla Jerusalema. Josefa le Maria ba nahana hore Jesu o sehlopheng sa beng ka bona le metsoalle ba tsamaeang hammoho. Empa ha a bonahale ha ba emisa ’me ba robaletsa, ’me baa tsamaea ba il’o ’matla har’a ba tsamaeang le bona. Ha ba mo fumane. Ka hona Josefa le Maria ba khutlela Jerusalema ho ea ’matla.
Ba ’matla letsatsi lohle ba sa atlehe. Le letsatsing la bobeli ha ba mo fumane. Qetellong, ka letsatsi la boraro, ba ea tempeleng. Moo, ka ho e ’ngoe ea liholo tsa eona, ba bona Jesu a lutse har’a baruti ba Bajode, a ba mametse le ho ba botsa lipotso.
Maria oa botsa: “Ngoan’a ka, u re etselitse’ng joalo? U ka bona, ntat’ao le ’na, re ne re u batla re tšohile haholo.”
Jesu o maketse hore e be ba ne ba sa tsebe moo ba ka mo fumanang teng. Oa botsa: “Le ne le mpatlela’ng? Na le ne le sa tsebe hoba ke tšoanetse ho ba teng litabeng tsa Ntate na?”
Jesu ha a utloisise hore na ke hobane’ng ha batsoali ba hae ba ne ba sa tsebe sena. Kahoo, Jesu o khutlela hae le batsoali ba hae ’me o tsoela pele ho ikokobeletsa bona. O tsoela pele a hōla bohlaleng le ’meleng le ho amoheloeng ke Molimo le batho. E, ho tloha bonyenyaneng ba hae ho ea pele, Jesu o beha mohlala o motle oa ho se batle lithahasello tsa moea feela empa hape le ho bontša tlhompho ho batsoali ba hae. Luka 2:40-52; 22:7.
▪ Ke leeto lefe la nako ea selemo leo Jesu a le nkang ka mehla le lelapa labo, hona le lelelele hakae?
▪ Ho etsahala’ng leetong leo ba le nkang ha Jesu a le lilemo li 12?
▪ Ke mohlala ofe oo Jesu a o behetseng bacha ba kajeno?