Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 7/15 maq. 15-19
  • Etsisa Jesu—Ruta ka Lerato

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsisa Jesu—Ruta ka Lerato
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lerato ke Ntho e ka Sehloohong
  • Re Tlameha ho Rata Jehova
  • Re Tlameha ho Rata Seo re se Rutang
  • Re Tlameha ho Rata Batho
  • Le Matlafatsoe ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Rata Molimo ea U Ratang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na U Tla Arabela Leratong la Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • “U Rate Jehova Molimo oa Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 7/15 maq. 15-19

Etsisa Jesu​—Ruta ka Lerato

“Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.”—JOH. 7:46.

1. Batho ba ile ba ikutloa joang ka tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona?

NAHANA feela hore na e tlameha ebe ho ne ho hlolla hakaakang ho utloa ha Jesu a ruta! Ka Bibeleng, re bala ka hore na o ile a ama batho bao a neng a kopana le bona joang. Ka mohlala, mongoli oa Kosepele Luka, o bolela kamoo batho ba Nazaretha ba ileng “ba qala . . . ho hlolloa [kateng] ke mantsoe a khahlisang a tsoang molomong oa hae.” Matheu o tlaleha hore batho ba ileng ba mamela Jesu ha a ntse a ruta Thutong ea Thabeng, ba ile “ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.” ’Me Johanne o bolela hore balaoli ba neng ba rometsoe ho ea tšoara Jesu ba ile ba khutla ba itlhophere, ba re: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.”—Luka 4:22; Mat. 7:28; Joh. 7:46.

2. Jesu o ne a sebelisa mekhoa efe ha a ruta?

2 Balaoli bao ba ne ba nepile. Ha ho pelaelo hore Jesu e ne e le Mosuoe e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. O ne a ruta ka tsela e hlakileng, e bonolo le eo ka eona ho neng ho se motho ea ka mo hanyetsang. O ne a sebelisa lipapiso le lipotso ka bohlale. O ne a etsa hore thuto ea hae e lumellane le batho bao a neng a bua le bona, ho sa tsotellehe hore na e ne e le ba boemo bo phahameng kapa ba boemo bo tlaase. Linnete tseo a neng a li ruta li ne li le bonolo empa li le matla e le kannete. Leha ho le joalo, hase lintho tsena feela tse neng li etsa hore Jesu e be Mosuoe e moholo.

Lerato ke Ntho e ka Sehloohong

3. Jesu e ne e le mosuoe ea fapaneng joang le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae?

3 Ha ho pelaelo hore har’a bangoli le Bafarisi ho ne ho e-na le banna ba bohlale ba neng ba e-na le tsebo ba bile ba e-na le bokhoni ba ho e ruta ba bang. Ke hobane’ng ha tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona e ne e fapane hakaale le eo ba neng ba ruta ka eona? Baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo ba ne ba sa rate batho ba se nang maemo sechabeng. Ho e-na le hoo, ba ne ba ba khesa, ba nka hore ke “batho ba rohakiloeng.” (Joh. 7:49) Empa Jesu eena o ne a ba hauhela, hobane ba ne ba “sohlokehile ’me [ba] qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Mat. 9:36) O ne a le bonolo, a e-na le kutloelo-bohloko a bile a le mosa. Ho feta moo, baeta-pele ba bolumeli ba ne ba sa rate Molimo ka lerato la ’nete. (Joh. 5:42) Leha ho le joalo, Jesu eena o ne a rata Ntate oa hae a bile a thabela ho etsa thato ea hae. Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba sotha lentsoe la Molimo molemong oa bona, empa Jesu eena o ne a rata “lentsoe la Molimo”—a le ruta, a le hlalosa, a le sireletsa a bile a phela ka lona. (Luka 11:28) Ka sebele, Kreste o ne a susumetsoa ke lerato, e le lona le laolang seo a neng a se ruta, tsela eo a neng a sebelisana le batho ba bang ka eona le eo a neng a ba ruta ka eona.

4, 5. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bontša lerato ha re ruta? (b) Ke hobane’ng ha tsebo le bokhoni le tsona e le tsa bohlokoa ha re ruta?

4 Rōna re etsa joang? Kaha re balateli ba Kreste, re batla ho mo etsisa ka tsela eo re etsang tšebeletso ka eona le eo re phelang ka eona. (1 Pet. 2:21) Kahoo, sepheo sa rōna hase feela ho ruta Bibele empa e boetse ke ho bonahatsa makhabane a Jehova, haholo-holo lerato la hae. Ebang re na le tsebo e ngata kapa e fokolang, ebang re na le bokhoni bo bongata ba ho ruta kapa bo fokolang, ha re bontša lerato, seo se tla re thusa ho finyella lipelo tsa batho bao re ba bolellang litaba tse molemo. E le hore re atlehe e le kannete mosebetsing oa rōna oa ho etsa barutuoa, re tlameha ho etsisa Jesu ka hore re bontše lerato ha re ruta.

5 E le hore re be mesuoe e hloahloa, ho hlakile hore re lokela ho ba le tsebo ea seo re se rutang ’me re be le bokhoni ba ho fetisa tsebo eo. Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae hore ba be le lintho tseo ka bobeli, ’me kajeno Jehova o re thusa ho ba le tsona a sebelisa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. (Bala Esaia 54:13; Luka 12:42.) Leha ho le joalo, ha re ruta ha rea lokela ho sebelisa likelello tsa rōna feela, empa re lokela ho ruta le ka lipelo tsa rōna tsohle. Haeba re e-na le tsebo, bokhoni le lerato, re ka kotula litholoana tse molemo ha re ruta. Kahoo, re ka bontša lerato ka litsela life ha re ruta? Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba le bontša joang? A re ke re boneng.

Re Tlameha ho Rata Jehova

6. Re bua joang ha re bua ka motho eo re mo ratang?

6 Re rata ho bua ka lintho tseo re li ratang, ’me ha re etsa joalo, batho ba ka bona hore re thabile ebile rea cheseha. Sena se etsahala haholo ha re bua ka motho eo re mo ratang. Hangata re labalabela ho bolella batho ba bang seo re se tsebang ka motho eo. Rea mo rorisa, rea mo tlotla ebile rea mo sireletsa. Re etsa joalo hobane re batla hore batho ba rate motho eo le seo a leng sona joalokaha le rōna re mo rata.

7. Lerato leo Jesu a neng a rata Molimo ka lona le ile la mo susumelletsa hore a etse’ng?

7 Pele re ka thusa batho ba bang hore ba rate Jehova, rōna ka borōna re tlameha ho mo tseba re be re mo rate. Etsoe, ho rata Molimo ke oona mokokotlo oa borapeli ba ’nete. (Mat. 22:36-38) Jesu o behile mohlala o phethahetseng. O ne a rata Jehova ka pelo ea hae eohle, ka kelello ea hae eohle, ka moea oa hae oohle le ka matla a hae ’ohle. Kaha Jesu o ne a qetile lilemo tse libilione leholimong a e-na le Ntate oa hae, o ne a mo tseba hantle. Litholoana tsa seo e bile life? Jesu o ile a re: “Ke rata Ntate.” (Joh. 14:31) Sohle seo Jesu a neng a se bua le seo a neng a se etsa, se ne se bontša hore oa mo rata. Lerato leo le ne le mo susumelletsa hore kamehla a etse lintho tse thabisang Molimo. (Joh. 8:29) Le ile la mo susumelletsa hore a nyatse baeta-pele ba bolumeli, bao ka boikaketsi ba neng ba bolela hore ke baemeli ba Molimo. Le ile la boela la mo susumelletsa hore a bue ka Jehova a be a thuse batho ba bang hore ba Mo tsebe ba be ba Mo rate.

8. Lerato leo barutuoa ba Jesu ba neng ba rata Molimo ka lona le ile la ba susumelletsa hore ba etse’ng?

8 Joaloka Jesu, barutuoa ba hae ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba rata Jehova, ’me lerato lena le ile la ba susumelletsa hore ba bolele litaba tse molemo ka sebete le ka cheseho. Ba ile ba tlatsa thuto ea bona Jerusalema, le hoja baeta-pele ba bolumeli ba matla ba ne ba ba hanyetsa. Ho hang barutuoa ba ne ba ke ke ba khaotsa ho bua ka lintho tseo ba li boneng le tseo ba li utloileng. (Lik. 4:20; 5:28) Ba ne ba tseba hore Jehova o ne a e-na le bona le hore o ne a tla ba hlohonolofatsa ’me o ile a fela a ba hlohonolofatsa! Ha e le hantle, nakong ea lilemo tse ka tlaase ho 30 ka mor’a lefu la Jesu, moapostola Pauluse o bile a ngola a re litaba tse molemo li ne li boletsoe “pōpong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakol. 1:23.

9. Re ka eketsa lerato leo re ratang Molimo ka lona joang?

9 Haeba re batla hore re be mesuoe e atlehang e le kannete, ho hlokahala hore le rōna re tiise hore re tsoela pele ho eketsa lerato leo re ratang Molimo ka lona. Re ka etsa seo joang? Ka hore re buisane le Molimo ka thapelo hangata. Re boetse re eketsa lerato leo re ratang Molimo ka lona ka hore re ithute Lentsoe la hae, re bale lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ’me re be teng libokeng tsa Bokreste. Ha tsebo ea rōna ka Molimo e ntse e eketseha, re tla mo rata ho tsoa botebong ba pelo. Ka hona, ha re bontša hore re rata Molimo ka lipolelo le ka liketso, batho ba bang ba tla bona seo ’me ba ka ’na ba susumelletseha hore ba rate Jehova.—Bala Pesaleme ea 104:33, 34.

Re Tlameha ho Rata Seo re se Rutang

10. Mosuoe ea hloahloa o tsejoa ka eng?

10 Mosuoe ea hloahloa o tsejoa ka ho rata seo a se rutang. O tlameha ho lumela hore ke ’nete ebile ke sa bohlokoa. Haeba mosuoe a thahasella seo a se rutang, mahlahahlaha a hae a tla bonahala, ’me o tla susumetsa bao a ba rutang haholo. Ka lehlakoreng le leng, haeba mosuoe a hlile a sa ananele seo a se rutang, a ka lebella hore liithuti tsa hae li ananele seo li se utloang joang? Le ka mohla u se ke ua ba mosuoe oa Lentsoe la Molimo ea halalang mohlala oo a o behang. Jesu o ile a re: “Morutuoa e mong le e mong ea rupetsoeng hantle o tla tšoana le mosuoe oa hae.”—Luka 6:40, The New Berkeley Version in Modern English.

11. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a rata lintho tseo a neng a li ruta?

11 Jesu o ne a rata seo a neng a se ruta. O ne a tseba hore o ne a e-na le ntho ea bohlokoa haholo eo a neng a ka e bolella ba bang, e leng ’nete e buang ka Ntate oa hae ea leholimong, “lipolelo tsa Molimo” le “lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:34; 6:68) Joaloka leseli le khanyang, linnete tseo Jesu a neng a li ruta li ile tsa bontša hore na se neng se fosahetse e ne e le sefe ’me tsa totobatsa se neng se nepahetse. Li ile tsa etsa hore batho ba ikokobelitseng ba neng ba thetsitsoe ke baeta-pele ba bolumeli ba bohata le ba neng ba hateletsoe ke Diabolose, ba be le tšepo ba be ba khothale. (Lik. 10:38) Lerato leo Jesu a neng a rata ’nete ka lona ha le bonahale feela linthong tseo a neng a li ruta empa le bonahala le linthong tsohle tseo a neng a li etsa.

12. Moapostola Pauluse o ne a ikutloa joang ka litaba tse molemo?

12 Joalokaha Jesu a ne a rata ’nete eo a neng a e ruta, barutuoa ba hae ba ne ba rata ’nete e mabapi le Jehova le Kreste ’me ba ne ba e nka e le ea bohlokoa hoo bahanyetsi ba bona ba sa kang ba ba nyahamisa hore ba e bolelle batho ba bang. Pauluse o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena ba Roma a re: “Ke na le tabatabelo ea ho bolela litaba tse molemo . . . Etsoe ha ke lihlong ka litaba tse molemo; ha e le hantle, ke matla a Molimo a poloko ho e mong le e mong ea nang le tumelo.” (Bar. 1:15, 16) Pauluse o ne a nka ho bolela ’nete e le tlotla. O ile a ngola a re: “’Na . . . ke ile ka fuoa mosa ona o sa tšoanelang, e le hore ke bolelle lichaba litaba tse molemo tse mabapi le maruo a ke keng a lekanngoa a Kreste.” (Baef. 3:8) Ha ho pelaelo hore Pauluse o ne a le mahlahahlaha ha a ruta ba bang ka Jehova le merero ea Hae.

13. Re na le mabaka afe a hore re rate litaba tse molemo?

13 Litaba tse molemo tse Lentsoeng la Molimo li re thusa hore re tsebe ’Mōpi ’me re mo rate le eena a re rate. Litaba tseo tse molemo li re fa likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsa bohlokoa ’me li na le matla a ho fetola bophelo ba rōna, ho etsa hore re be le tšepo le ho re matlafatsa ha re le mathateng. Ho phaella moo, li re bontša tsela eo ka eona re ka phelang bophelo bo khotsofatsang le bo ke keng ba fela. Ha ho tsebo e bohlokoa ho feta ho tseba litaba tse molemo. Ke mpho ea bohlokoahali eo re e filoeng ’me e etsa hore re thabe haholo. Ebile ha re abela ba bang mpho ena re thaba le ho feta.—Lik. 20:35.

14. Re ka eketsa lerato leo ka lona re ratang seo re se rutang joang?

14 U ka etsa’ng hore lerato leo u ratang litaba tse molemo ka lona le eketsehe le ho feta? Ha u ntse u bala Lentsoe la Molimo, ka linako tse ling u ke u eme hanyenyane ’me u nahanisise ka seo u se balang. Ka mohlala, ipone u tsamaea le Jesu ha a ntse a le lefatšeng kapa u tsamaea le moapostola Pauluse. Nahana feela u se u le lefatšeng le lecha, u be u nahane kamoo bophelo e tla ba bo fapaneng kateng le ba hona joale. Nahana ka mahlohonolo ao u a fumaneng hobane u ile ua mamela litaba tse molemo. Haeba u etsa hore lerato leo u ratang litaba tse molemo ka lona le lule le le matla, batho bao u ba rutang ba tla hlokomela seo. Kahoo, re lokela ho nahana ka hloko ka seo re ithutileng sona re be re ele hloko seo re se rutang.—Bala 1 Timothea 4:15, 16.

Re Tlameha ho Rata Batho

15. Ke hobane’ng ha mosuoe a lokela ho rata liithuti tsa hae?

15 Mosuoe ea hloahloa o etsa hore liithuti tsa hae li phutholohe e le hore li ka ba le tjantjello ea ho ithuta le ho ntša maikutlo a tsona. Mosuoe ea nang le lerato o ruta liithuti tsa hae hobane a li tsotella e le kannete. O etsa hore seo a se rutang se tsamaisane le seo li se hlokang le kutloisiso eo li nang le eona. O ela hloko bokhoni ba liithuti tsa hae le maemo a tsona. Ha mesuoe e e-na le lerato la mofuta oo, liithuti li tla hlokomela seo, ’me ho ruta le ho ithuta e tla ba ntho e monate.

16. Jesu o ile a bontša ka litsela life hore o rata batho?

16 Jesu o ne a e-na le lerato la mofuta oo. Tsela e khōlō ka ho fetisisa eo a ileng a bontša ka eona hore o na le lerato ke ka hore ebe o ile a nehelana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le hore a ka pholosa batho ba bang. (Joh. 15:13) Ha Jesu a ne a le lefatšeng, ka linako tsohle o ne a le malala-a-laotsoe ho thusa batho nameng empa haholo-holo moeeng. Ho e-na le hore a lebelle hore batho ba tle ho eena, o ne a tsamaea ka maoto lik’hilomithara tse makholo e le hore a e’o ba bolella litaba tse molemo. (Mat. 4:23-25; Luka 8:1) O ne a e-na le mamello a bile a utloisisa. Ha ho ne ho hlokahala hore a khalemele barutuoa ba hae, o ne a etsa joalo ka lerato. (Mar. 9:33-37) O ile a ba khothatsa ka ho ba bolella hore o kholisehile hore ba tla atleha ha ba bolela litaba tse molemo. Ha ho motho eo e kileng ea e-ba mosuoe ea ratang batho joaloka Jesu. Lerato leo a neng a rata barutuoa ba hae ka lona le ile la ba susumelletsa hore le bona ba mo rate ba be ba boloke litaelo tsa hae.—Bala Johanne 14:15.

17. Barutuoa ba Jesu ba ile ba bontša joang hore ba rata batho ba bang?

17 Joaloka Jesu, barutuoa ba hae ba ile ba bontša hore ba rata batho bao ba ba bolellang litaba tse molemo haholo. Ba ile ba sebeletsa batho ba bang ’me ba atleha ho bolela litaba tse molemo ha ba ntse ba mameletse ha ba hlorisoa ebile ba ipehile kotsing ea ho bolaoa. Ruri ba ne ba rata batho ba ileng ba amohela litaba tse molemo! Ka sebele, mantsoe a latelang a moapostola Pauluse a ama pelo; o ile a ngola a re: “Re ile ra ba bonolo har’a lōna, joaloka ha ’mè ea anyesang a baballa bana ba hae. Kahoo, re e-na le lerato le mofuthu bakeng sa lōna, ha rea ka ra khahloa ke ho le fa litaba tse molemo feela tsa Molimo, empa le meea ea rōna, hobane le bile ba ratoang ho rōna.”—1 Bathes. 2:7, 8.

18, 19. (a) Ke hobane’ng ha re ikemiselitse ho itela ha re etsa mosebetsi oa boboleli? (b) Fana ka mohlala o bontšang hore batho ba bang ba hlokomela lerato leo re le bontšang.

18 Ka tsela e tšoanang, le kajeno Lipaki Tsa Jehova li bolela hohle lefatšeng e le hore li fumane batho ba labalabelang ho tseba Molimo le ho mo sebeletsa. Ha e le hantle, e se e le lilemo tse 17 tse latellanang re ntse re qeta lihora tse fetang bilione selemo le selemo mosebetsing oa ho bolela le oa ho etsa barutuoa—’me re sa ntse re tsoela pele ho etsa mosebetsi oo. Re etsa mosebetsi oa boboleli ka ho rata, le hoja ho hlokahala hore re sebelise matla a rōna, re tele nako ea rōna le matlotlo a rōna. Joaloka Jesu, rea hlokomela hore Ntate oa rōna ea leholimong ea nang le lerato o batla hore batho ba be le tsebo e isang bophelong bo sa feleng. (Joh. 17:3; 1 Tim. 2:3, 4) Lerato le re susumelletsa hore re thuse batho ba lipelo li ntle hore ba tsebe Jehova ba be ba mo rate joalokaha re mo rata.

19 Batho ba bang ba hlokomela lerato leo re nang le lona. Ka mohlala, morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho oa United States o ngola mangolo ho khothatsa batho ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona. Monna e mong o ile a ngola tjena ha a araba: “Qalong ke ile ka makala hore ebe motho a ka etsa boiteko bo bokaalo ba hore a ngolle motho eo a sa mo tsebeng ho hang lengolo e le hore a mo khothatse nakong ea tsietsi. Seo ke se bonang feela ke hore u rata batho ba bang ’me u rata le Molimo ea ba tataisang bophelong.”

20. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re bontše lerato ha re ruta?

20 Sengoli se seng se ile sa re ha motho a sebelisa lerato le tsebo, re ka lebella hore a etse mosebetsi o tsoileng matsoho. Ha re ruta liithuti tsa rōna, re leka ho li thusa hore li kenye tsebo ea Jehova likelellong tsa tsona li be li mo rate ka lipelo tsohle. Ka sebele, e le hore re be mesuoe e atlehang e le kannete, ho hlokahala hore re rate Molimo, re rate ’nete re be re rate batho. Ha re ntse re loanela ho ba le lerato la mofuta oo, re bile re le bontša ha re le tšebeletsong, re thabisoa ke hore ebe rea fana ebile re khotsofatsoa ke ho tseba hore re etsisa Jesu ’me re thabisa Jehova.

U ka Araba Joang?

• Ha re ntse re ruta ba bang litaba tse molemo, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore . . .

re rate Molimo?

re rate seo re se rutang?

re rate batho bao re ba rutang?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ke eng e neng e etsa hore tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona e fapane le eo bangoli le Bafarisi ba neng ba ruta ka eona?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Hore motho e be mosuoe ea hloahloa ho hlokahala hore a be le tsebo le bokhoni, ’me ka holim’a tsohle, a be le lerato

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela