Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 25
  • Molepera o Utloeloa Bohloko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molepera o Utloeloa Bohloko
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Utloela Molepera Bohloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • O Folisa Molepera ka Mosa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • “Hore le Tsebe Lerato la Kreste”
    Atamela ho Jehova
  • Na U Hopola ho Leboha?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 25

Khaolo ea 25

Molepera o Utloeloa Bohloko

HA JESU le barutuoa ba hae ba bane ba ntse ba etela metse ea Galilea, litaba tsa lintho tse babatsehang tseo a li etsang li ile tsa saballa hohle seterekeng seo. Liketso tsa hae li tuma ho ea fihla motseng o mong oo ho nang le motho ea tšoeroeng ke lepera ho oona. Ngaka Luka o hlalosa motho eo e le “ea tletseng lepera.” Lefu lena le tšabehang ha le se le namme, butle le ntša likarolo tsa ’mele tse sa tšoaneng tšobotsing. Kahoo molepera enoa o boemong bo hlomolang.

Ha Jesu a fihla motseng oo, molepera oa mo atamela. Ho latela Molao oa Molimo, molepera o lokela ho hoeletsa a fane ka temoso, “Sesila, sesila!” ho sireletsa ba bang hore ba se ke ba mo atamela haholo ’me ba ba kotsing ea ho tšoaetsoa. Joale molepera o oa ka sefahleho ’me o kōpa Jesu: “Morena, ha u rata, u na le matla a ho ’ntlafatsa.”

Monna eo o na le tumelo e kaakang ho Jesu! Empa, lefu la hae le mo etsa hore a bonahale e le ea hlomolang hakaakang! Jesu o tla etsa joang? U ne u tla etsa joang? A susumelitsoe ke kutloelo-bohloko, Jesu o otlolla letsoho la hae ’me o ama monna eo, o re: “Kea rata, u ntlafale.” Hang-hang feela lepera le ile la tloha ho eena.

Na u ne u tla rata hore motho ea nang le kutloelo-bohloko e joalo e be morena oa hao? Tsela eo Jesu a tšoarang molepera enoa ka eona e re fa kholiseho ea hore nakong ea puso ea ’Muso oa Hae, boprofeta ba Bibele bo tla phethahatsoa: “O tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi.” E, ka nako eo Jesu o tla phethahatsa takatso ea pelo ea hae ea ho thusa bohle ba mahlomoleng.

Esita le pele molepera eo a folisoa, tšebeletso ea Jesu e ne e bakile thabo e khōlō har’a batho. Phethahatsong ea boprofeta ba Esaia, joale Jesu o laela monna eo ea folisitsoeng: “Bona! u se ke ua bolella motho letho.” Joale oa mo laela: “U ee, u ipontše ho moprista, ’me u ananele ntlafalo ea hao ka se laetsoeng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.”

Empa monna eo o thabile hoo a sitoang ho ipolokela mohlolo oo. Oa tsamaea ’me o qala ho jala litaba tseo hohle, ’me mohlomong o tsosa thahasello e khōlō le taba-tabelo har’a batho hoo Jesu a ke keng a kena motseng phatlalatsa. Kahoo, Jesu o lula libakeng tse khutsitseng moo ho seng motho ea lulang teng, ’me batho ba tsoang ka makhalo ’ohle ba tla ho eena ho tla mo mamela le ho tla phekoloa mafu a ba tšoereng. Luka 5:12-16; Mareka 1:40-45; Mattheu 8:2-4; Levitike 13:45; 14:10-13; Pesaleme ea 72:13; Esaia 42:1, 2.

▪ Lepera le ka ba le phello efe, ’me molepera o ne a lokela ho fana ka temoso efe?

▪ Molepera o ile a ipiletsa joang ho Jesu, ’me re ka ithuta eng karabong ea Jesu?

▪ Monna ea folisitsoeng o ile a hlōleha ho utloa Jesu joang, hona liphello e bile life?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela