Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cl khao. 29 maq. 290-299
  • “Hore le Tsebe Lerato la Kreste”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Hore le Tsebe Lerato la Kreste”
  • Atamela ho Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ha ho ea Nang le Lerato le Fetang [Lena]”
  • “A ba Hauhela”
  • “Ntate, u ba Tšoarele”
  • Na u ‘Tseba Lerato la Kreste’?
  • O Ile “a Susumetsoa ke Khauho”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • Na U Susumelletseha ho Etsisa Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Na U Tla Arabela Leratong la Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Jehova—Ntate oa Rōna ea Nang le Kutloelo-bohloko ka Tsela e Bonolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Atamela ho Jehova
cl khao. 29 maq. 290-299
Jesu o bontša motho qenehelo.

KHAOLO EA 29

“Hore le Tsebe Lerato la Kreste”

1-3. (a) Ke eng e ileng ea susumelletsa Jesu hore a batle ho tšoana le Ntate oa hae? (b) Re tla hlahloba likarolo life tsa lerato la Jesu?

NA U kile oa bona moshanyana a leka ho etsisa ntate oa hae? Mora a ka ’na a etsisa ntate oa hae ka motsamao, ka lipuo kapa ka liketso. Ha nako e ntse e ea, moshanyana eo a ka ba le pono e tšoanang le ea ntate oa hae ka hore na ke eng e nepahetseng le e fosahetseng, a ba a lumela lintho tse tšoanang le tseo ntate oa hae a li lumelang ka Molimo. E, lerato leo mora a ratang ntate ea lerato ka lona le tsela eo a mo ananelang ka eona li susumelletsa moshanyana enoa hore a batle ho tšoana le ntate oa hae.

2 Ho thoe’ng ka kamano e pakeng tsa Jesu le Ntate oa hae ea leholimong? Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a re: “Ke rata Ntate.” (Johanne 14:31) Ha ho e mong ea ka ratang Jehova ho feta Mora enoa, ea bileng le Ntate oa hae nako e telele pele sebopuoa leha e le sefe se seng se e-ba teng. Lerato leo le ile la susumelletsa Mora enoa ea inehetseng hore a batle ho tšoana le Ntate oa hae.—Johanne 14:9.

3 Likhaolong tse fetileng tsa buka ena, re tšohlile kamoo Jesu a neng a etsisa matla a Jehova, toka ea hae le bohlale ba hae ka ho phethahetseng kateng. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bonahatsa lerato la Ntate oa hae joang? A re hlahlobeng likarolo tse tharo tsa lerato la Jesu e leng moea oa hae oa boitelo, qenehelo le ho ikemisetsa ha hae ho tšoarela.

“Ha ho ea Nang le Lerato le Fetang [Lena]”

4. Jesu o ile a beha mohlala o phahameng ka ho fetisisa har’a batho oa lerato le nang le boitelo joang?

4 Jesu o ile a beha mohlala o ikhethang oa lerato le nang le boitelo. Boitelo bo akarelletsa ho beha litlhoko le lithahasello tsa ba bang ka pele ho tsa rona ka ho hloka boithati. Jesu o ile a bontša lerato lee joang? O ile a re: “Ha ho ea nang le lerato le fetang la motho ea telang bophelo ba hae bakeng sa metsoalle ea hae.” (Johanne 15:13) Jesu o ile a ithaopela ho fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng molemong oa rona. E ne e le ponahatso e kholo ka ho fetisisa ea lerato e kileng ea etsoa. Empa Jesu o ile a bontša lerato le nang le boitelo ka litsela tse ling hape.

5. Ke hobane’ng ha ho tloha ha Mora ea mong oa Molimo leholimong e ne e le boitelo bo lerato?

5 Pele e e-ba motho oa nama, Mora ea mong oa Molimo o ne a le boemong bo ikhethang le bo phahameng leholimong. O ne a e-na le botsoalle bo haufi le Jehova le mangeloi a mangata. Ho sa tsotellehe litokelo tsena tseo a neng a li thabela, Mora enoa ea ratoang “o ile a tlohela lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona, a ba joaloka lekhoba ’me ea e-ba motho.” (Bafilipi 2:7) O ile a ithaopela ho tla phela har’a batho ba baetsalibe lefatšeng ‘le busoang ke Satane.’ (1 Johanne 5:19) Na boo e ne e se boitelo bo lerato ba Mora oa Molimo?

