Pale ea Bophelo
Re Ile ra Ithuta ho Tšepa Jehova ka Hohle
JOALOKAHA HO BOLETSE NATALIE HOLTORF
E ne e le ka June 1945. Ka letsatsi le leng khoeling eo, ho ile ha fihla monna e mong ea sohlokehileng ea ileng a ema ka ntle monyakong o ka pele oa ntlo ea ka. Morali oa ka oa ho fela Ruth o ile a hoeletsa a tšohile a re: “’Mè, ho na le motho eo ke sa mo tsebeng monyako!” O ne a sa tsebe hore motho enoa eo a neng a sa mo tsebe ke ntat’ae—monna oa ka ea ratoang, Ferdinand. Lilemo tse peli pele ho moo, matsatsi a mararo feela ka mor’a hore Ruth a hlahe, Ferdinand o ile a tloha lapeng, a tšoaroa eaba qetellong o kenngoa kampong ea mahloriso ea Manazi. Empa qetellong, ka mor’a nako ena e telele, Ruth o ile a kopana le ntat’ae, ’me lelapa la rōna la kopana hape. Ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo ’na le Ferdinand re neng re tla qoqa ka tsona!
FERDINAND o hlahetse toropong ea Kiel, Jeremane, ka 1909, empa ’na ke hlahetse toropong e ’ngoe ea Jeremane e bitsoang Dresden ka 1907. Ha ke ne ke le lilemo li 12, lelapa leso le ile la qala ho kopana le Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. Ke ile ka tsoa Kerekeng ea Evangeli ha ke le lilemo li 19, ’me ka mor’a moo ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Jehova.
Ho sa le joalo, Ferdinand o ile a fuoa lengolo kolecheng ea basesisi ba likepe ’me ea e-ba mosesisi oa likepe. Maetong a hae, o ne a nahana ka lipotso tse mabapi le boteng ba ’Mōpi. Ka mor’a leeto le leng, Ferdinand o ile a etela moholoane oa hae, eo e neng e le Seithuti sa Bibele. Ketelong ena o ile a kholiseha hore Bibele e na le likarabo tsa lipotso tse neng li mo tšoenya. O ile a tsoa Kerekeng ea Lutere, a ba a etsa qeto ea ho tlohela mosebetsi oa ho sesisa likepe. Ka mor’a ho ba mosebetsing oa ho bolela ka letsatsi la pele, o ile a utloa a labalabela ho etsa mosebetsi ona bophelong bohle ba hae. Bosiung bona boo, Ferdinand o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova. O ile a kolobetsoa ka August 1931.
Mosesisi oa Sekepe le ’Moleli
Ka November 1931, Ferdinand o ile a palama terene e eang Netherlands a il’o thusa mosebetsing oa boboleli moo. Ha Ferdinand a bolella mor’abo rōna ea neng a hlophisa mosebetsi naheng eo hore e ne e le mosesisi oa likepe, mora eo oabo rōna o ile a bua ka thabo a re: “Re ntse re batla motho ea tšoanang le uena!” Barab’abo rōna ba ne ba hirile seketsoana e le hore sehlopha sa bo-pula-maliboho (basebeletsi ba nako e tletseng) se ka ea bolela ka leboea ho naha, metseng e sikileng le leoatle. Seketsoana sena se ne se e-na le batho ba bahlano ba tsamaeang le sona, empa har’a bona ho ne ho se le ea mong ea tsebang ho se sesisa. Kahoo, Ferdinand e ile ea e-ba mosesisi oa sona.
Likhoeli tse tšeletseng hamorao Ferdinand o ile a kōptjoa hore a e’o sebetsa Tilburg, ka boroa Netherlands, e le pula-maliboho. Hoo e ka bang nakong eo, le ’na ke ile ka fihla Tilburg ke tlil’o sebetsa ke le pula-maliboho, ’me ke ile ka kopana le Ferdinand. Empa hona hoo feela re ile ra kōptjoa hore re fallele Groningen, karolong e ka leboea ea naha. Re ile ra nyalana moo ka October 1932, ’me ra ba phomolong ea banyalani ea ka mor’a lechato ha re ntse re bula maliboho re lula ntlong e neng e sebelisoa ke bo-pula-maliboho ba bangata!
Ka 1935 morali oa rōna Esther o ile a hlaha. Le hoja re ne re e-na le chelete e nyenyane, re ne re ikemiselitse ho tsoela pele re le bo-pula-maliboho. Re ile ra ea motsaneng o mong, moo re ileng ra lula ntlong e nyenyane. Ha ke ne ke setse le ngoana lapeng, monna oa ka o ne a sebetsa letsatsi kaofela tšebeletsong. Ka letsatsi le hlahlamang o ne a sala le ngoana ’na ke e-ea tšebeletsong. Re ile ra etsa sena ho fihlela Esther a le moholo hoo a khonang ho ea le rōna tšebeletsong.
Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha hlaha boemo bo tšosang ba lipolotiki Europe. Re ile ra utloa hore Lipaki lia hlorisoa Jeremane, ’me ra hlokomela hore le rōna re tla tloha re latela. Re ile ra ipotsa hore na ebe re tla khona ho mamella mahloriso a feteletseng. Ka 1938 babusi ba Madache ba ile ba ntša molao o hanelang melata ho etsa mosebetsi oa ho rekisa lingoliloeng tsa bolumeli. Lipaki tsa Madache li ile tsa re thusa hore re tsoele pele tšebeletsong ka ho re fa mabitso a batho ba neng ba bontšitse thahasello mosebetsing oa rōna, ’me re ile ra khona ho ithuta Bibele le ba bang ba bona.
Hoo e ka bang nakong eo, ho ne ho tla ba le kopano ea Lipaki Tsa Jehova. Le hoja re ne re se na chelete ea ho reka litekete tsa terene bakeng sa ho ea kopanong, re ne re batla ho ea. Kahoo, re ile ra qala leeto la matsatsi a mararo ka baesekele, Esther a lutse setuloaneng sa bana se linakeng. Bosiu re ne re robala ha Lipaki tse ahileng haufi le tsela. Re ile ra thaba hakaakang ka ho ba teng kopanong ea rōna ea pele ea naha eohle! Lenaneo le ile la re matlafalletsa liteko tse neng li tla tla. Ho feta moo, re ile ra hopotsoa hore re tšepe Molimo. Lepetjo la rōna e ile ea e-ba mantsoe ana a Pesaleme ea 31:6: “Ha e le ’na, ke tšepa Jehova.”
Manazi aa re Tsoma
Ka May 1940 Manazi a ile a hlasela Netherlands. Nakoana ka mor’a moo Magestapo, kapa sepolesa sa mautloela, a ile a re etela ka tšohanyetso re ntse re hlophisa lingoliloeng tseo re li fumaneng tsa Bibele. Ferdinand o ile a isoa ntlo-khōlō ea Magestapo. ’Na le Esther re ne re mo etela khafetsa, ’me ka linako tse ling o ne a hlongoa lipotso le ho shapuoa ka pel’a rōna. Ka December, Ferdinand o ile a lokolloa ho sa lebelloa, empa tokoloho ea hae e ile ea e-ba ea nakoana. Mantsiboeeng a mang ha re fihla lapeng, re ile ra bona koloi ea Magestapo pel’a ntlo. Ferdinand o ile a khona ho baleha ha ’na le Esther re kena ka tlung. Magestapo a ne a re emetse. A ne a batla Ferdinand. Bosiung bona boo ha Magestapo a qeta ho tsamaea, mapolesa a Madache a ile a tla ’me a nkuka ho ea ntlhoma lipotso. Letsatsing le hlahlamang ’na le Esther re ile ra ea ipata ha banyalani ba Lipaki ba neng ba sa tsoa kolobetsoa, ba ha Norder, ba ileng ba re fa bolulo le tšireletso.
Ho elella bofelong ba January 1941, ho ile ha tšoaroa banyalani ba bo-pula-maliboho ba neng ba lula k’haraveneng. Letsatsing le hlahlamang molebeli oa potoloho (e leng, mosebeletsi ea tsamaeang) le monna oa ka ba ile ba ea k’haraveneng eo ho ea phutha thepa e ’ngoe ea banyalani bao, empa ba ile ba hlaseloa ke batho ba sebelisanang le Magestapo. Ferdinand o ile a chophola eaba o baleha ka baesekele ea hae. Empa molebeli oa potoloho eena o ile a isoa chankaneng.
Barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba kōpa Ferdinand hore a nke sebaka sa molebeli oa potoloho. Sena se ile sa bolela hore o ne a ka khona ho tla hae hoo e ka bang ka matsatsi a mararo feela ka khoeli. Sena e ne e le teko e ncha ho rōna, empa ke ile ka tsoela pele ke le pula-maliboho. Magestapo a ne a se a tsoma Lipaki ka matla, kahoo re ne re tlameha ho falla nako le nako. Ka 1942 re ile ra falla ka makhetlo a mararo. Qetellong, re ile ra fihla toropong ea Rotterdam, hōle haholo le moo Ferdinand a neng a etsa tšebeletso ea sekhukhu teng. Nakong eo ke ne ke le moimana oa ngoana oa ka oa bobeli. Re ile ra amoheloa ka mosa ke ba ha Kamp, bao bara ba bona ba babeli ba neng ba sa tsoa isoa likampong tsa mahloriso.
Magestapo a re Hata Lirethe
Ngoana oa rōna oa bobeli, Ruth, o hlahile ka July 1943. Ha Ruth a qeta ho hlaha, Ferdinand o ile a lula le rōna ka matsatsi a mararo, eaba o tlameha ho tsamaea, ’me ho tloha letsatsing leo re ile ra mo bona hape ka mor’a nako e telele. Hoo e ka bang libeke tse tharo hamorao, Ferdinand o ile a tšoaroa Amsterdam. O ile a isoa seteisheneng sa Magestapo, moo ho ileng ha tiisoa hore na ha habo ke hokae. Magestapo a ile a mo hloma lipotso ka matla ka boiteko ba ho mo qobella hore a fane ka boitsebiso ba mesebetsi ea rōna ea boboleli. Empa Ferdinand o ne a ikemiselitse ho senola feela hore eena ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova le hore ha a kena-kenane le litaba tsa lipolotiki. Liofisiri tsa Magestapo li ne li halefisitsoe ke hore Ferdinand, e le Lejeremane, o ne a sa itlaleha bakeng sa tšebeletso ea sesole, ’me li ile tsa mo tšosa ka hore li tla mo bolaela bohlaba-phio.
Likhoeling tse hlahlamang tse hlano, Ferdinand o ile a koalloa seleng ea chankana, moo a ileng a mamella litšoso tse sa feleng tsa hore o tla bolaoa ke sehlopha sa masole a thunyang batho ba ahloletsoeng lefu. Empa ha aa ka a thekesela botšepehing ba hae ho Jehova. O ile a thusoa ke eng hore a lule a le matla moeeng? Lentsoe la Molimo, Bibele. Ha e le hantle, kaha Ferdinand e ne e le Paki, o ne a sa lumelloa ho ba le Bibele. Leha ho le joalo, batšoaruoa ba bang ba ne ba ka kōpa ho ba le eona. Kahoo, Ferdinand o ile a kholisa motho ea neng a lula le eena ka seleng hore a kōpe lelapa la hae hore le mo romelle Bibele, e leng seo monna eo a ileng a se etsa. Lilemo tse ileng tsa latela hamorao, neng le neng ha Ferdinand a ne a bua ka ketsahalo ena, mahlo a hae a ne a tlala thabo ebe ka nyakallo o re: “Bibele eo e ile ea ntšelisa haholo!”
Mathoasong a January 1944, ka tšohanyetso Ferdinand o ile a isoa kampong ea mahloriso ea Vught, Netherlands. E se ka morero, ho isoa moo ho ile ha mo tsoela molemo hobane teng o ile a kopana le Lipaki tse ling tse 46. Ha ke tseba hore o isitsoe sebakeng sesele, ke ile ka thaba haholo ho tseba hore o sa ntse a phela!
Ho Bolela Mocha-o-chele Kampong ea Mahloriso
Bophelo bo ne bo le thata kampong. Tlala, khaello ea liaparo tse mofuthu le serame se bohale e ne e le kobo-anela. Ferdinand o ile a tšoaroa ke litemetoane habohloko. Ka mor’a ho ema ka nako e telele serameng ha ho ntse ho bitsoa mabitso, o ile a itlaleha sebakeng sa bakuli. Bakuli ba neng ba e-na le mocheso oa likhato tse 40 tsa Celsius kapa ka holimo, ba ne ba lumelloa ho sala. Empa Ferdinand eena ha aa ka a lumelloa ho sala, hobane mocheso oa hae e ne e le likhato tse 39 feela tsa Celsius! O ile a bolelloa hore a khutlele mosebetsing. Empa, batšoaruoa-’moho le eena ba mohau, ba ile ba mo thusa ka ho mo pata ka linako tse khutšoanyane sebakeng se mofuthu. O ile a thuseha hape ha ho futhumala. Hape, ha bara ba bang babo rōna ba ne ba fumana liphutheloana tsa lijo, ba ne ba ngoathela ba bang, ka hona Ferdinand o ile a boela a ba le matla.
Pele monna oa ka a kenngoa chankaneng, o ne a phelela boboleli, ’me ha a le ka kampong o ile a tsoela pele ho bua le ba bang ka tumelo ea hae. Liofisiri tsa kampo li ne li mo soma hangata ka lebaka la lesela la hae le pherese le likhutlo li tharo, e leng letšoao le neng le bontša hore motšoaruoa ke Paki. Empa Ferdinand o ne a nka lipolelo tseo e le monyetla oa ho qala ho ba qoqisa. Qalong, tšimo eo barab’abo rōna ba neng ba bolela ho eona e ne e fella matlong a neng a e-na le Lipaki tse ngata. Barab’abo rōna ba ne ba ipotsa, ‘Ebe re ka finyella batšoaruoa ba eketsehileng joang?’ Lefapha la tsamaiso la kampo le ile la rarolla bothata bona le sa rera. Joang?
Barab’abo rōna ba ne ba e-na le lingoliloeng tse keneng ka sekhukhu tsa Bibele le Libibele tse 12. Ka letsatsi le leng balebeli ba ile ba fumana lingoliloeng tse ling, empa ha baa ka ba fumana mong’a tsona. Kahoo, liofisiri tsa kampo li ile tsa etsa qeto ea hore bonngoe ba Lipaki bo lokela ho senngoa. Ka hona, ho ile ha lihuoa kahlolo ea hore barab’abo rōna ba kenngoe matlong a se nang batšoaruoa ba Lipaki. Ho feta moo, barab’abo rōna ba ne ba tlameha ho lula pel’a batho bao e seng Lipaki ha ba ja. Tokisetso ena e ile ea e-ba molemo. Barab’abo rōna ba ne ba ka etsa seo ba neng ba hlile ba ratile ho se etsa ho tloha qalong—e leng ho bolela litaba tse molemo ho batšoaruoa ba bangata kamoo ho ka khonehang.
Ho Hōlisa Basetsana ba Babeli ke le Mong
Ho sa le joalo, ’na le barali ba ka ba babeli re ne re ntse re lula Rotterdam. Mariha a 1943/44 a ne a le bohale. Ntlo ea rōna e ne e furallane le mohaho o neng o e-na le libetsa tseo masole a Jeremane a neng a liha lifofane ka tsona. Ka pel’a rōna teng e ne e le Boema-kepe ba Waal, e leng sebaka seo Linaha Tsa Selekane li neng li hlile li se korotse ka lifofane tse lihang libomo. E ne e hlile e se sebaka se setle haholo sa ho ipata. Ntle ho moo, lijo li ne li haella. Ho feta neng kapa neng, re ile ra ithuta ho tšepa Jehova ka hohle.—Liproverbia 3:5, 6.
Esther, ea neng a e-na le lilemo tse robeli ka nako eo, o ne a thusa lelapa la rōna le lenyenyane ka ho folla sopho. Empa, hangata lijo li ne li fela ha ho fihla nako ea hore a phake. Ka lekhetlo le leng ha a ne a il’o batla lijo, o ile a khaoletsoa tlhaselong ea lifofane tsa ntoa. Ke ile ka tšoha ha ke utloa libomo, empa ka pele feela ho tšoenyeha ha ka ho ile ha fetoha meokho ea thabo ha a khutla a sa lemala a bile a nkile lihoete tse seng kae tsa tsoekere. Potso ea pele eo ke ileng ka mo botsa eona ke e reng: “Ho etsahetse’ng?” O ile a araba a sa tšoha a re: “Ha libomo li e-oa, ke ile ka etsa hantle seo Ntate a ileng a re ke se etse, ‘U maname fatše, u se ke ua ema, ebe ua rapela.’ ’Me seo se ile sa nthusa!”
Ka lebaka la leleme la ka la Sejeremane, ho ne ho le molemo hore Esther e be eena ea eang mabenkeleng. Masole a Majeremane a ile a bona sena, eaba a qala ho hloma Esther lipotso. Empa ha aa ka a phahla makunutu. Ke ne ke ruta Esther Bibele lapeng, ’me kaha o ne a ke ke a kena sekolo, ke ile ka mo ruta ho bala, ho ngola le mesebetsi e meng.
Esther o ne a nthusa le tšimong. Pele ke tsamaea ho ea ithuta Bibele le motho, Esther o ne a nketa pele ho tiisa hore ha ho motho ea re bonang. O ne a ikholisa hore na matšoao ao re lumellaneng ka ’ona le seithuti sa Bibele a teng. Ka mohlala, motho eo ke neng ke tla mo etela o ne a beha nkho ea lipalesa ka tsela e itseng fensetereng ho mpontša hore nka kena. Ha thuto ea Bibele e ntse e tsoela pele, Esther o ne a lalla ka ntle ho bona hore ha ho na letho le kotsi, a ntse a e-ea holimo le tlaase seterateng a sutumetsa koloeana ea bana eo Ruth a e palameng.
Ho Uoa Sachsenhausen
Ferdinand o ne a ntse a etsa joang? Ka September 1944, eena le ba bang ba bangata ba ile ba qobelloa ho ea seteisheneng sa terene moo lihlopha tsa batšoaruoa ba 80 ba neng ba petetsoa ka makaracheng a thepa a letileng moo. Lekareche le leng le le leng le ne le e-na le bakete e le ’ngoe e neng e sebelisoa e le ntloana le bakete e le ’ngoe ea metsi a nooang. Leeto lena le ne le nka matsatsi a mararo le masiu a mararo, ’me ho ne ho se na mokhoa oa ho lula! Ho ne ho se na moea o lekaneng. Makareche ana a ne a se na moo moea o kenang le teng haese feela masobanyana a qalikaneng. Mocheso, tlala le lenyora—le monko o mobe—tseo ba neng ba tlameha ho li mamella, ha li hlalosehe.
Terene e ile ea ema kampong ea mahloriso e tummeng hampe ea Sachsenhausen. Batšoaruoa bohle ba ile ba amohuoa thepa ea bona eo ba neng ba sa ntse ba e-na le eona—ntle ho Libibele tse nyenyane tse 12 tseo Lipaki li neng li li nkile leetong!
Ferdinand le barab’abo rōna ba robeli ba ile ba isoa kampong e laoloang ke Sachsenhausen e neng e le Rathenow ho ea sebetsa moo ho etsoang libetsa. Le hoja khafetsa barab’abo rōna ba ne ba tšosoa ka hore ba tla bolaoa, ba ne ba hana mosebetsi oa mofuta oo. Ba ne ba matlafatsana hore ba lule ba tiile ka hore hoseng, ba buisane ka temana ea Bibele e kang Pesaleme ea 18:2, e le hore ba ka thuisa ka eona motšehare. Sena se ne se ba thusa ho thuisa ka litaba tsa moea.
Qetellong, ho luma ha lithunya tse khōlō ho ile ha supa hore mabotho a Linaha Tsa Selekane le a Russia a haufi. Ho ile ha fihla Marussia pele kampong eo Ferdinand le balekane ba hae ba neng ba le ho eona. A ile a fa batšoaruoa lijo ’me a ba laela hore ba tlohe kampong eo. Bofelong ba April 1945, lebotho la Russia le ile la ba lumella ho ea hae.
Qetellong re ba Hammoho re le Lelapa
Ferdinand o ile a fihla Netherlands ka la 15 June. Barab’abo rōna ba Groningen ba ile ba mo amohela ka mofuthu. Kapele o ile a tsebisoa hore rea phela le hore re lula kae-kae ka hare ho naha, ’me le rōna re ile ra tsebisoa hore o khutlile. Ho mo emela ho ile ha bonahala ho nka nako e telele haholo. Empa qetellong, ka letsatsi le leng Ruth o ile a hoeletsa a re: “’Mè, ho na le motho eo ke sa mo tsebeng monyako!” Eo e ne e le monna oa ka ea ratoang le ntate ea ratoang oa bana ba ka!
Ho ne ho hlokahala hore ho lokisoe mathata a mangata pele re ka sebetsa hape joaloka lelapa le tloaelehileng. Re ne re se na bolulo, ’me bothata bo boholo e ne e le ho boelloa ke litokelo tsa rōna tsa bojaki. Kaha re ne re le Majeremane, ka lilemo tse ngata liofisiri tsa Madache li ne li re tšoara joaloka melahloa. Empa qetellong, re ile ra khona ho tsitsa le ho qalisa bophelo boo e neng e le khale re bo labalabela—ba ho sebeletsa Jehova hammoho re le lelapa.
“Ke Tšepa Jehova”
Hamorao, neng le neng ha ’na le Ferdinand re ne re kopana le metsoalle e meng ea rōna e neng e phetse joaloka rōna matsatsing ao a mathata, re ne re hopola tataiso e lerato ea Jehova linakong tseo tse thata. (Pesaleme ea 7:1) Re ne re thabela hore lilemong tseo kaofela, Jehova o ile a re lumella hore re be le kabelo ho ntšetseng pele lintho tse amanang le ’Muso. Khafetsa re ne re boetse re bolela kamoo re thabileng kateng hore ebe re sebelisitse bocha ba rōna tšebeletsong e halalelang ea Jehova.—Moeklesia 12:1.
Ka mor’a nako ea ho hlorisoa ke Manazi, ’na le Ferdinand re ile ra sebeletsa Jehova hammoho ka lilemo tse fetang tse 50 pele a phetha tsela ea hae ea lefatšeng ka la 20 December, 1995. Haufinyane ke tla be ke le lilemo li 98. Letsatsi le letsatsi ke leboha Jehova hore ebe bana ba rōna ba ile ba re tšehetsa haholo lilemong tseo tsa mathata le hore ebe ke sa ntse ke etsa seo nka se khonang tšebeletsong ea hae ho tlotlisa lebitso la hae. Ke leboha sohle seo Jehova a nketselitseng sona, ’me takatso ea pelo ea ka ke hore ke tsoele pele ke phelela lepetjo la ka: “Ha e le ’na, ke tšepa Jehova.”—Pesaleme ea 31:6.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
’Na le Ferdinand ka October 1932
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Seketsoana sa “Almina” se neng se sebelisetsoa ho bolela evangeli le moifo oa sona
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ke na le Ferdinand le bana