Khaolo ea 26
O Khutlela Hae Kapernauma
HONA joale botumo ba Jesu bo saballetse hohle, ’me batho ba bangata ba leba moo a lulang teng libakeng tse ka thōko. Leha ho le joalo, ka mor’a matsatsi a se makae, o khutlela Kapernauma haufi le Leoatle la Galilea. Ka potlako litaba li saballa le motse hore o khutletse hae, ’me ba bangata ba tla tlung eo a leng ho eona. Bafarisi le matichere a Molao ba tla ba e-tsoa hōle Jerusalema.
Letšoele le leholo hoo le koalang monyako, ’me ha ho sa na sebaka sa hore mang kapa mang a ka kena ka hare. Nako e fihlile bakeng sa ketsahalo e tsotehang kannete. Se etsahalang ketsahalong ena ke sa bohlokoa bo boholo, hobane se re thusa ho ananela hore Jesu o na le matla a ho tlosa sesosa sa mahlomola a batho le ho tsosolosa bophelo bo botle ba ’mele ho bohle bao a ba khethang.
Ha Jesu a ntse a ruta letšoele lena, banna ba bane ba tlisa monna ea omelletseng litho ntlong ena a nkiloe ka lempara. Ba batla hore Jesu a folise motsoalle oa bona, empa ka baka la letšoele, ba sitoa ho kena ka hare. Ke ho nyahamisang hakaakang! Empa ha ba tele. Ba hloella ka holim’a marulelo a ntlo ’me ba phunya lesoba, ’me ba theolela lempara la monna ea omelletseng litho haufi le Jesu.
Na Jesu o halefile ka baka la tšitiso ee? Le hanyenyane! Ho e-na le hoo, o hlolletsoe haholo ke tumelo ea bona. O re ho motho ea omelletseng litho: “U tšoaretsoe libe tsa hao.” Empa na Jesu a ka hla a tšoarela libe? Bangoli le Bafarisi ha ba nahane joalo. Ba re ka lipelong tsa bona: “Enoa o buela’ng joalo? Oa nyefola! Ke mang ea ka tšoarelang motho libe, ha e se Molimo o ’notši?”
Ka ho tseba mehopolo ea bona, Jesu o re ho bona: “Le hopolela’ng joalo ka lipelong tsa lōna? Na ha e le ho re ho ea omeletseng litho: U tšoaretsoe libe tsa hao, e le ho re: Ema, nka liphate tsa hao, u tsamaee, ho bonolo ke hofe na?”
Joale, Jesu o lumella letšoele, ho kopanyelletsa le ba mo nyatsang, hore ba bone pontšo e tsotehang e tla senola hore o na le matla a ho tšoarela libe lefatšeng le hore ka sebele ke eena motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. O retelehela ho monna ea omelletseng litho ’me oa mo laela: “Tloha u eme, u nke liphate tsa hao, u ikele tlung ea hao.” ’Me ka potlako oa phahama, o tsamaea pontšeng ea bona bohle a nkile lempara la hae! Ka ho makala batho ba tlotlisa Molimo ’me baa khotsa: “Ha re e-so ho ka re bona ho joalo”!
Na u hlokometse hore Jesu o bua ka libe kamanong le ho kula le hore tšoarelo ea libe e amana le ho fumana bophelo bo botle ba ’mele? Bibele e hlalosa hore motsoali oa rōna oa pele, Adama, o ile a etsa sebe le hore kaofela ha rōna re futsitse liphello tsa sebe seo, e leng ho kula le lefu. Empa tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, Jesu o tla tšoarela libe tsa bohle ba ratang Molimo le ba O sebeletsang, ’me joale ho kula hohle ho tla tlosoa. Hoo e tla ba ho hotle hakaakang! Mareka 2:1-12; Luka 5:17-26; Mattheu 9:1-8; Ba-Roma 5:12, 17-19.
▪ Ke eng e neng e fihlile bakeng sa ketsahalo e tsotehang kannete?
▪ Motho ea omelletseng litho o ile a fihla ho Jesu joang?
▪ Ke hobane’ng ha bohle re e-na le sebe, empa Jesu o ile a fana ka tšepo joang ea hore tšoarelo ea libe tsa rōna le bophelo bo botle ba ’mele bo phethahetseng li ka etsahala?