6, 7. (a) Jesu o ile a bontša lerato le nang le boitelo ka litsela life nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng? (b) Ke mohlala ofe o amang maikutlo oa lerato le se nang boithati o tlalehiloeng ho Johanne 19:25-27?

6 Nakong eohle ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ile a bontša lerato le nang le boitelo ka litsela tse sa tšoaneng. O ne a hloka boithati ka ho feletseng. O ne a amehile ka tšebeletso ea hae hoo a ileng a tela mabothobotho a bophelo ao batho ba a tloaetseng. O ile a re: “Liphokojoe li na le moo li lulang le linonyana li na le lihlaha empa Mor’a motho eena ha a na ntlo.” (Matheu 8:20) Kaha e ne e le ’metli oa mapolanka ea hloahloa, Jesu a ka be a ile a sebelisa nako e ’ngoe ho ikahela ntlo e khotsofatsang kapa ho etsa thepa e ntle ea ka tlung eo a ka e rekisang e le hore a be le chelete e eketsehileng. Empa ha aa ka a sebelisa tsebo ea hae ho iphumanela lintho tse bonahalang.

7 Mohlala o mong oo ruri o amang maikutlo oa lerato la Jesu le nang le boitelo ke o tlalehiloeng ho Johanne 19:25-27. Ak’u nahane ka lintho tse ngata tseo e tlamehang ebe Jesu o ne a amehile ka tsona thapameng eo a neng a tl’o shoa ka eona. Ha a ntse a mameletse bohloko palong, o ne a amehile ka barutuoa ba hae, ka mosebetsi oa boboleli, a bile a amehile ka ho khetheha ka botšepehi ba hae le kamoo bo tlang ho emela lebitso la Ntate oa hae kateng. Ha e le hantle, bokamoso bohle ba moloko oa batho bo ne bo le mahetleng a hae! Leha ho le joalo, nakoana pele a shoa, Jesu o ile a boela a bontša ho ameha ka ’mè oa hae, Maria, eo kamoo ho bonahalang kateng e neng e se e le mohlolohali ka nako eo. Jesu o ile a kopa moapostola Johanne hore a hlokomele Maria joalokaha eka ke ’mè oa hae, ’me ka mor’a moo moapostola eo o ile a nka Maria a mo isa lapeng la hae. Ka tsela eo Jesu o ile a lokisetsa hore ’mè oa hae a hlokomeloe nameng le moeeng. Eo e ne e le pontšo e mosa hakaakang ea lerato le hlokang boithati!

“A ba Hauhela”

8. Lentsoe la Segerike leo Bibele e le sebelisang ho hlalosa qenehelo ea Jesu le bolela eng?

8 Joaloka Ntate oa hae, Jesu o ne a e-na le qenehelo. Mangolo a re Jesu o ne a ikitlaelletsa ho thusa batho ba mahlomoleng hobane a ba utloela bohloko. Ha e hlalosa qenehelo ea Jesu, Bibele e sebelisa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “a ba hauhela.” Setsebi se seng se re: “Le hlalosa . . . boikutlo bo susumetsang motho ho isa botebong ba maikutlo a hae. Ke lentsoe la Segerike le matla ka ho fetisisa le hlalosang boikutlo ba qenehelo.” Nahana ka maemo a mang ao ho ’ona Jesu a ileng a susumetsoa ke qenehelo e tebileng e ileng ea mo tlama hore a nke khato.

9, 10. (a) Ke maemo afe a ileng a etsa hore Jesu le baapostola ba hae ba batle sebaka se khutsitseng? (b) Ha bongata bo ne bo kena-kenana le eena ha a le boinotšing, Jesu o ile a etsa’ng, hona hobane’ng?

9 O ile a susumelletseha hore a arabele litlhokong tsa moea. Tlaleho e ho Mareka 6:30-34 e bontša ntho e ka sehloohong e ileng ea susumelletsa Jesu hore a hauhele batho. Nahana ka boemo bona. Baapostola ba ne ba thabile kaha ba ne ba sa tsoa qeta leeto la boboleli le akarelitseng libaka tse ngata. Ba ile ba khutlela ho Jesu ’me ka cheseho ba mo tlalehela tsohle tseo ba li boneng le ho li utloa. Empa bongata bo ile ba phutheha, ba hlokisa Jesu le baapostola ba hae le nako ea ho ja feela. Kaha o ne a lula a le hlokolosi, Jesu o ile a hlokomela hore baapostola ba khathetse. Eaba o re ho bona: “A re eeng moo re leng bang re phomole hanyenyane.” Ba kena sekepeng, ba tšelela lebopong le ka leboea la Leoatle la Galilea sebakeng se khutsitseng. Empa bongata ba ba bona ha ba tloha. Ba bang le bona ba utloela ka hona. Eaba kaofela ba matha ba iphaphathile ka lebopo le ka leboea ’me ba fihla ka mose pele ho sekepe!

10 Na Jesu o ile a halefisoa ke hore ba ne ba kena-kenana le eena ha a le boinotšing? Le hanyenyane! O ile a ameha maikutlo ha a bona bongata bona, bo baloang ka likete, bo mo emetseng. Mareka o ile a re: “A bona batho ba bangata ’me a ba hauhela hobane ba ne ba tšoana le linku tse se nang molisa. A qala ho ba ruta lintho tse ngata.” Jesu o ne a nka batho bana e le ba hlokang moeeng. Ba ne ba le joaloka linku tse lahlehileng, tse se nang molisa ea li tataisang kapa ea li sireletsang. Jesu o ne a tseba hore baeta-pele ba bolumeli ba thatafetseng lipelo, bao e neng e lokela hore ebe ke bona balisa ba lerato, ba hlokomolohile batho ba tloaelehileng. (Johanne 7:47-49) O ile a utloela batho bao bohloko, kahoo a qala ho ba ruta “ka ’Muso oa Molimo.” (Luka 9:11) Hlokomela hore Jesu o ile a hauhela batho bao le pele a bona hore na ba tla arabela joang ho seo a tlang ho se ruta. Ka mantsoe a mang, qenehelo ha ea ka ea hlahisoa ke ho ruta ha hae bongata, ho e-na le hoo ke eona e ileng ea mo susumelletsa ho etsa seo.

Ka qenehelo Jesu o otlolla letsoho o tšoara molepera. Batho ba mo shebileng ba nyonya molepera eo.

“A otlolla letsoho a mo tšoara”

11, 12. (a) Balepera ba ne ba tšoaroa joang mehleng ea Bibele, empa Jesu o ile a etsa’ng ha a atameloa ke monna “ea tletseng lepera”? (b) E ka ’na eaba monna eo o ile a ikutloa joang ha Jesu a mo tšoara, hona phihlelo ea ngaka e ’ngoe e bontša see joang?

11 O ile a susumelletseha ho imolla ba mahlomoleng. Batho ba nang le maloetse a fapa-fapaneng ba ne ba hlokomela hore Jesu o na le qenehelo, kahoo ba ne ba lakatsa ho ba haufi le eena. Sena se ile sa totobala ka ho khetheha ha Jesu a ne a latetsoe ke bongata ’me a atameloa ke monna e mong “ea tletseng lepera.” (Luka 5:12) Mehleng ea Bibele, balepera ba ne ba ntšetsoa ka ntle ho liahelo ho sireletsa ba bang tšoaetsong. (Numere 5:1-4) Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, bo-rabi ba eteletseng pele ba ile ba hlohlelletsa pono e hlokang kutloelo-bohloko ka lepera ’me ba beha melao ea bona e hatellang.a Leha ho le joalo, hlokomela kamoo Jesu a ileng a tšoara molepera eo kateng: “Molepera e mong a tla ho eena, a mo kopa a bile a khumame a re: ‘Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.’ Jesu a mo hauhela ’me a otlolla letsoho a mo tšoara eaba o re ho eena: ‘Kea batla, hloeka.’ Lepera la nyamela hang-hang.” (Mareka 1:40-42) Jesu o ne a tseba hore ho khahlanong le molao hore molepera a be teng moo. Empa ho e-na le hore a mo leleke, Jesu o ile a susumetseha ka ho tebileng hoo a ileng a etsa ntho e ’ngoe e sa tloaelehang. Jesu o ile a mo ama!

12 Na u ka inahanela hore na ho mo ama hoo ho ile ha bolela’ng ho molepera eo? Ho bontša sena, nahana ka phihlelo ena. Dr. Paul Brand, eo e leng ngaka ea lepera, o bua ka molepera e mong eo a ileng a mo phekola India. Ha a ntse a mo hlahloba, o ile a beha letsoho lehetleng la molepera eo eaba o mo hlalosetsa phekolo eo a tlang ho e fuoa, a sebelisa toloko. Ka tšohanyetso, molepera eo o ile a qala ho lla. Ngaka ea botsa: “Na ho na le seo ke se buileng se u hlabileng?” Toloko e ile ea botsa mohlankana eo ka puo ea hae ea ntan’o araba: “Che, ngaka. O re o llisoa ke hore u behile letsoho la hao lehetleng la hae. Pele a tla mona ho ne ho se motho ea kileng a mo ama ka lilemo tse ngata.” Ho molepera ea ileng a atamela Jesu, ho angoa hoo ho ile ha bolela ho fetang feela ho angoa. Ka mor’a hore a mo ame joalo, boloetse bo neng bo mo entse ea khesehang bo ile ba nyamela!

13, 14. (a) Jesu o ile a teana le mokoloko ofe ha a atamela motse oa Naine, hona ke eng e neng e etsa hore boemo boo e be bo sithabetsang ka ho khetheha? (b) Qenehelo ea Jesu e ile ea mo susumelletsa hore a nke khato efe molemong oa mohlolohali oa Naine?

13 O ile a susumelletseha ho thusa ba utloileng bohloko. Jesu o ne a ameha maikutlo ka ho teba ha batho ba utloile bohloko. Ka mohlala, nahana ka tlaleho e ho Luka 7:11-15. E etsahetse pel’a motse oa Naine, o Galilea, hoo e ka bang bohareng ba tšebeletso ea Jesu. Ha Jesu a ea a lebile khorong ea motse, o ile a teana le mokoloko o eang mabitleng. Boemo e ne e hlile e le bo sithabetsang. Ho ne ho hlokahetse mora ea mong feela oa ’mè e mong oa mohlolohali. Mohlomong le pejana ’mè eo o kile a ba mokolokong o kang ona ka monna oa hae. Lekhetlong lena ke mora oa hae, eo mohlomong e neng e se e le eena feela ea mo phelisang. E ka ’na eaba bongata bo neng bo e-na le eena bo ne bo akarelletsa ba tlileng bofifing ba bina koli-ea-malla le ba letsang liletsa tsa lipina tsa ho siama. (Jeremia 9:17, 18; Matheu 9:23) Leha ho le joalo, mahlo a Jesu a ile a tsepama ho ’mè ea utloileng bohloko, eo e tlamehang ebe o ne a tsamaea haufi le mojaro oa setopo sa mora oa hae.

14 Jesu o ile ‘a hauhela’ ’mè eo ea hlokahalletsoeng. Ka tsela e khothatsang, o ile a re ho eena: “U se ke oa lla.” Ho se ea mo kopileng, o ile a atamela ’me a ama mojaro oa mofu. Eaba ba jereng mojaro mohlomong le bongata bo bong kaofela bo mokolokong baa ema. Ka lentsoe le nang le matla a bolaoli, Jesu a re ho setopo: “Mohlankana, ke u laela hore u tsohe.” Eaba ho etsahala’ng? “Mohlankana eo a tsoha, a lula ’me a qala ho bua” joalokaha eka o tsositsoe borokong bo tebileng! Joale ho latela mantsoe a amang maikutlo ka ho fetisisa: “Eaba Jesu o mo isa ho ’mè oa hae.”

15. (a) Litlaleho tsa Bibele tsa hore Jesu o ile a hauhela ba bang li bontša hore ho na le kamano efe mahareng a qenehelo le ketso? (b) Re ka etsisa Jesu joang ntlheng ee?

15 Re ithuta eng litlalehong tsee? Ketsahalong ka ’ngoe, hlokomela kamano e teng mahareng a qenehelo le ketso. Jesu o ne a ke ke a bona mahlomola a ba bang eaba ha a ba hauhele, ’me o ne a ke ke a ba qenehela joalo eaba ha a nke khato ka hona. Re ka latela mohlala oa hae joang? Joaloka Bakreste, re na le boikarabelo ba ho bolela litaba tse monate le ho etsa barutuoa. Ntlha ea pele, re susumetsoa ke ho rata Molimo. Leha ho le joalo, a re hopoleng hore mosebetsi ona o boetse o hloka hore re be le qenehelo. Ha re hauhela batho joaloka Jesu, lipelo tsa rona li tla re susumelletsa ho etsa sohle se matleng a rona ho ba abela litaba tse monate. (Matheu 22:37-39) Ho thoe’ng ka ho bontša qenehelo ho Bakreste-’moho le rona ba mahlomoleng kapa ba utloileng bohloko? Re ke ke ra folisa maloetse ka mohlolo kapa ra tsosa bafu. Leha ho le joalo, re ka bontša qenehelo ka ho ikitlaelletsa ho bontša kameho kapa ka ho fana ka thuso e loketseng e sebetsang.—Baefese 4:32.

“Ntate, u ba Tšoarele”

16. Ho ikemisetsa ha Jesu ho tšoarela ho ile ha totobala joang le ha a se a le palong eo a neng a tl’o bolaeloa ho eona?

16 Jesu o ne a bonahatsa ka ho phethahetseng lerato la Ntate oa hae ka tsela e ’ngoe ea bohlokoa. O ne a “ikemiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) Boikemisetso bona ba hae bo ile ba totobala le ha a se a le palong eo a neng a tl’o bolaeloa ho eona. Jesu o ile a re’ng ha a le makhatheng a ho shoa lefu le tlotlollang, a khokhothetsoe ka lipekere matsohong le maotong? Na o ile a ipiletsa ho Jehova hore a otle babolai ba hae? Che, ho e-na le hoo, a mang a mantsoe a ho qetela ao Jesu a ileng a a bua ke a reng: “Ntate, u ba tšoarele hobane ha ba tsebe hore na ba etsa’ng.”—Luka 23:34.b

17-19. Jesu o ile a bontša ka litsela life hore o tšoaretse moapostola Petrose ha a ile a mo latola ka makhetlo a mararo?

17 Mohlomong mohlala o mong o amang maikutlo le ho feta oa ho tšoarela ha Jesu o ka bonoa tseleng eo a ileng a tšoara moapostola Petrose ka eona. Ha ho pelaelo hore Petrose o ne a rata Jesu haholo. Ka la 14 Nisane, bosiung ba ho qetela ba bophelo ba Jesu, Petrose o ile a re ho eena: “Morena, ke ikemiselitse ho ea le uena teronkong le ho shoa le uena.” Empa, lihora tse seng kae feela hamorao, Petrose o ile a latola ka makhetlo a mararo hore o tseba Jesu! Bibele e re bolella se ileng sa etsahala ha Petrose a latola ka lekhetlo la boraro: “Eaba Morena oa hetla o sheba Petrose.” A sithabelitsoe ke sebe sa hae se tebileng, Petrose a “tsoela ka ntle [a] lla habohloko.” Ha Jesu a shoa hamorao letsatsing leo, e ka ’na eaba moapostola eo o ne a ipotsa, ‘Na ebe Morena oa ka o ntšoaretse?’—Luka 22:33, 61, 62.

18 Petrose ha aa ka a tlameha ho letela karabo nako e telele. Jesu o ile a tsosoa hoseng ha la 16 Nisane, ’me kamoo ho bonahalang kateng o ile a etela Petrose hona letsatsing leo. (Luka 24:34; 1 Bakorinthe 15:4-8) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a isa tlhokomelo e khethehileng ho moapostola eo ea neng a mo latotse ka matla hakaalo? E ka ’na eaba Jesu o ne a batla ho tiisetsa Petrose ea bakileng hore Morena oa hae o ne a ntse a mo rata a bile a mo ananela. Empa Jesu ha aa ka a qetella ka ho tiisetsa Petrose seo feela.

19 Hamorao, Jesu o ile a iponahatsa ho barutuoa Leoatleng la Galilea. Ketsahalong ena, ka makhetlo a mararo Jesu o ile a botsa Petrose (ea neng a latotse Morena oa hae ka makhetlo a mararo) hore na oa mo rata na. Ka mor’a lekhetlo la boraro, Petrose o ile a re: “Morena, u tseba lintho tsohle, oa tseba hore kea u rata.” Ka sebele, Jesu, ea neng a khona ho bona se ka pelong, o ne a tseba hantle hore Petrose oa mo rata le hore o na le boikutlo bo mofuthu ka eena. Empa Jesu o ile a fa Petrose monyetla oa hore a tiise lerato la hae. Ho feta moo, Jesu o ile a laela Petrose hore a ‘fepe linku tsa hae tse nyenyane’ le hore a li ‘lise.’ (Johanne 21:15-17) Pejana, Petrose o ne a ile a fuoa kabelo ea boboleli. (Luka 5:10) Empa joale, e le ho bontša ho mo tšepa ka tsela e khethehileng, Jesu o ile a mo fa boikarabelo bo bong bo tomanyana ba ho hlokomela bao e neng e tla ba balateli ba Kreste. Nakoana ka mor’a moo, Jesu o ile a fa Petrose karolo e hlaheletseng mosebetsing oa barutuoa. (Liketso 2:1-41) E tlameha ebe Petrose o ile a imoloha hakaakang ha a tseba hore Jesu o mo tšoaretse le hore o sa ntse a mo tšepa!

Na u ‘Tseba Lerato la Kreste’?

20, 21. Re ka ‘tseba lerato la Kreste’ ka ho feletseng joang?

20 Ke ’nete hore Lentsoe la Jehova le hlalosa lerato la Kreste ka tsela e babatsehang. Empa re lokela ho arabela joang leratong la Jesu? Bibele e re phehella ho ‘tseba lerato la Kreste le leng bohlokoa ho feta tsebo.’ (Baefese 3:19) Joalokaha re bone, litlaleho tsa Kosepele tsa bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae li re ruta ho hongata ka lerato la Kreste. Leha ho le joalo, ho ‘tseba lerato la Kreste’ ka ho feletseng ha se feela ho ithuta seo Bibele e se bolelang ka eena.

21 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tseba” le bolela ho tseba “ka tsela e tobileng, ka phihlelo.” Ha re bontša lerato ka tsela eo Jesu a le bontšitseng ka eona ka ho hloka boithati, re itella ba bang, re ba qenehela litlhokong tsa bona le ho ba tšoarela ho tsoa pelong, joale re ka utloisisa hantle maikutlo a hae. Ka tsela ena, re ba le phihlelo ea ho ‘tseba lerato la Kreste le leng bohlokoa ho feta tsebo.’ Le ka mohla a re se keng ra lebala hore ha re etsisa Kreste ka ho eketsehileng, re tla atamela haholoanyane ho eo Jesu a neng a mo etsisa ka ho phethahetseng, e leng Molimo oa rona ea lerato, Jehova.

a Melao ea bo-rabi e ne e re ho se be le motho ea atamelang molepera ka sebaka se ka tlase ho litsoe tse ’nè (hoo e ka bang limithara tse 1,8). Empa haeba moea o ne o foka, molepera o ne a lokela ho ema bohole ba litsoe tse 100 (hoo e ka bang limithara tse 45). Buka e bitsoang Midrash Rabbah e bua ka rabi e mong ea neng a ipatela balepera le e mong ea neng a ba betsa ka majoe ho ba thibela ho atamela. Kahoo balepera ba ne ba tseba bohloko ba ho khesoa le boikutlo ba ho ba ba nyatsehang le ba sa ratoeng.

b Karolo e qalang ea Luka 23:34 e siiloe ka thoko libukeng tse ling tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho. Leha ho le joalo, kaha mantsoe ana aa fumaneha libukeng tse ling tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho tse amohelehang, a kenyelelitsoe ho Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha le liphetolelong tse ling tse ngata. Ho ka etsahala hore Jesu o ne a bua ka masole a Baroma a mo bolaileng. A ne a sa tsebe seo a se etsang, a sa tsebe hore na ha e le hantle Jesu ke mang. Mohlomong hape o ile a nahana ka Bajuda bao hamorao ba neng ba tla lumela ho eena le hoja ba ile ba etsa hore a bolaoe. (Liketso 2:36-38) Ke ’nete hore baeta-pele ba bolumeli ba ileng ba hlohlelletsa hore a bolaoe ba ne ba hlile ba le molato, kaha ba ile ba etsa seo ka boomo le ka bokhopo. Ba bangata ba bona ba ne ba ke ke ba tšoareloa.—Johanne 11:45-53.

Lipotso Tsa ho Thuisa

  • Matheu 9:35-38 Jesu o ile a bontša hore o hauhela batho le ho ba qenehela ka tsela efe e totobetseng, hona see se lokela ho re ama joang?

  • Johanne 13:34, 35 Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re bonahatse lerato la Kreste?

  • Baroma 15:1-6 Re ka etsisa lerato la Kreste le se nang boithati joang?

  • 2 Bakorinthe 5:14, 15 Ho ananela ha rona tefo ea topollo ho lokela ho ama pono ea rona, lipakane tsa rona le tsela eo re phelang ka eona joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela