Jehova—Ntate oa Rōna ea Nang le Kutloelo-bohloko ka Tsela e Bonolo
“Jehova o na le kameho e lerato e bonolo le kutloelo-bohloko.”—JAKOBO 5:11, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
1. Ke hobane’ng ha ba tlaasana ba huleloa ho Jehova Molimo?
BOKAHOHLE bo boholo hoo litsebi tsa linaleli li sitoang feela le ho bala lihlopha tsohle tsa linaleli tsa bona. Sehlopha sa rōna sa linaleli, Milky Way, se seholo hoo motho a ka sitoang feela le ho bala linaleli tsohle tsa sona. Linaleli tse ling, tse kang Antares, li kholoanyane hape li khanya haholoanyane ho feta letsatsi la rōna ka makhetlo a likete. E tlameha ebe ’Mōpi e Moholo oa linaleli tsohle tse bokahohleng ke ea matla hakaakang! Ka sebele, ke eena ‘Ea tsamaisang makhotla a tsona ka lenaneo, ea li thonyang kaofela ka mabitso a tsona.’ (Esaia 40:26) Empa, eena Molimo enoa ea susumetsang tšabo o boetse o “na le kameho e lerato e bonolo le kutloelo-bohloko.” Tsebo e joalo ke e khathollang hakaakang ho bahlanka ba ikokobelitseng ba Jehova, haholo-holo ho ba utloang bohloko ka lebaka la mahloriso, boloetse, ho tepella maikutlo, kapa mathata a mang!
2. Hangata maikutlo a bonolo a talingoa joang ke batho ba lefatše lee?
2 Ba bangata ba talima maikutlo a bonojoana a kang “kameho e lerato e bonolo le kutloelo-bohloko” tsa Kreste e le mefokolo. (Ba-Filippi 2:1, NW) Ba susumelitsoe ke filosofi ea ho iphetola ha lintho, ba khothalletsa batho hore ba iketeletse pele esita le haeba hoo ho bolela ho hatakela maikutlo a ba bang. Ba bangata bao e leng mehlala boithabisong le lipapaling ke likoakoariri tse sa lleng kapa ho bontša kameho e lerato e bonolo. Babusi ba bang ba lipolotiki ba itšoara ka tsela e tšoanang. Rafilosofi Seneca oa thuto ea Stoic, ea ileng a ruta ’musisi Nero ea sehlōhō, o ile a hatisa hore “qenehelo ke bofokoli.” Cyclopædia ea M’Clintock le Strong e re: “Tšusumetso ea thuto ea Stoic . . . e tsoela pele ho sebetsa likelellong tsa batho esita le mehleng ea hona joale.”
3. Jehova o ile a itlhalosa joang ho Moshe?
3 Ha ho bapisoa, botho ba ’Mōpi oa moloko oa batho ke bo futhumatsang pelo. O ile a itlhalosa ho Moshe ka mantsoe ana: “Jehova, Jehova, Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete, . . . o tšoarelang motho bokhopo le boikhantšo le sebe, o sa latoleng molato oa motho ea nang le oona.” (Exoda 34:6, 7) Ke ’nete, Jehova o ile a qetella ho itlhalosa hona ka ho totobatsa toka ea hae. A ke ke a lokolla baetsalibe ba ka boomo kotlong e ba loketseng. Ho ntse ho le joalo, o itlhalosa pele ho tsohle e le Molimo ea hlileng a “tletseng mohau.”
4. Ke moelelo ofe o futhumatsang pelo oa lentsoe la Seheberu leo hangata le fetoleloang e le “mohau”?
4 Ka linako tse ling lentsoe “mohau” ho nahanoa ka lona feela ka ho hloka mosa, moelelong oa boahloli oa ho hana ho fana ka kotlo. Leha ho le joalo, papiso ea liphetolelo tsa Bibele e hlahisa moelelo o enneng oa sehlakisi sa Seheberu se nkiloeng leetsing ra·chamʹ. Ho latela litsebi tse ling, moelelo oa lona oa motheo ke “ho ba bonolo.” Buka Synonyms of the Old Testament e hlalosa hore “Racham e bontša maikutlo a tebileng le a bonolo a kutloelo-bohloko, a kang a tsosoang ke ha re bona baratuoa ba rōna ba na le bofokoli kapa ba utloa bohloko kapa ba hloka thuso ea rōna.” Litlhaloso tse ling tse futhumatsang pelo tsa tšobotsi ena e lakatsehang li ka fumanoa ho Insight on the Scriptures, Buka ea 2, maqephe 375-9.
5. Mohau o ile oa totobala joang Molaong oa Moshe?
5 Kutloelo-bohloko e bonolo ea Molimo e bonahala ka ho hlakileng Molaong oo a ileng a o fa sechaba sa Iseraele. Ba sa buleheloang ke menyetla, ba kang bahlolohali, likhutsana, le ba futsanehileng, ba ne ba lokela ho tšoaroa ka kutloelo-bohloko. (Exoda 22:22-27; Levitike 19:9, 10; Deuteronoma 15:7-11) Bohle, ho akarelletsa makhoba le liphoofolo, ba ne ba lokela ho rua molemo Sabbatheng ea phomolo ea beke le beke. (Exoda 20:10) Ho feta moo, Molimo o ile a hlokomela batho ka bomong ba ileng ba tšoara bana ba tlaasana ka bonolo. Liproverbia 19:17 e re: “Ea hauhelang mofumanehi [ea tlaasana, NW] o alimela Jehova, Jehova o tla putsa ketso tsa hae.”
Meeli Kutloelo-bohlokong ea Bomolimo
6. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a romela baprofeta le manģosa ho batho ba hae?
6 Baiseraele ba ne ba jere lebitso la Molimo ’me ba ne ba rapela tempeleng e Jerusalema, eo e neng e le ‘ntlo e hahetsoeng lebitso la Jehova.’ (2 Likronike 2:4; 6:33) Leha ho le joalo, qetellong, ba ile ba lumella boitšoaro bo bobe, borapeli ba litšoantšo, le polao, ba tlisa thohako e khōlō lebitsong la Jehova. Tumellanong le botho ba hae bo nang le kutloelo-bohloko, ka mamello Molimo o ile a leka ho lokisa boemo bona bo bobe ka ntle le hore a lihele tlokotsi holim’a sechaba kaofela. “A ’na romela ho bona ka manģosa a hae, a ’na a a roma e sa le hosasa, hobane a na a utloela sechaba sa hae le bolulo ba hae bohloko. Empa ba ’na ba soma ka manģosa a Molimo, ba nyelisa lipolelo tsa oona, ba tšeha baporofeta ba oona, ho fihlela khalefo ea Jehova e ba e phahamela sechaba sa oona, ho se ho se kamoo ho ka thusoang kateng.”—2 Likronike 36:15, 16.
7. Ha kutloelo-bohloko ea Jehova e fihla pheletsong ea eona, ho ile ha etsahala eng ka ’muso oa Juda?
7 Le hoja Jehova a na le kutloelo-bohloko a bile a lieha ho halefa, ha ho hlokahala o bonahatsa bohale bo lokileng. Morao koo, kutloelo-bohloko ea bomolimo e ne e fihlile pheletsong ea eona. Re bala ka liphello: “Jehova a laela hore morena oa ba-Kalde a ba futuhele; a bolaea bahlankana ba bona ka lerumo, ka tlung ea sehalalelo sa bona, ’me ha a ka a qenehela mohlankana, leha e le moroetsana, kapa leqheku, kapa motho ea moriri o moputsoa; a ba neela matsohong a hae kaofela ha bona.” (2 Likronike 36:17) Jerusalema le tempele ea eona e ile ea timetsoa ka tsela eo, ’me sechaba se ile sa isoa botlamuoeng Babylona.
Kutloelo-Bohloko Bakeng sa Lebitso la Hae
8, 9. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a phatlalatsa hore o ne a tla ba le kutloelo-bohloko bakeng sa lebitso la hae? (b) Lira tsa Jehova li ile tsa thōlisoa joang?
8 Lichaba tse ba pota-potileng li ile tsa thabela tlokotsi ena. Ka tsela e somang, li ile tsa re: “Bana ke sechaba sa Jehova, ba tsoile lefatšeng la hae.” A amehile maikutlo ke thohako ena, Jehova o ile a phatlalatsa: “Ka mpa ka qenehela lebitso la ka le khethehileng, . . . Le hona ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo, . . . lichaba li tle li tsebe hoba ke ’na Jehova.”—Ezekiele 36:20-23.
9 Ka mor’a hore sechaba sa hae se be botlamuoeng ka lilemo tse 70, Molimo ea nang le kutloelo-bohloko, Jehova, o ile a ba lokolla ’me a ba lumella ho khutla le ho ea haha tempele hape Jerusalema. Hona ho ile ha khutsisa lichaba tse se pota-potileng, tse neng li talimile ka ho makala. (Ezekiele 36:35, 36) Le hoja ka masoabi, sechaba sa Iseraele se ile sa oela mekhoeng e mebe hape. Mojode ea tšepahalang, Nehemia, o ile a thusa ho lokisa boemo boo. Thapelong ea phatlalatsa, o ile a hlahloba hape litšebelisano tsa Molimo tse nang le kutloelo-bohloko le sechaba seo, a re:
10. Nehemia o ile a totobatsa kutloelo-bohloko ea Jehova joang?
10 “Mehleng ea matšoenyeho a bona, ba ’nile ba hooeletsa ho uena; uena, ua ba utloa u le maholimong, ’me mehauhelong ea hao e mengata ua ba nea banamoleli ba ba namolelang matsohong a lira tsa bona. Enere ha ba khatholohile, ba ne ba boela ba qala ho etsa hampe pel’a mahlo a hao; u no u boela u ba neela matsohong a lira tsa bona, li ba buse; ebe ba boela ba hooeletsa ho uena; uena, ua ba utloa u le maholimong; ’me mehauhelong ea hao u ba pholositse hangata. . . . Ua ’na ua iphapanya le bona ka lemo tse ngata.”—Nehemia 9:26-30; bona le Esaia 63:9, 10.
11. Ke phapang efe e teng pakeng tsa Jehova le melimo ea batho?
11 Qetellong, ka mor’a hore ka bokhopo se hane Mora ea ratoang oa Molimo, sechaba sa Bajode se ile sa lahleheloa ke tokelo ea boemo ba sona ka ho sa feleng. Ho ba khomarela ha Molimo ka botšepehi ho ne ho nkile lilemo tse fetang 1 500. Ho setse e le bopaki bo sa feleng ba ’nete ea hore ka sebele Jehova ke Molimo ea mohau. Ke phapang e kaakang ha ho bapisoa le melimo e sehlōhō le melingoana e se nang maikutlo e iqapetsoeng ke batho ba baetsalibe!—Bona leqephe la 8.
Pontšo e Khōlōhali ea Kutloelo-Bohloko
12. Pontšo e khōlōhali ea kutloelo-bohloko ea Molimo e ne e le efe?
12 Pontšo e khōlōhali ea kutloelo-bohloko ea Molimo e bile ho romela ha hae Mora oa hae ea ratoang lefatšeng. Ke ’nete, bophelo ba Jesu ba ho tšepahala bo ile ba tlisetsa Jehova thabo e khōlō, ba mo fa karabelo e phethahetseng liqosong tsa bohata tsa Diabolose. (Liproverbia 27:11) Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang ho shebella ha hae Mora oa hae ea ratoang a shoa lefu le sehlōhō le le tlotlollang ha ho pelaelo hore ho ile ha utloisa Jehova bohloko bo boholo ho feta boo motsoali leha e le ofe oa motho a kileng a bo mamella. E ne e le sehlabelo se lerato haholo, se bulang tsela bakeng sa ho pholoha ha moloko oa batho. (Johanne 3:16) Joalokaha Zakaria, ntate oa Johanne Mokolobetsi, a ile a bolela esale pele, ho ile ha totobatsa “kutloelo-bohloko e bonolo ea Molimo oa rōna.”—Luka 1:77, 78, NW.
13. Ke ka tsela efe ea bohlokoa Jesu a bontšitseng botho ba Ntate oa hae?
13 Ho romeloa ha Mora oa Molimo lefatšeng ho boetse ha fa moloko oa batho pono e hlakileng haholoanyane ea botho ba Jehova. Joang? Ka hore Jesu o ne a bonahatsa ka ho phethahetseng botho ba Ntate oa hae, haholo-holo ka tsela e bonolo e nang le kutloelo-bohloko eo a ileng a tšoara ba tlaasana ka eona! (Johanne 1:14; 14:9) Tabeng ena, bangoli ba bararo ba Likosepele Mattheu, Mareka, le Luka ba sebelisa leetsi la Segerike, splag·khniʹzo·mai, le tsoang lentsoeng la Segerike bakeng sa “mala.” Setsebi sa Bibele William Barclay sea hlalosa: “Tšimolohong ea lona, ho ka bonoa hore ha le hlalose feela qenehelo e tloaelehileng kapa kutloelo-bohloko, empa maikutlo a susumetsang motho ka ho teba. Ke lentsoe le matla ka ho fetisisa ka Segerike bakeng sa boikutlo ba kutloelo-bohloko.” Le fetoletsoe ka litsela tse sa tšoaneng e le ‘utloa a qenehela’ kapa ‘susumetsoa ke qenehelo.’—Mareka 6:34; 8:2, NW.
Ha Jesu a ne a Utloa a ba Qenehela
14, 15. Motseng oa Galilea, Jesu o susumelitsoe ke qenehelo joang, ’me see se bontša eng?
14 Ketsahalo ena e motseng oa Galilea. Monna e mong ea “tletseng lepera” o atamela Jesu ka ntle le hore a fane ka temoso e tloaelehileng. (Luka 5:12) Na Jesu ka bohale o mo khalemella ho se hoeletse, “Sesila! sesila,” joalokaha Molao oa Molimo o ne o hloka? (Levitike 13:45) Che. Ho e-na le hoo, Jesu o mamela kōpo ea monna enoa ea ho tsieleha: “Ha u rata, u na le matla a ho ’ntlafatsa.” A ‘susumelitsoe ke qenehelo,’ (NW) Jesu o nanabetsa letsoho la hae ’me o ama molepera, o re: “Kea rata, u ntlafale.” Bophelo bo botle ba monna enoa bo ile ba ntlafala hang-hang. Kahoo Jesu ha a bontše feela matla a hae a mohlolo, ao a a filoeng ke Molimo empa o boetse o bontša maikutlo a bonolo a mo susumelletsang hore a sebelise matla a joalo.—Mareka 1:40-42.
15 Na Jesu o tlameha ho atameloa pele a ka bontša maikutlo a kutloelo-bohloko? Che. Nakoana hamorao, o kopana le mokoloko oa ba eang phupung ba tsoa motseng oa Naine. Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a ile a bona liphupu tse ngata pele ho moo, empa ena ke e sehlōhō ka ho khethehileng. Mofu ke mora ea mong oa mohlolohali. A ‘susumelitsoe ke qenehelo,’ (NW) Jesu oa mo atamela ’me o re: “Se lle.” Joale o etsa mohlolo o ikhethang oa ho tsosetsa mora oa hae bophelong.—Luka 7:11-15.
16. Ke hobane’ng ha Jesu a qenehela letšoele le leholo le mo latelang?
16 Thuto e matla eo re ithutileng eona liketsahalong tse ka holimo ke hore ha Jesu a ‘susumelitsoe ke qenehelo,’ (NW) o etsa ho hong ho molemo ho thusa. Ketsahalong e ’ngoe hamorao, Jesu o hlahloba letšoele le leholo le ntseng le mo latela. Mattheu o tlaleha hore “a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joalo ka linku tse se nang molisa.” (Mattheu 9:36) Bafarisi ba etsa ho honyenyane tabeng ea ho khotsofatsa tlala ea moea ea batho feela ba tloaelehileng. Ho e-na le hoo, ba imetsa ba ikokobelitseng ka melao e mengata e sa hlokahaleng. (Mattheu 12:1, 2; 15:1-9; 23:4, 23) Boikutlo ba bona ka batho feela ba tloaelehileng bo ile ba senoleha ha ba re ka ba ileng ba mamela Jesu: “Bongata boo, bo sa tsebeng molao, bo rohakiloe.”—Johanne 7:49.
17. Ho qenehela ha Jesu letšoele ho mo susumetsa joang, hona o fana ka tataiso efe e nang le liphello tse pharaletseng?
17 Ho fapana le hoo, Jesu o amehile ka ho teba ke boemo bo bobe ba moea ba matšoele ao. Empa ho na le batho ba bangata haholo ba thahasellang hore a ka ba hlokomela ka bomong. Kahoo o bolella barutuoa ba hae hore ba rapelle basebetsi ba eketsehileng. (Mattheu 9:35-38) Tumellanong le lithapelo tse joalo, Jesu o romela baapostola ba hae ka molaetsa ona: “’Muso oa maholimo o atametse.” Litaelo tse ileng tsa fanoa ketsahalong eo li sebelelitse e le tataiso ea bohlokoa ho Bakreste ho tla fihlela mehleng ea kajeno. Ha ho pelaelo hore maikutlo a Jesu a kutloelo-bohloko a mo susumelletsa ho khotsofatsa tlala ea moea ea moloko oa batho.—Mattheu 10:5-7.
18. Jesu o ile a itšoara joang ha letšoele le kena-kenana le ho ikhutsa ha hae, ’me ke thuto efe eo re ithutang eona ho see?
18 Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o boetse o utloa a ameha ka litlhoko tsa moea tsa matšoele ao. Lekhetlong lena eena le baapostola ba hae ba khathetse ka mor’a ho tšoareha leetong la boboleli, ’me ba batla sebaka seo ba ka phomolang ho sona. Empa batho ba phakisa ba ba fumana. Ho e-na le hore Jesu a halefisoe ke ho kena-kenana hona ha bona le ho ba bang moo ba ikhutsitseng teng, Mareka o tlaleha hore o ile a ‘susumetsoa ke qenehelo.’ (NW) Hona lebaka la Jesu la ho ba le maikutlo a tebileng joalo ke lefe? “Ba ne ba le joalo ka linku tse se nang molisa.” Hape, Jesu o nka bohato ka maikutlo a hae ’me o qala ho ruta matšoele ka “’muso oa Molimo.” E, o ile a angoa ke tlala ea bona ea moea ka ho teba hoo a ileng a tela phomolo e neng e hlokahala hore a ba rute.—Mareka 6:34; Luka 9:11.
19. Ho ameha ha Jesu ka letšoele ho ile ha fetela ka ’nģane ho litlhoko tsa lona tsa moea joang?
19 Le hoja ntho e ka sehloohong eo a neng a amehile ka eona e le litlhoko tsa moea tsa batho, ha ho mohla Jesu a kileng a hlokomoloha litlhoko tsa bona tsa nama tsa motheo. Hona ketsahalong eo, o ile a boela a “folisa ba batlang pholiso.” (Luka 9:11) Ketsahalong e ’ngoe ea morao, matšoele a ne a ile a ba le eena nako e telele, ’me ba ne ba le hōle le hae. Ka ho lemoha seo ba se hlokang nameng, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke utloela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba lutse ho ’na, ’me ha ba na letho leo ba le jang; ke sitoa ho ba khutlisa le tlala, e se re mohlomong ba ka khathala tseleng.” (Mattheu 15:32) Joale Jesu o etsa ho hong ho qoba mahlomola a ka ’nang a e-ba teng. Ka mohlolo o ile a fepa banna, basali le bana ba likete ka lijo tse hlahisitsoeng lilofong tse supileng tsa bohobe le litlhatsoana tse seng kae.
20. Re ithuta eng ketsahalong e tlalehiloeng ea ho qetela ea ha Jesu a susumetsoa ke qenehelo?
20 Ketsahalo e tlalehiloeng ea ho qetela ea ha Jesu a ne a susumetsoa ke qenehelo ke leetong la hae la ho qetela la ho ea Jerusalema. Letšoele le leholo le tsamaea le eena ho ea keteka Paseka. Ha ba le tseleng e haufi le Jeriko, bakōpi ba babeli ba lifofu ba ntse ba hoeletsa: “Morena, . . . re utloele bohloko!” Letšoele le leka ho ba thōlisa, empa Jesu oa ba bitsa ’me o ba botsa hore na ba batla hore a etse eng. Ba kōpa ka tieo: “Morena, mahlo a rōna a ke a tutubolloe.” A ‘susumelitsoe ke qenehelo,’ o ama mahlo a bona, ’me baa bona. (Mattheu 20:29-34) Ke thuto ea bohlokoa hakaakang eo re ithutang eona ho see! Jesu o haufi le ho kena bekeng ea ho qetela ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng. O na le mosebetsi o mongata oo a lokelang ho o phetha pele a utloa bohloko ka lefu le sehlōhō matsohong a baemeli ba Satane. Empa, ha a lumelle khatello ea nako ena ea bohlokoa hore e mo thibele ho bontša maikutlo a hae a bonolo a kutloelo-bohloko bakeng sa litlhoko tsa batho tseo eseng tsa bohlokoa hakaalo.
Lipapiso tse Totobatsang Kutloelo-Bohloko
21. Ke eng se tšoantšoang ke ha monghali a leballa lekhoba la hae molato o moholo?
21 Leetsi la Segerike splag·khniʹzo·mai, le sebelisitsoeng litlalehong tsena tsa bophelo ba Jesu, le boetse le sebelisitsoe lipapisong tse tharo tsa Jesu. Paleng e ’ngoe lekhoba le kōpa nako ea ho lefa molato o moholo. Monghali oa lona, a ‘susumelitsoe ke qenehelo,’ o le leballa molato. Sena se bontša hore Jehova Molimo o bontšitse kutloelo-bohloko e khōlō ka ho leballa Mokreste ka mong ea bontšang tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo molato o moholo.—Mattheu 18:27; 20:28.
22. Papiso ea mora ea lehlasoa e bontša eng?
22 Ho boetse ho na le pale ea mora ea lehlasoa. Hopola se etsahalang ha mora ea tsoileng tseleng a khutlela hae. “Eare ha a sa le hole, ntat’ae a ’mona, a mo utloela bohloko, a matha, a itihela molaleng oa hae, a mo aka.” (Luka 15:20) Sena se bontša hore ha Mokreste ea neng a tsoile tseleng a bontša pako ea ’nete, Jehova o tla mo qenehela ’me a mo amohele ka bonolo. Kahoo, ka lipapiso tsena tse peli, Jesu o bontša hore Ntate oa rōna, Jehova, “o na le kameho e lerato e bonolo le kutloelo-bohloko.”—Jakobo 5:11, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
23. Re ithuta thuto efe papisong ea Jesu ea Mosamaria ea nang le botsoalle?
23 Tšebeliso ea boraro ea papiso ea splag·khniʹzo·mai e ama Mosamaria ea nang le kutloelo-bohloko ea ileng a ‘susumetsoa ke qenehelo’ mahlomoleng a Mojode ea neng a tlatlapiloe ’me a siiloe a le makhatheng a lefu. (Luka 10:33, NW) Ha a nka bohato ka maikutlo ana, Mosamaria enoa o ile a etsa sohle se matleng a hae ho thusa molichaba enoa. Sena se bontša hore Jehova le Jesu ba lebelletse hore Bakreste ba ’nete ba latele mohlala oa bona ho bontšeng bonolo le kutloelo-bohloko. Tse ling tsa litsela tseo re ka etsang sena ka tsona li tla tšohloa sehloohong se latelang.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Ho ba ea mohau ho bolela eng?
◻ Jehova o ile a bontša kutloelo-bohloko joang bakeng sa lebitso la hae?
◻ Pontšo e khōlōhali ea kutloelo-bohloko ke efe?
◻ Ke ka tsela efe e ikhethang Jesu a bonahatsang botho ba Ntate oa hae?
◻ Re ithuta eng liketsong tsa Jesu tsa kutloelo-bohloko le lipapisong tsa hae?
[Lebokose le leqepheng la 12, 13]
LENTSOE LE HLAKILENG BAKENG SA “TLHOKOMELO E LERATO E BONOLO”
MOPROFETA Jeremia o ile a hoeletsa: “Mala a ka! Mala a ka! Jo ’na!” Na o ne a tšoeroe ke mala ka lebaka la hobane a ne a jele ntho e ’ngoe e senyehileng? Che. Jeremia o ne a sebelisa puo ea tšoantšetso ea Seheberu ho hlalosa kameho ea hae e tebileng ka tlokotsi e tlelang ’muso oa Juda.—Jeremia 4:19.
Kaha Jehova Molimo o na le maikutlo a tebileng, lentsoe la Seheberu bakeng sa “mala” (me·ʽimʹ), le boetse le sebelisoa ho hlalosa maikutlo a hae a bonolo. Ka mohlala, mashome a lilemo pele ho mehla ea Jeremia, ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome o ile oa isoa botlamuoeng ke morena oa Assyria. Jehova o ile a lumella sena e le kotlo bakeng sa ho se tšepahale ha bona. Empa na Molimo o ile a ba lebala moo botlamuoeng? Che. O ne a ntse a amana le bona ka ho tebileng joaloka karolo ea batho ba hae ba selekane. Ha a bua ka bona ka lebitso la morabe o hlahelletseng oa Efraime, Jehova o ile a botsa: “Na Efraime ke mora ea ratehang ho ’na na, kapa a ke ngoana eo ke thabisoang ke eena na? Hobane ka mehla ha ke mo khalemela, ke ’ne ke hopole hoba e ntse e le eena eo; ka baka leo, mala a ka a luma bakeng sa hae; ruri ke tla mo hauhela, ho bolela Jehova.”—Jeremia 31:20.
Ka ho re “mala a ka a luma,” Jehova o ne a sebelisa mokhabo-puo ho hlalosa maikutlo a hae a tebileng a kameho e lerato ka batho ba hae ba botlamuoeng. Tlhalosong ea hae ka temana ena, setsebi sa Bibele sa lekholong la bo19 la lilemo E. Henderson o ile a ngola: “Ha ho letho le ka fetang pontšo e amang maikutlo a bonolo a botsoali ho lehlasoa le khutlang, ao Jehova a a hlahisang mona. . . . Le hoja a ne a buile a le khahlanong le [Baefraime ba rapelang litšoantšo] ’me a ile a ba a ba otla . . . , ha ho mohla a kileng a ba lebala, empa, ho fapana le hoo, o ile a thabisoa ke tebello ea hore ba tla qetella ba hlaphohetsoe.”
Lentsoe la Segerike bakeng sa “mala,” le sebelisoa ka tsela e tšoanang ka Mangolong a Segerike a Bokreste. Ha le sa sebelisoe ka ho toba, joaloka ho Liketso 1:18, le bolela maikutlo a bonolo a kameho e lerato kapa kutloelo-bohloko. (Filemone 12) Ka linako tse ling lentsoe lena le hokahanngoa le lentsoe la Segerike le bolelang “molemo” kapa “hantle.” Baapostola Pauluse le Petrose ba sebelisa polelo e kopaneng ha ba khothatsa Bakreste hore ‘ka bonolo ba be le kutloelo-bohloko,’ eo ka ho toba e bolelang “e sekametseng hantle qenehelong.” (Ba-Efese 4:32; 1 Petrose 3:8, NW) Lentsoe la Segerike bakeng sa “mala” le ka boetse la hokahanngoa le lentsoe la Segerike pol·yʹ. motsoako oo ha e le hantle o bolela “ho ba le mala a maholo.” Polelo ena e sa tloaelehang ea Segerike e sebelisitsoe hanngoe feela ka Bibeleng, ’me e bua ka Jehova Molimo. New World Translation e fana ka phetolelo ena: “Jehova o bonolo haholo kamehong e lerato.”—Jakobo 5:11.
Re lokela ho leboha hakaakang hore e be ea matlahali bokahohleng, Jehova Molimo, ha a tšoane le melimo e sehlōhō e iqapetsoeng ke batho ba se nang kutloelo-bohloko! E le ha ba etsisa Molimo oa bona eo ‘ka bonolo a nang le kutloelo-bohloko,’ Bakreste ba ’nete ba susumelletseha ho nka bohato ka tsela e tšoanang litšebelisanong tsa bona le ba bang.—Ba-Efese 5:1.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ha kutloelo-bohloko ea bomolimo e fihla pheletsong ea eona, Jehova o ile a lumella Bababylona ho hapa batho ba hae ba tsoileng tseleng
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ho shebella Mora oa hae ea ratoang a e-shoa e tlameha ebe ho ile ha bakela Jehova Molimo bohloko bo boholohali ho feta boo mang kapa mang a kileng a bo utloa
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Jesu o ile a bonahatsa ka ho phethahetseng botho bo nang le kutloelo-bohloko ba Ntate oa hae