Li Rupeletsoe ho Fana ka Bopaki bo Phethahetseng
“Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—LIKETSO 1:8.
1, 2. Petrose o ne a filoe taelo efe, hona o ne a e filoe ke mang?
“JESU ea neng a tsoa Nazaretha . . . [o ile] a re laela hore re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng ba hore Enoa ke eena ea laetsoeng ke Molimo hore e be moahloli oa ba phelang le oa bafu.” (Liketso 10:38, 42) Ka mantsoe ao, moapostola Petrose o ile a hlalosetsa Korneliase le lelapa la hae taelo eo a neng a e filoe ea ho ba moevangeli.
2 Jesu o ile a fana ka taelo eo neng? Mohlomong Petrose o ne a nahanne ka seo Jesu ea tsositsoeng a ileng a se bua pejana a nyolohela leholimong. Lekhetlong leo, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae ba tšepahalang: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Leha ho le joalo, nako e itseng pele ho moo, Petrose o ne a tsebile hore joaloka morutuoa oa Jesu, o ne a tla tlameha ho bua le ba bang ka tumelo ho Jesu.
Thupelo ea Lilemo Tse Tharo
3. Jesu o ile a etsa mohlolo ofe, ’me o ile a mema Petrose le Andrease hore ba etse joang?
3 Likhoeli tse ’maloa ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe ka 29 C.E., o ile a bolela litaba tse molemo Leoatleng la Galilea moo Petrose le mor’abo Andrease ba neng ba sebetsa teng e le batšoasi ba litlhapi. Ba ne ba sebelitse bosiu bohle ntle ho katleho. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re ho bona: ‘Se huleleng moo ho tebileng, ’me le theolele matlooa a lōna tlaase hore le tšoase.’ Eitse ha ba etsa seo Jesu a ba bolellang sona, “ba tšoasa litlhapi tse ngata haholo. Ha e le hantle, matlooa a bona a qala ho taboha.” Petrose o ile a tšoha haholo ha a bona mohlolo ona, empa Jesu o ile a mo kokobetsa matsoalo, a re: “Khaotsa ho ba le tšabo. Ho tloha joale ho ea pele u tla tšoasa batho ba phela.”—Luka 5:4-10.
4. (a) Jesu o ile a rupela barutuoa ba hae joang hore ba pake? (b) Tšebeletso ea Jesu e ne e tla fapana hokae le ea barutuoa ba hae?
4 Hang-hang, Petrose le Andrease—hammoho le Jakobo le Johanne, bara ba Zebedea—ba ile ba tlohela likepe tsa bona eaba ba latela Jesu. Ba ile ba tsamaea le Jesu hoo e ka bang ka lilemo tse tharo maetong a hae a ho bolela, ’me ba ne ba rupelloa hore e be baevangeli. (Matheu 10:7; Mareka 1:16, 18, 20, 38; Luka 4:43; 10:9) Qetellong ea nako eo, ka la 14 Nisane, 33 C.E., Jesu o ile a re ho bona: “Ea bontšang tumelo ho ’na, eo ka ho tšoanang o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang; ’me o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena.” (Johanne 14:12) Barutuoa ba Jesu ba ne ba tla paka ka ho phethahetseng joalokaha Jesu a ile a etsa empa ba ho etsa ka tekanyo e khōloanyane. Joalokaha ba ile ba ithuta ka potlako, bona le barutuoa bohle ba nakong e tlang ba ne ba tla paka ‘lichabeng tsohle,’ ho fihlela “qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Matheu 28:19, 20.
5. Re ka rua molemo ka litsela life thupelong eo Jesu a ileng a e fa balateli ba hae?
5 Re phela ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ (Matheu 24:3) Ho fapana le barutuoa bao ba pele, re ke ke ra tsamaea le Jesu eaba re bona ha a bua le batho. Ho sa tsotellehe seo, re ka rua molemo thupelong ea hae ha re bala Bibele re utloa hore na o ne a ruta joang le hore na o ile a fa balateli ba hae litaelo life. (Luka 10:1-11) Leha ho le joalo, sehloohong sena re tla tšohla ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo eo Jesu a ileng a e bontša barutuoa ba hae—e leng ho ba le boikutlo bo botle ka mosebetsi oa ho bolela.
Ho Ameha ka Batho
6, 7. Ke tšobotsi efe ea Jesu e neng e atlehisa tšebeletso ea hae, ’me re ka mo etsisa joang ntlheng ee?
6 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a paka ka katleho hakaale? Lebaka le leng e ne e le thahasello e matla le kameho eo a neng a e-na le eona ka batho. Mopesaleme o ile a bolela esale pele hore Jesu o ne a tla “utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng.” (Pesaleme ea 72:13) O ile a phethahatsa boprofeta boo e le kannete. Bibele e bua tjena ka ketsahalo e ’ngoe: “Ha a bona bongata a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:36) Esita le baetsalibe ba feteletseng ba ile ba lemoha kameho ea hae ’me ba atamela ho eena.—Matheu 9:9-13; Luka 7:36-38; 19:1-10.
7 Re tla atleha kajeno haeba re bontša hore re ameha ka tsela e tšoanang ka batho. Pele u e-ea tšebeletsong, ke hobane’ng ha u sa iphe motsotso oa ho nahana hore na batho ba hloka litaba tseo u ba isetsang tsona ka potlako hakae? Nahana ka mathata ao e ka ’nang eaba ba na le ’ona a tla rarolloa ke ’Muso feela. Kaha ha u tsebe hore na ke mang ea tla amohela molaetsa, ikemisetse ho nahanela motho e mong le e mong hantle. Mohlomong motho ea latelang eo u tlil’o buisana le eena o ne a ntse a rapella hore motho ea tšoanang le uena a tl’o mo thusa!
Ho Susumetsoa ke Lerato
8. Ke eng e neng e susumetsa Jesu ho bolela litaba tse molemo, e susumetsang balateli ba hae?
8 Litaba tse molemo tseo Jesu a neng a li bolela li ne li bua ka ho etsa thato ea Jehova, ho halaletsa lebitso la Hae le ho tlosa qoso bobusing ba Hae—e leng litseko tsa bohlokoa tse tobaneng le moloko oa batho. (Matheu 6:9, 10) Kaha Jesu o ne a rata Ntat’ae, o ile a susumelletseha hore a tšepahale ho isa qetellong le hore a pake ka ho phethahetseng ka ’Muso o tla rarolla litseko tsena. (Johanne 14:31) Kaha kajeno balateli ba Jesu ba susumetsoa ke ntho e tšoanang, ba khothetse tšebeletsong. Moapostola Johanne o ile a re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae,” ho akarelletsa le taelo ea hore re bolele litaba tse molemo re be re etse barutuoa.—1 Johanne 5:3; Matheu 28:19, 20.
9, 10. Ntle ho ho rata Molimo, ke ho rata mang hape ho re susumelletsang ho paka ka ho phethahetseng?
9 Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Haeba lea nthata, le tla boloka litaelo tsa ka. Ea nang le litaelo tsa ka ’me a li boloka, eo ke eena ea nthatang.” (Johanne 14:15, 21) Kahoo, ho rata Jesu ho lokela ho re susumelletsa ho pakela ’nete le ho boloka lintho tse ling tseo Jesu a li laetseng. Lekhetlong le leng leo Jesu a ileng a bonahala ka lona ka mor’a tsoho ea hae, o ile a phehella Petrose a re: “Fepa likonyana tsa ka. . . . Lisa linku tsa ka tse nyenyane. . . . Fepa linku tsa ka tse nyenyane.” Ke eng se neng se lokela ho susumetsa Petrose ho etsa seo? Jesu o ile a bontša karabo ha a botsa Petrose ka ho pheta-pheta a re: ‘Na ua nthata? . . . Na ua nthata?. . . Na ua nthata?’ Ruri lerato la Petrose ho Jesu, le ne le tla mo susumelletsa hore a pake ka ho phethahetseng, a fumane “linku . . . tse nyenyane” tsa Jesu, ebe ka mor’a moo, e ba molisa oa tsona oa moea.—Johanne 21:15-17.
10 Kajeno, rōna ha re tsebe Jesu joaloka Petrose. Leha ho le joalo, re utloisisa ka botebo bohlokoa ba seo Jesu a ileng a re etsetsa sona. Lipelo tsa rōna li susumetsoa ke lerato le leholo le ileng la mo etsa hore a ‘latsoe lefu bakeng sa motho e mong le e mong.’ (Baheberu 2:9; Johanne 15:13) Re ikutloa joaloka Pauluse ha a ne a ngola a re: “Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella . . . O ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele [eena].” (2 Bakorinthe 5:14, 15) Ha re phethahatsa taelo ea ho paka ka ho phethahetseng, re bontša hore re nka ka botebo lerato leo Jesu a re ratang ka lona le hore le rōna rea mo rata. (1 Johanne 2:3-5) Le ka mohla ha re batle ho nka mosebetsi oa ho bolela habobebe, joalokaha eka re nka sehlabelo sa Jesu e se sa bohlokoa hakaalo.—Baheberu 10:29.
Ho se Sitisoe ke Letho
11, 12. Jesu o ile a tla lefatšeng ka morero ofe, ’me o ile a bontša joang hore o nka mosebetsi oo e le oa bohlokoa?
11 Ha Jesu a ne a le ka pel’a Ponse Pilato, o ile a re: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.” (Johanne 18:37) Jesu ha aa ka a lumella letho hore le mo sitise ho pakela ’nete. Thato ea Molimo e ne e le hore a etse joalo.
12 Satane o hlile a leka Jesu ntlheng ena. Nakoana ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, Satane o ile a mo tšepisa hore o tla mo etsa motho ea phahameng lefatšeng, ho mo fa “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona.” (Matheu 4:8, 9) Hamorao, Bajuda ba ile ba batla ho mo etsa morena. (Johanne 6:15) Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ho ka be ho bile molemo hoja Jesu a amohela lintho tseo a neng a li tšepisoa, mohlomong ba beha lebaka la hore ha Jesu e ne e le morena oa motho, a ka be a ile a tsoela moloko oa batho molemo haholo. Empa Jesu o ile a hana monahano oo. Ntho ea bohlokoa ho eena e ne e le ho pakela ’nete.
13, 14. (a) Ke eng se sa kang sa khelosa Jesu mosebetsing oa hae oa bohlokoa? (b) Le hoja Jesu e ne e le mofutsana, o ile a finyella eng?
13 Ho phaella moo, Jesu o ne a sa khelosoe ke ho lelekisa maruo. Ka lebaka leo, e ne e se monna oa morui. O ne a se na le ha hae. Ka lekhetlo le leng o ile a re: “Liphokojoe li na le maphao le linonyana tsa leholimo li na le lihlaha, empa Mor’a motho ha a na moo a ka behang hlooho ea hae teng.” (Matheu 8:20) Ha Jesu a e-shoa, ntho ea bohlokoa feela eo ho tlalehiloeng hore o ne a e-na le eona e ne e le seaparo seo masole a Roma a ileng a etsa qeto ka lotho hore na e tla ba sa mang. (Johanne 19:23, 24) Kahoo, na Jesu o ne a pheletse ntat’a selala? Che!
14 Jesu o ile a finyella se fetang se neng se ka finyelloa ke moruihali ea fanang ka liphallelo. Pauluse o ile a re: “Le tseba mosa o sa tšoanelang oa Morena oa rōna Jesu Kreste, hore le hoja a ne a ruile e ile ea e-ba mofutsana ka lebaka la lōna, e le hore le ka rua ka bofutsana ba hae.” (2 Bakorinthe 8:9; Bafilipi 2:5-8) Le hoja Jesu e ne e le mofutsana mabapi le lintho tse bonahalang, o ile a bula tsela ea hore baikokobetsi ba fumane bophelo bo sa feleng maemong a phethahetseng. Re mo leboha haholo! ’Me re thaba hakaakang ka lebaka la moputso oo a o fumaneng hobane a ile a phelela ho etsa thato ea Molimo!—Pesaleme ea 40:8; Liketso 2:32, 33, 36.
15. Ntho ea bohlokoa ho feta leruo ke efe?
15 Le bona Bakreste ba loanelang ho etsisa Jesu kajeno, ha ba lumele ho khelosoa ke ho hahamalla leruo. (1 Timothea 6:9, 10) Baa lumela hore leruo le ka etsa hore bophelo bo be bonolo, empa baa tseba hore bokamoso ba bona ba ka ho sa feleng ha boa itšetleha ka lona. Ha Mokreste a e-shoa, leruo la hae ha e be la bohlokoa joalokaha seaparo sa Jesu e sa ka ea e-ba sa bohlokoa ho eena ha a e-shoa. (Moeklesia 2:10, 11, 17-19; 7:12) Ha Mokreste a e-shoa, ntho feela ea bohlokoa ka sebele eo a nang le eona ke kamano ea hae le Jehova le Jesu Kreste.—Matheu 6:19-21; Luka 16:9.
Ho se Sitisoe ke Khanyetso
16. Jesu o ne a etsa joang ha a hlorisoa?
16 Khanyetso ha ea ka ea sitisa Jesu ho pakela ’nete. Esita leha a ne a tseba hore tšebeletso ea hae lefatšeng e tla fella ka lefu la sehlabelo, ha aa ka a nyahama. Pauluse o ile a bua tjena ka Jesu: “Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.” (Baheberu 12:2) Hlokomela hore Jesu ha aa ka a ‘natsa lihlong.’ O ne a sa tšoenngoe ke hore na bahanyetsi ba nahana eng ka eena. O ne a sa sitisoe ho etsa thato ea Molimo.
17. Re ka ithuta eng mamellong ea Jesu?
17 Pauluse o ile a sebelisa thuto ea ho mamella ha Jesu ha a khothatsa Bakreste ka ho re: “Le nahane ka hloko ka ea mameletseng puo e joalo e hanyetsang ea baetsalibe khahlanong le lithahasello tsa bona, e le hore le se ke la khathala eaba le felloa ke matla meeeng ea lōna.” (Baheberu 12:3) Ke ’nete hore motho a ka ’na a khathala ke ho hlorisoa kapa ho songoa kamehla. Re ka ’na ra felloa ke matla a ho ’na re hana lintho tse hohelang tsa lefatše, e leng ho ka ’nang ha etsa hore re songoe ke beng ka rōna ba re khothalletsang ho “ba batho ba atlehileng.” Empa, joaloka Jesu, re batla thuso ho Jehova hore a re tšehetse ha re ntse re tiile re etelletsa ’Muso pele bophelong ba rōna.—Matheu 6:33; Baroma 15:13; 1 Bakorinthe 2:4.
18. Ke thuto efe e ntle eo re ka ithutang eona mantsoeng a Jesu ho Petrose?
18 Jesu o ile a bontša hore ha a batle ho sitisoa ha a ne a bolella barutuoa ba hae ka lekhetlo la pele hore o tla shoa. Petrose o ile a susumelletsa Jesu hore a “ikhauhele” a ba a mo tiisetsa hore a “ke ke [a] ba le qetello ena.” Jesu o ile a hana ho mamela eng kapa eng e neng e ka fokolisa boikemisetso ba hae ba ho etsa thato ea Jehova. O ile a furalla Petrose eaba o re: “Suthela ka mor’a ka, Satane! U khopiso ho ’na, hobane u nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.” (Matheu 16:21-23) E se eka kamehla re ka ikemisetsa ka ho tšoanang ho hana menahano ea batho. Ho e-na le hoo, e se eka kamehla re ka tataisoa ke menahano ea Molimo.
O Tla Tlisa Melemo ea Sebele
19. Le hoja Jesu a ne a etsa mehlolo e mengata, karolo ea bohlokoahali ea tšebeletso ea hae e ne e le efe?
19 Jesu o ile a etsa mehlolo e mengata ho bontša hore ke Mesia. O bile a tsosa bafu. Mesebetsi eo e ne e hohela batho ba bangata, empa Jesu o ne a sa tla lefatšeng feela ho tla thusa batho ba mathateng. O ne a tletse ho tla pakela ’nete. O ne a tseba hore melemo leha e le efe eo a fanang ka eona ea lintho tse bonahalang, ke ea nakoana. Esita le ba tsositsoeng ba ne ba tla shoa hape. Ke feela ka ho pakela ’nete a neng a ka thusa ba bang hore ba fumane bophelo bo sa feleng.—Luka 18:28-30.
20, 21. Ke joang Bakreste ba ’nete ba etsang lintho ka teka-tekano tabeng ea mesebetsi e molemo?
20 Kajeno, batho ba bang ba leka ho etsisa mesebetsi e molemo ea Jesu ka ho bula lipetlele kapa ka ho etsetsa mafutsana a lefatše litšebeletso tse itseng. Maemong a mang, ba itela haholo ha ba etsa sena, ’me botšepehi ba bona boa babatseha, empa thuso leha e le efe ea bona, ke ea nakoana feela. ’Muso ke oona feela o tla tlisa thuso ea ka ho sa feleng. Kahoo, joaloka Jesu, Lipaki Tsa Jehova li amehile ka ho pakela ’nete e buang ka ’Muso.
21 Ha e le hantle, Bakreste ba ’nete ba hlile ba etsa mesebetsi e molemo. Pauluse o ile a ngola a re: “Hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagalata 6:10) Ha ho hlahile koluoa kapa ha e mong a hloka, ha re tsila-tsile ‘ho sebetsa se molemo’ bakeng sa baahelani ba rōna kapa barab’abo rōna ba Bakreste. Leha ho le joalo, re nka ho pakela ’nete e le hona habohlokoa ka ho fetisisa.
Ithute Mohlaleng oa Jesu
22. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ruta baahelani ba bona?
22 Pauluse o ile a ngola a re: “Ho malimabe ’na haeba ke sa ka ka bolela litaba tse molemo!” (1 Bakorinthe 9:16) O ne a sa nke litaba tse molemo habobebe kaha ho li bolela ho ne ho bolela bophelo bo sa feleng ho eena le ho bamameli ba hae. (1 Timothea 4:16) Le rōna re nka tšebeletso ea rōna ka tsela eo. Re batla ho thusa baahelani ba rōna. Re batla ho bontša hore re rata Jehova. Re batla ho bontša hore re rata Jesu le hore re ananela lerato le leholo leo a re ratang ka lona. Kahoo, re bolela litaba tse molemo ’me kahoo ha ‘re sa phelela litakatso tsa batho, empa re phelela thato ea Molimo.’—1 Petrose 4:1, 2.
23, 24. (a) Re ithuta’ng mohlolong oa litlhapi? (b) Ke bo-mang ba pakang ka ho phethahetseng kajeno?
23 Joaloka Jesu, ha ba bang ba re soma kapa ka bohale ba hana molaetsa oa rōna, seo ha sea lokela ho re sitisa mosebetsing oa rōna o moholo. Ho na le seo re ithutang sona mohlolong oo Jesu a ileng a o etsa ha a ne a bitsa Petrose le Andrease hore ba mo latele. Re utloisisa hore haeba re mamela Jesu ’me, ka tšoantšetso, re theolela matlooa a rōna le metsing ao ho bonahalang ho se letho le ka tšoasoang ho oona, mosebetsi oa rōna oa ho tšoasa o ka ’na oa atleha. Batšoasi ba bangata ba Bakreste ba ’nile ba tšoasa haholo ka mor’a ho sebetsa ka lilemo metsing ao ho neng ho bonahala ho se letho le ka tšoasoang ho oona. Ba bang ba ’nile ba fallela moo ho tšoasoang haholoanyane ’me ba tšoasa haholo libakeng tseo. Ho sa tsotellehe hore na re etsa’ng, re ke ke ra tlohela ho theolela matlooa a rōna hore re tšoase. Rea tseba hore ha ho na karolo ea lefatše eo ho eona Jesu a seng a boletse hore mosebetsi oa ho bolela o felile.—Matheu 24:14.
24 Hona joale Lipaki Tsa Jehova tse fetang limilione tse tšeletseng li tšoarehile linaheng tse fetang 230. Tokollo ea Molula-Qhooa oa February 1, 2005, e tla ba le tlaleho ea lefatše ka bophara ea selemo le selemo ea mosebetsi oa tsona selemong sa tšebeletso sa 2004. Tlaleho eo e tla bontša tlhohonolofatso e khōlō ea Jehova mosebetsing oa ho bolela. E se eka nakong ena e saletseng tsamaiso ena ea lintho, re ka tsoela pele ho nka ka botebo mantsoe ana a susumetsang a Pauluse: “U bolele lentsoe, u be ho lona ka ho phehella.” (2 Timothea 4:2) E se eka re ka tsoela pele ho paka ka ho phethahetseng ho fihlela Jehova a re mosebetsi o felile.
Ho tloha selemong sena, Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso ea Lipaki Tsa Jehova Lefatšeng Lohle ha e sa tla hlaha tokollong ea Molula-Qhooa oa January 1. E se e tla phatlalatsoa tokollong ea February 1.
Na U ka Araba?
• Re ka rua molemo joang thupelong eo Jesu a ileng a e fa barutuoa ba hae?
• Jesu o ne a e-na le boikutlo bofe ka batho bao a neng a ba ruta?
• Ke eng se re susumelletsang ho paka ka ho phethahetseng?
• Ke ka litsela life re ka lulang re sa sitisoe joaloka Jesu ha re etsa thato ea Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Re tla atleha tšebeletsong ea rōna haeba re bontša kameho e kang eo Jesu a neng a e-na le eona ka batho
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Ntho e ka sehloohong eo Jesu a neng a e tletse lefatšeng ke ho tla pakela ’nete
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Lipaki Tsa Jehova li amehile ka ho paka ka ho phethahetseng