Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 2/15 maq. 13-18
  • Na U Tla Arabela Leratong la Jesu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tla Arabela Leratong la Jesu?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Arabela ka ho Loketseng Leratong la Jesu
  • Seo Jesu a Batlang Hore re se Etse
  • Latela Mohlala oa Jesu
  • Li Rupeletsoe ho Fana ka Bopaki bo Phethahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • “Le Hoja le sa ka la mo Bona le ka Mohla, Lea mo Rata”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Etsisa Jesu—Ruta ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Hore le Tsebe Lerato la Kreste”
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 2/15 maq. 13-18

Na U Tla Arabela Leratong la Jesu?

“Lerato la Kreste le re tlamile.”—2 BA-KORINTHE 5:14.

1. Lerato la Jesu le ka hlalosoa joang?

KA SEBELE, lerato la Jesu ke le makatsang hakaakang! Ha re nahana kamoo a ileng a utloa bohloko bo boholo ka teng ha a fana ka thekollo, eo e leng ka eona feela re ka fumanang bophelo bo sa feleng, ka sebele lipelo tsa rōna li re susumelletsa ho bontša kananelo ho eena! Jehova Molimo le Jesu ba ile ba nka khato pele. Ba ile ba re rata pele, ha re sa ntse re le baetsalibe. (Ba-Roma 5:6-8; 1 Johanne 4:9-11) Moapostola Pauluse o ile a ngola hore ho tseba ‘lerato la Kreste ho feta tsebo.’ (Ba-Efese 3:19) Ka sebele, lerato la Jesu le feta hōle tsebo ea ka hloohong e fumanoang ka thuto e phahameng. Tsebo ena e feta hōle ntho leha e le efe eo batho ba kileng ba e bona kapa ba e latsoa.

2. Ke eng e ke keng ea sitisa Jesu ho re rata?

2 Ha Pauluse a ngolla Bakreste ba Roma, o ile a botsa: “Ke mang ea tla re arohanya le lerato la Kreste na? Na a ke botubo, kapa tsietsi, kapa hloriso, kapa tlala, kapa bofuma, kapa timelo, kapa lerumo?” Ha ho le e ’ngoe ea lintho tse joalo e ka sitisang Jesu ho re rata. Pauluse o tsoela pele: “Ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng joale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le boholimo, leha e le botlase, leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—Ba-Roma 8:35-39.

3. Ntho e le ’ngoe feela e ka etsang hore Jesu le Ntate oa hae ba re furalle ke efe?

3 Lerato la Jehova Molimo le Jesu ho uena le matla haholo. Ho na le ntho e le ’ngoe feela e ka ba thibelang hore ba u rate, e leng ha uena ka boithatelo u ka hana lerato la bona ka ho hana ho etsa seo ba se batlang. Moprofeta e mong oa Molimo o kile a hlalosetsa morena oa Juda: “Jehova o na le lōna mohla lōna le nang le eena. Ha le ka ’na la ’matla, o tla ’ne a fumanoe ke lōna: ’me ha le ka mo furalla, o tla le furalla le eena.” (2 Likronike 15:2) Ke mang ho rōna ea ka ratang ho furalla metsoalle e babatsehang hakaalo, e nang le kutloelo-bohloko, e kang Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste?

Ho Arabela ka ho Loketseng Leratong la Jesu

4, 5. (a) Lerato la Jesu ho rōna le lokela ho ama kamano ea rōna le batho ba bang joang? (b) Re lokela ho susumelletseha ho rata mang hape ka baka la lerato la Jesu ho rōna?

4 Lerato la Jesu le hlokang moeli le u ama joang ka bouena? U lokela ho ba motho ea joang? Jesu o bontšitse kamoo ponahatso ea lerato la hae e lokelang ho ama likamano tsa rōna le batho ba bang. Ka mor’a ho bontša boikokobetso ka ho sebeletsa baapostola ba hae ka ho ba hlatsoa maoto, Jesu o ile a re: “Ke le beetse mohlala, hore le etse joale ka ha ke le entse.” O ile a phaella: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna.” (Johanne 13:15, 34) Barutuoa ba hae ba ile ba ithuta sena ’me ba ile ba susumelletseha ho leka ho mo etsisa. Moapostola Johanne o ile a ngola: “Moo re tsebileng lerato, ke ha Jesu a re teletse bophelo ba hae; le rōna re tšoanetse ho tella banab’abo rōna bophelo ba rōna.”—1 Johanne 3:16.

5 Leha ho le joalo, re ne re tla lahleheloa ke morero oa bophelo le tšebeletso tsa Jesu haeba mohlala oa hae o ne o ka re susumelletsa ho rata batho ba bang le ho sebeletsa lithahasello tsa bona feela. Na hape lerato la Jesu ho rōna ha le re susumelletse ho mo rata ka ho tšoanang ’me haholo-holo re rate Ntat’ae, ea mo rutileng lintho tsohle tseo a li tsebang? Na u tla arabela leratong la Kreste le ho sebeletsa Ntat’ae joalokaha eena a entse?—Ba-Efese 5:1, 2; 1 Petrose 1:8, 9.

6. Moapostola Pauluse o ile a angoa joang ke lerato leo Jesu a ’montšitseng lona?

6 Nahana ka boemo ba Saule, eo hamorao a ileng a tsejoa e le Pauluse. Ka nako e ’ngoe o ile a hlorisa Jesu, “a sa ntse a befetsoe ho sokela le ho bolaea barutuoa.” (Liketso 9:1-5; Mattheu 25:37-40) Ha Pauluse a qala ho tseba Jesu hantle, o ile a thaba haholo ka baka la ho fumana tšoarelo hoo a neng a sa ikemisetsa feela ho utloisoa bohloko ka baka la hae empa hape o ne a ikemiselitse ho mo shoela. O ngotse: “Ke thakhisitsoe [“khokhothetsoe,” NW] le Kreste; kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka . . . Bophelo boo ke bo phelang lefatšeng joale, ke bo phela ka ho lumela ho Mora oa Molimo, ea nthatileng, ’me a itella ’na.”—Ba-Galata 2:19, 20, BPN.

7. Lerato la Jesu le lokela ho re susumelletsa ho etsa eng?

7 Lerato leo Jesu a re ratang ka lona ke matla a susumetsang hakaakang bophelong ba rōna! Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe: ‘Hobane lerato la Kreste le ea re tlama hore re se hlole re iphelela re mpe re phelele ea re shoetseng, a ba a tsosoa.’ (2 Ba-Korinthe 5:14, 15) Ka sebele, ho bontša teboho ho Jesu ka baka la ho re tella bophelo ba hae ho lokela ho re susumelletsa ho etsa eng kapa eng eo a batlang hore re e etse. Ke ka tsela ena feela re ka pakang hore kannete rea mo rata. Jesu o itse: “Ekare ha le nthata, bolokang melao ea ka. Ea nang le melao ea ka, ’me a e boloka, ke eena ea nthatang.”—Johanne 14:15, 21; bapisa le 1 Johanne 2:3-5.

8. Lerato la Jesu le ’nile la ama bophelo ba bafosi ba bangata joang?

8 Ha lihlola, bafebi, basodoma, masholu, matahoa, le ba utsoang ba neng ba le Korinthe ea boholo-holo ba ithuta litaelo tsa Jesu ba ile ba arabela leratong la Jesu ka ho khaotsa mekhoa eo. Pauluse o ngotse sena ka bona: “Le hlatsoitsoe, . . . le beiloe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu.” (1 Ba-Korinthe 6:9-11) Ka ho tšoanang, lerato la Jesu le susumellelitse batho ba bangata kajeno ho etsa liphetoho tse babatsehang bophelong ba bona. Rahistori John Lord o ngotse: “Katleho ea ’nete ea Bokreste e ile ea bonahala ka ho fetola batho ba neng ba lumela thuto ea bona batho ba molemo. Re na le bopaki ba bophelo ba bona bo se nang sekoli, boitšoaro ba bona bo ke keng ba nyatsuoa, ho ba baahi ba molemo, le mosa oa bona oa Bokreste.” Ke phetoho e kaakang eo lithuto tsa Jesu li e entseng!

9. Ho utloa Jesu ho akarelletsa eng?

9 Ruri, kajeno ha ho thuto e ’ngoe ea bohlokoa eo motho a ka ithutang eona ho feta ea bophelo le tšebeletso tsa Jesu Kreste. Moapostola Pauluse o ile a phehella: “Talimang ka tieo . . . Jesu.” “Ka sebele, talimang [eo] ka hloko.” (Ba-Heberu 12:2, 3, NW) Nakong ea ponahalo ea Jesu e khanyang, Molimo o ile oa laela mabapi le Mora oa oona: “Mo utloeng!” (Mattheu 17:5) Leha ho le joalo, ho lokela ho hatisoe hore ho utloa Jesu ho akarelletsa ho hongata ho feta ho mamela seo a se buang. Ho bolela ho ela hloko litaelo tsa hae, e, ho mo etsisa ka ho etsa seo a se entseng le ka tsela eo a se entseng ka eona. Re tla be re arabela leratong la Jesu ka ho mo amohela joaloka mohlala oa rōna, ka ho latela mehlala ea hae haufi-ufi.

Seo Jesu a Batlang Hore re se Etse

10. Ke bo-mang bao Jesu a ileng a ba koetlisa hona e le ka morero ofe?

10 Thōmo ea Jesu e tsoang ho Molimo e ne e le ho bolela ka ’Muso oa Ntate oa hae, ’me o ile a koetlisa balateli ba hae hore ba etse mosebetsi o tšoanang. O ile a bolella barutuoa ba hae ba pele: “A re eeng metseng e re teetseng hare, ke tle ke rute le teng, hobane ke tletse hona.” (Mareka 1:38; Luka 4:43) Hamorao, ka mor’a ho koetlisa baapostola ba 12 ka ho phethahetseng, Jesu o ile a ba laela: “Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse.” (Mattheu 10:7) Likhoeli tse seng kae hamorao, ka mor’a ho koetlisa ba bang ba 70, o ile a ba roma ka taelo ena: “Le ba bolelle, le re: ’Muso oa maholimo o atametse ho lōna.” (Luka 10:9) Ka ho hlakileng, Jesu o ne a batla hore balateli ba hae e be baboleli le matichere.

11. (a) Barutuoa ba Jesu ba ne ba tla etsa mesebetsi e meholo ho eo a e entseng ka tsela efe? (b) Ho ile ha etsahala’ng ka barutuoa ka mor’a hore Jesu a bolaoe?

11 Jesu o ile a tsoela pele ho koetlisa barutuoa ba hae bakeng sa mosebetsi ona. Bosiung ba ho qetela pele ho lefu la hae, o ile a ba khothatsa ka mantsoe ana: “Ea lumelang ho ’na, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le eena, o tla etsa le e fetisang ena.” (Johanne 14:12) Mesebetsi ea balateli ba hae e ne e tla ba meholo ho ea hae hobane tšebeletsong ea bona ba ne ba tla finyella batho ba bangata haholo le sebakeng se seholoanyane le ka nako e teletsana. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Jesu a bolaoe, barutuoa ba hae ba ile ba tsukutloa ke tšabo. Ba ile ba ipata eaba ha ba ntšetse pele mosebetsi oo a neng a ba koetliselitse oona. Ba bang ba ile ba ba ba boela mosebetsing oa ho tšoasa litlhapi. Leha ho le joalo, ka tsela e ke keng ea lebaloa, o ile a hatisa ka ho bana ba supileng hore na o batla ba etse eng, hammoho le balateli ba hae kaofela.

12. (a) Jesu o ile a etsa mohlolo ofe Leoatleng la Galilea? (b) Ka ho hlakileng, Jesu o ne a bolela eng ha a botsa Petrose hore na o Mo rata “ho feta tsena”?

12 Jesu o ile a apara ’mele oa nama ’me a bonahala Leoatleng la Galilea. Baapostola ba supileng ba ne ba le ka har’a seketsoana empa ba ne ba hlōlehile ho tšoasa bosiu kaofela. Jesu o ile a ba hoeletsa a le lebōpong: “Akhelang letlooa pel’a lehlakore le letona la sekepana, ’me le tla li bona.” Ha ka mohlolo letlooa le tlala litlhapi hoo le ileng la batla le taboha, ba neng ba le ka har’a seketsoana ba ile ba hlokomela hore motho ea lebōpong ke Jesu, ’me ba ile ba potlakela moo a neng a le teng. Ka mor’a ho ba fa lijo tsa hoseng, Jesu, mohlomong a talimme litlhapi tse ngata tseo ba li tšoasitseng, o ile a botsa Petrose: “Simone mor’a Johanne, na u nthata ho feta tsena?” (Johanne 21:1-15, NW) Ntle ho pelaelo Jesu o ne a bolela hore, Na u khomaretse mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi ho feta mosebetsi oa ho bolela oo ke u lokiselitseng hore u o etse?

13. Jesu o ile a hatisa ka matla joang ka ho balateli ba hae tsela eo ba lokelang ho arabela ka eona leratong la hae?

13 Petrose o ile a arabela: “E, Morena, u tseba hoba kea u rata.” Jesu a arabela: “Alosa likonyana tsa ka.” Jesu o ile a botsa lekhetlo la bobeli: “Simone, mor’a Jona, a ua nthata na?” Petrose o ile a boela a arabela, ntle ho pelaelo a arabela ka kholiseho e matla haholoanyane: “E, Morena, u tseba hoba kea u rata.” Jesu a boela a mo laela: “Lisa linku tsa ka.” Jesu o ile a botsa lekhetlo la boraro: “Simone, mor’a Jona, a ua nthata na?” Joale Petrose o ne a se a utloile bohloko haholo. Matsatsi a seng makae pejana, o ne a latotse ka makhetlo a mararo hore o tseba Jesu, kahoo ntle ho pelaelo mohlomong o ne a ipotsa hore na ebe Jesu o belaella botšepehi ba hae kapa che. Ka hona, Petrose o ile a arabela lekhetlo la boraro, mohlomong a arabela a soabile: “Morena, u tseba tsohle; u tseba hoba kea u rata.” Jesu o ile a arabela ka ho re: “Alosa linku tsa ka.” (Johanne 21:15-17) Na ho na le pelaelo ea hore na Jesu o ne a batla hore Petrose le metsoalle ea hae ba etse eng? O ile a hatisa ka matla hakaakang ka ho bona—hammoho le ho bafe kapa bafe bao e neng e tla ba barutuoa ba hae kajeno—hore haeba ba mo rata, ba tla kopanela mosebetsing oa ho etsa barutuoa!

14. Jesu o ile a bontša barutuoa ba hae joang liketsahalong tse ling tsela eo ba lokelang ho arabela ka eona leratong la hae?

14 Matsatsi a seng makae ka mor’a puisano eo e bileng lebōpong, Jesu o ile a bonahala thabeng ea Galilea ’me a laela balateli ba hae ba thabileng ba ka bang 500 ba neng ba bokane: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; . . . le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 28:19, 20; 1 Ba-Korinthe 15:6) Ak’u nahane feela! Banna, basali, le bana kaofela ba ile ba amohela thōmo ena e tšoanang. Hamorao hape, pejana a nyolohela leholimong, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle ka ho fetisisa ea lefatše.” (Liketso 1:8, NW) Ka mor’a khothatso ena eohle, ha ho makatse ha Petrose, lilemong tse latelang, a ile a re: “[Jesu] o re laetse ho bolella batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng.”—Liketso 10:42, NW.

15. Ha ho pelaelo mabapi le eng?

15 Ha ho pelaelo mabapi le hore na re lokela ho arabela joang leratong la Jesu. Joalokaha a ile a bolella baapostola ba hae: “Ha le boloka melao ea ka, le tla lula leratong la ka . . . Le tla ba metsoalle ea ka, ha le etsa tsohle tsee ke le laelang tsona.” (Johanne 15:10-14) Potso ke ena, Na u tla bontša kananelo leratong la Jesu ka ho utloa taelo ea hae ea ho kopanela mosebetsing oa ho etsa barutuoa? Ke ’nete hore ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo ho uena ka mabaka a sa tšoaneng. Empa le ho Jesu ho ne ho se bonolo. Nahanisisa ka liphetoho tseo ho neng ho hlokahala hore a li etse.

Latela Mohlala oa Jesu

16. Jesu o behile mohlala ofe o babatsehang?

16 Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo o ile a thabela boemo bo phahameng leholimong ba khanya e fetang ea mangeloi ’ohle. Ka sebele o ne a ruile! Empa o ile a ikemisetsa ho iketsa lefeela, a tsoaloa e le setho sa lelapa le futsanehileng, ’me a hōlela har’a batho ba kulang, le ba shoang. O entse sena molemong oa rōna, joalokaha moapostola Pauluse a hlalositse: “Le tseba mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste, hoba, leha a na a enne, o na a iketse mofumanehi ka baka la lōna, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.” (2 Ba-Korinthe 8:9; Ba-Filippi 2:5-8, NW) Oo ke mohlala o motle hakaakang! Ke pontšo e khōlō hakaakang ea lerato! Ha ho motho e mong ea faneng ka ho fetang hoo kapa ea utloileng bohloko bo fetang boo molemong oa ba bang. ’Me ha ho motho e mong ea nolofallelitseng ba bang ho thabela maruo a maholo, e, bophelo bo sa feleng le bo phethahetseng!

17. Ke tsela efe e behiloeng ka pel’a rōna, ’me ho e latela ho tla fella ka eng?

17 Re ka latela mohlala oa Jesu ’me ra ruisa ba bang molemo ka ho tšoanang. Khafetsa, Jesu o ile a phehella batho ho ba balateli ba hae. (Mareka 2:14; Luka 9:59; 18:22) Ha e le hantle, Petrose o ngotse: “Ke seo le bilelitsoeng sona; hobane Kreste le eena o utloisitsoe bohloko bakeng sa lōna, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng.” (1 Petrose 2:21) Na u tla arabela leratong la Kreste ho isa bohōleng ba ho utloa bohloko e le hore u ka sebeletsa Ntate oa hae joaloka eena? Ho etsa joalo ho ka ruisa ba bang molemo o moholo hakaakang! Ha e le hantle, ka ho latela mohlala oa Jesu, ka ho sebelisa ka botlalo lithuto tseo a li amohetseng ho Ntate oa hae, “u tla ipholosa, u pholose le ba u utloang.”—1 Timothea 4:16.

18. (a) Jesu o behile mohlala ofe mabapi le maikutlo a hae ka batho? (b) Batho ba ile ba arabela joang bothong ba Jesu?

18 E le hore re ka thusa batho ka ho fetisisa, re boetse re tlameha ho ba le maikutlo a kang a Jesu ka bona. Boprofeta bo itse ka eena: “O tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko.” (Pesaleme ea 72:13) Balateli ba hae ba ne ba hlokomela hore Jesu o “rata” batho bao a neng a bua le bona le hore ka sebele o ne a batla ho ba thusa. (Mareka 1:40-42; 10:21) Bibele e re: “Ha a bona matšoele, a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa.” (Mattheu 9:36) Esita le baetsalibe ba fetelletseng ba ne ba hlokomela lerato la hae ’me ba ile ba atamela ho eena. Ka molumo oa lentsoe la hae, boitšoaro, le mokhoa oa ho ruta, ba ile ba lokoloha. Ka baka leo, esita le babokelli ba lekhetho ba nyelisehang le lihlola li ne li ’matla.—Mattheu 9:9-13; Luka 7:36-38; 19:1-10.

19. Pauluse o ile a etsisa Jesu joang, ’me ha re etsa se tšoanang phello e tla ba efe?

19 Barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba etsisa mohlala oa hae o lerato. Pauluse o ile a ngolla ba bang bao a ileng a ba sebeletsa: “Re bile mosa har’a lōna, joale ka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato . . . Re khothalitse, ra ba ra tšelisa e mong le e mong ho lōna, joale ka ntat’a motho ha a etsa bana ba hae.” (1 Ba-Thessalonika 2:7-11) Na u na le kameho ea ’nete ka batho ba leng tšimong ea heno e tšoanang le eo batsoali ba bang le eona ho bana ba bona ba ratehang? Ho bontša kameho e joalo ka molumo oa lentsoe la hao, tšobotsi ea sefahleho, le ka liketso tsa hao ho tla etsa hore molaetsa oa ’Muso o ipiletse ho batho ba kang linku.

20, 21. Mehlala e meng ea kajeno ea batho ba latetseng mohlala oa Jesu oa lerato ke efe?

20 Ka letsatsi le leng le batang Spain, Lipaki tse peli li ile tsa teana le mosali e mong ea hōlileng ea tsamaeang ka liikokotlelo eo ntlo ea hae e neng e bata haholo hobane patsi e felile. O ne a emetse mora oa hae hore a khutle mosebetsing a tle a rathe e eketsehileng. Lipaki tseo li ile tsa ratha patsi, ’me tsa ba tsa mo siela limakasine tse seng kae hore a li bale. Ha mora oa hae a khutla, o ne a hlolletsoe haholo ke kameho e lerato eo Lipaki li e bontšitseng ho ’mè oa hae hoo a ileng a bala lingoliloeng tseo, a qalisa ho ithuta Bibele, a kolobetsoa, ’me ka mor’a nako a kenela tšebeletso ea bopula-maliboho.

21 Australia monna e mong le mosali oa hae ba ile ba hlalosetsa Lipaki tse etileng hore ha ba na chelete ea ho fepa lelapa la bona. Banyalani bao ba Lipaki ba ile ba tsamaea ’me ba reka thepa e itseng, hammoho le lipompong bakeng sa bana. Batsoali ba ile ba lla, ba bolela hore ba ne ba le tsietsing e khōlō hoo ba neng ba nahana ho ipolaea. Ba ile ba qalisa ho ithuta Bibele, ’me ka mor’a nakoana mosali o ile a kolobetsoa. Mosali e mong oa United States ea neng a hloile Lipaki tsa Jehova haholo o ile a tlaleha tjena ka mor’a ho teana le e mong oa tsona: “Ha e le hantle ha ke hopole hore na re ne re bua ka eng, empa seo ke se hopolang ke tsela eo a neng a le mosa ka eona ho ’na, le kamoo a neng a e-na le botsoalle ’me a ikokobelitse ka teng. Ke ile ka ikutloa ke atamela ho eena joaloka motho. Ke ntse ke nka botsoalle ba hae e le ba bohlokoa ho tla fihlela kajeno.”

22. Ka mor’a ho hlahloba bophelo ba Jesu, re fihlela qeto efe ka eena?

22 Ha re arabela leratong la Jesu ka ho etsa mosebetsi oo a o entseng le ka tsela eo a o entseng ka eona, re ka thabela mahlohonolo a tsotehang hakaakang! Boholo ba Jesu bo totobetse ebile bo phahame. Re susumelletseha ho thoholetsa mantsoe a ’musisi oa Moroma Ponse Pilato: “Bonang, motho ke enoa.” E, ka sebele, “motho ke enoa,” motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela.—Johanne 19:5.

U ne U Tla Arabela Joang?

◻ Lerato la Jesu le leholo hakae?

◻ Lerato la Jesu le lokela ho re susumelletsa ho rata bo-mang, ’me lerato la hae le lokela ho re susumelletsa ho etsa eng?

◻ Jesu o batla hore re etse mosebetsi ofe?

◻ Ke joang Jesu a neng a ruile, ’me ke hobane’ng ha a ile a fetoha mofumanehi?

◻ Re lokela ho etsisa Jesu joang mabapi le tsela eo a ileng a sebeletsa batho ka eona?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Jesu o behile mohlala oa ho bontša lerato

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Jesu o ile a bontša ka matla kamoo barutuoa ba hae ba lokelang ho bontša lerato ho eena

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela