KHAOLO EA 25
‘Molimo o Mohau’
1, 2. (a) Ka tloaelo ’mè o etsa’ng ha lesea la hae le lla? (b) Ke boikutlo bofe bo matla le ho feta ba mohau oo ’mè a bang le oona leseeng la hae?
HAR’A mp’a bosiu, lesea lea lla. Hang-hang, ’mè oa lona oa tsoha. Ha a sa ea le sephume sa boroko joaloka pele haesale lesea la hae le e-ba teng. O ithutile ho khetholla ho lla ho sa tšoaneng ha lesea la hae. Kahoo, hangata a ka bolela ha leseanyana la hae le batla ho feptjoa, ho sikoa kapa ho hlokomeloa ka tsela e itseng. Empa ho sa tsotellehe hore na lesea le llela’ng, ’mè oa lona ha a iphapanyetse lona. Lerato leo a nang le lona le ke ke la mo lumella hore a hlokomolohe litlhoko tsa ngoana oa hae.
2 Mohau oo ’mè a bang le oona ho ngoana oa hae ke bo bong ba boikutlo bo mofuthu ka ho fetisisa boo batho ba bo tsebang. Leha ho le joalo, ho na le boikutlo bo bong bo matla haholo ho feta boo, e leng mohau oa Molimo oa rona, Jehova. Ho hlahloba tšobotsi ena e ratehang ho ka re thusa ho atamela haholoanyane ho Jehova. Joale, a re tšohleng hore na mohau ke eng le hore na Molimo o o bonahatsa joang.
Mohau ke Eng?
3. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “mohau” kapa “ho hauhela” le bolela eng?
3 Ka Bibeleng, ho na le mantsoe a ’maloa a Seheberu le Segerike a hlalosang lentsoe mohau. Le leng la mantsoe ao ke la Seheberu e leng ra·chamʹ. Buka e ’ngoe ea litšupiso e hlalosa hore lentsoe ra·chamʹ “le senola boikutlo ba qenehelo bo tebileng le bo bonolo, bo kang bo tlisoang ke ho bona bao re ba ratang ba fokola, ba utloa bohloko kapa ba hloka thuso ea rona.” Lentsoe lena la Seheberu leo Jehova a le sebelisang ho eena, le amana le lentsoe le bolelang “popelo” ’me le ka hlalosoa e le “mohau oo ’mè a nang le oona.”a—Exoda 33:19; Jeremia 33:26.
“Na mosali a ka lebala . . . mora oa hae eo a mo tsoetseng?”
4, 5. Bibele e sebelisa maikutlo ao ’mè a nang le ’ona ka lesea la hae joang ho re ruta ka mohau oa Jehova?
4 Bibele e sebelisa boikutlo boo ’mè a nang le bona ka lesea la hae ho re ruta se boleloang ke mohau oa Jehova. Esaia 49:15 e re: “Na mosali a ka lebala ngoana oa hae ea anyang kapa a hloleha ho hauhela [ra·chamʹ] mora oa hae eo a mo tsoetseng? Esita le haeba basali bana ba ka lebala, ’na nke ke ka u lebala.” Tlhaloso eo e amang maikutlo e hatisa ho teba ha mohau oo Jehova a nang le oona ho batho ba hae. Joang?
5 Ho thata ho nahana hore ’mè a ka lebala ho fepa lesea la hae le anyang le ho le hlokomela. Etsoe lesea ha le khone ho iketsetsa letho hobane le hloka tlhokomelo le lerato la ’mè oa lona bosiu le motšehare. Leha ho le joalo, ka masoabi re utloa ka bo-’mè ba bang ba sa tsotelleng bana ba bona, haholo-holo ‘mehleng ena ea bofelo’ e khetholloang ka ho haella ha “lerato.” (2 Timothea 3:1, 3) Empa Jehova o re: “’Na nke ke ka u lebala.” Mohau oo Jehova a nang le oona ho bahlanka ba hae ke o sa feleng. O matla ho feta tekanyo ha o bapisoa le boikutlo ba tlhaho bo bonolo ka ho fetisisa boo re ka bo nahanang, e leng mohau oo ka tlhaho ’mè a bang le oona ho lesea la hae. Ha se feela mohlalosi e mong a ileng a re ka Esaia 49:15: “Temana ena ke e ’ngoe ea litemana tse bontšang ka ho hlakileng ka tsela eo Jehova a re ratang kateng ebile e ka ’na eaba e feta tsohle tse hlahang Testamenteng ea Khale.”
6. Batho ba bangata ba ’nile ba talima ho ba mohau ka tsela efe, empa Jehova o re tiisetsa eng?
6 Na mohau ke pontšo ea bofokoli? Batho ba bangata ba ’nile ba nahana joalo. Ka mohlala, rafilosofi oa Moroma Seneca, ea phetseng mehleng ea Jesu eo e neng e bile e le mohlalefi ea hlaheletseng Roma, o ne a ruta hore “mohau ke bofokoli ba kelello.” Seneca e ne e le ’muelli oa filosofi ea Bastoike, e leng filosofi e neng e hatella hore motho a lule a khobile matšoafo a sa bontše maikutlo. Seneca o ne a re motho ea bohlale a ka ’na a thusa ba mahlomoleng, empa o ne a sa tlameha ho itumella ho hauha, kaha boikutlo boo bo ne bo tla mo hlokisa khutso. Ho ba le pono eo ea boithati ka bophelo ho ne ho sa fane ka sebaka sa ho ba mohau. Empa Jehova ha a joalo! Ka Lentsoeng la hae, Jehova o re tiisetsa hore “o lerato hape o mohau [ha e le hantle, “o na le qenehelo”].” (Jakobo 5:11) Joalokaha re tla bona, mohau ha se bofokoli empa ke tšobotsi ea bohlokoa le e matla. A re hlahlobeng hore na Jehova joaloka motsoali ea lerato, o e bonahatsa joang.
Ha Jehova a ne a Hauhela Sechaba
7, 8. Baiseraele ba ile ba e-ba mahlomoleng joang Egepeta, hona Jehova o ile a nka khato efe ka mahlomola a bona?
7 Mohau oa Jehova o bonahala ka ho hlaka tseleng eo a ileng a sebetsana le sechaba sa Iseraele ka eona. Ka mor’a lefu la Josefa, Baiseraele ba limilione ba ne ba le bokhobeng Egepeta ea boholo-holo, moo ba neng ba hateletsoe ka thata. Baegepeta ‘ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba fa mosebetsi o boima oa ho etsa seretse ka letsopa, litene le ho etsa mesebetsi eohle ea bokhoba masimong.’ (Exoda 1:11, 14) Mahlomoleng a bona, Baiseraele ba ile ba hoeletsa ho Jehova hore a ba thuse. Molimo ea mohau o ile a arabela joang?
8 Pelo ea Jehova e ile ea ameha. O ile a re: “Ke bone hore batho ba ka baa sotleha Egepeta ’me ke utloile sello sa bona se bakoang ke batho ba ba qobellang ho sebetsa. Ke tseba hantle bohloko boo ba bo utloang.” (Exoda 3:7) Jehova o ne a ke ke a bona mahlomola a sechaba sa hae kapa a utloa sello sa sona feela eaba ha a se utloele bohloko. Joalokaha re bone Khaolong ea 24 ea buka ena, Jehova ke Molimo ea nang le kutloelo-bohloko. Kutloelo-bohloko ke ho utloa bohloko boo ba bang ba bo utloang ’me e amana haufi-ufi le qenehelo. Empa Jehova ha aa ka a utloela sechaba sa hae feela, o ile a susumelletseha ho nka khato molemong oa sona. Esaia 63:9 e re: “Ka lerato le qenehelo o ile a ba lopolla.” Jehova o ile a lopolla Baiseraele Egepeta ka “letsoho le matla.” (Deuteronoma 4:34) Ka mor’a moo, o ile a ba fa lijo ka mohlolo le ho ba kenya naheng ea bona e behang litholoana.
9, 10. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lopolla Baiseraele khafetsa ka mor’a hore ba kene Naheng e Tšepisitsoeng? (b) Jehova o ile a lopolla Baiseraele khatellong efe mehleng ea Jafeta, hona ke eng e ileng ea mo susumelletsa ho etsa seo?
9 Mohau oa Jehova ha oa ka oa fella moo. Ha Iseraele e se e kene Naheng e Tšepisitsoeng, khafetsa e ne e oela ho se tšepahaleng ebe e utloa bohloko ka lebaka leo. Empa hamorao ebe sechaba sea hlaphoheloa ’me se hoeletsa ho Jehova. Nako le nako o ne a se lopolla. Hobane’ng? “Hobane a utloela batho ba hae bohloko.”—2 Likronike 36:15; Baahloli 2:11-16.
10 Nahana ka se ileng sa etsahala mehleng ea Jafeta. Kaha Baiseraele ba ne ba khethile ho sebeletsa melimo ea bohata, Jehova o ile a lumella Baamone hore ba ba hatelle ka lilemo tse 18. Qetellong, Baiseraele ba ile ba baka. Bibele e re: “Joale ba tlosa melimo ea bona ea litšoantšo ’me ba sebeletsa Jehova, ba etsa joalo ho fihlela a ba utloela bohloko.”b (Baahloli 10:6-16) Hang ha batho ba hae ba bonahatsa pako ea sebele, Jehova o ne a ke ke a hlola a mamella ho ba bona ba utloa bohloko. Kahoo Molimo ea mohau o ile a matlafatsa Jafeta hore a lopolle Baiseraele matsohong a lira tsa bona.—Baahloli 11:30-33.
11. Re ithuta eng ka mohau litšebelisanong tsa Jehova le Baiseraele?
11 Litšebelisano tsa Jehova le sechaba sa Iseraele li re ruta eng ka mohau? Har’a tse ling, rea hlokomela hore ha se feela ho utloela batho bohloko ka lebaka la ho elelloa mathata ao ba fetang har’a ’ona. Hopola mohlala ola oa ’mè eo mohau oa hae o mo susumelletsang hore a etse ho hong ha lesea la hae le lla. Ka tsela e tšoanang, Jehova ha a hlokomolohe lillo tsa batho ba hae. Mohau oa hae o mo susumelletsa ho ba lopolla mahlomoleng a bona. Ho feta moo, tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le Baiseraele ka eona e re ruta hore ho ba mohau ha se bofokoli, kaha tšobotsi ena e bonolo e ile ea mo susumelletsa hore a nke khato e matla le e tiileng molemong oa sechaba sa hae. Empa na Jehova o bontša mohau ho bahlanka ba hae e le sehlopha feela?
Jehova o Mohau ho Batho ka Bomong
12. Molao o ile oa bontša joang hore Jehova o mohau ho batho ka bomong?
12 Molao oo Molimo a ileng a o fa sechaba sa Iseraele o ne o bontša mohau oa hae ho batho ka bomong. Ka mohlala, nahana ka kameho ea hae ka bafutsana. Jehova o ne a tseba hore ho ka ’na ha hlaha maemo a sa lebelloang a ka khannelang Moiseraele bofutsaneng ka tšohanyetso. Bafutsana ba ne ba lokela ho tšoaroa joang? Jehova o ile a laela Baiseraele ka thata-thata a re: “Le se ke la thatafatsa lipelo tsa lona kapa la tima ngoan’abo lona oa mofutsana. Le mo fe le thabile eseng le belaela hobane ke eona ntho e tla etsa hore Jehova Molimo oa lona a le hlohonolofatse nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang.” (Deuteronoma 15:7, 10) Ho feta moo, Jehova o ne a laetse Baiseraele hore ba se ke ba kotula meeli ea masimo a bona ka ho feletseng kapa ba khoahlapisa tse setseng. Lijalo tseo tse setseng e ne e lokela ho ba tsa bafutsana. (Levitike 23:22; Ruthe 2:2-7) Ha sechaba se ne se latela molao ona bafutsana ba har’a sona ba ne ba sa iphumane ba tlameha ho qela lijo. Na seo se ne se sa bontše mohau oa Jehova?
13, 14. (a) Mantsoe a Davida a re tiisetsa joang hore Jehova o amehile ka ho teba ka e mong le e mong oa rona? (b) Ke mohlala ofe o bontšang hore Jehova o haufi le “bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko” kapa “ba khathetseng matla”?
13 Le kajeno, Molimo oa rona ea lerato o amehile ka ho teba ka e mong le e mong oa rona. Re ka kholiseha hore o elelloa ka hohle mahlomola leha e le afe ao re ka ’nang ra feta ho ’ona. Mopesaleme Davida o ile a ngola a re: “Mahlo a Jehova a shebile batho ba lokileng, litsebe tsa hae li mamela sello sa bona ha ba kopa thuso. Jehova o haufi le bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko. O pholosa ba khathetseng matla.” (Pesaleme ea 34:15, 18) Mabapi le ba hlalosoang ke mantsoe ana, mohlalosi e mong oa Bibele o re: “Ke ba lipelo li robehileng le ba hlomohileng moeeng, ke hore, ba ikokobelitseng ka lebaka la sebe, ba inyenyefalitseng, ba ikhellang tlase le ba sa itšepeng.” Batho bao ba ka ’na ba nahana hore Jehova o hole le bona le hore ba tlase haholo hore a ka ba tsotella. Empa ha ho joalo. Mantsoe a Davida a re tiisetsa hore Jehova ha a lahle “ba ikhellang tlase.” Molimo oa rona ea mohau oa tseba hore re mo hloka ho feta leha e le neng pele ka linako tse joalo, ’me o haufi.
14 Nahana ka phihlelo ena. ’Mè e mong ea lulang Amerika o ile a potlakisetsa mora oa hae ea lilemo li peli sepetlele a kula hampe a tšoeroe ke ’metso ’me a sokola ho hema. Ka mor’a ho hlahloba moshemane eo, lingaka li ile tsa tsebisa ’mè oa hae hore li tla lokela ho mo robatsa sepetlele. ’Mè eo o ile a robala hokae bosiung boo? Setulong kamoreng ea sepetlele, haufi le bethe ea mora oa hae! Moshanyana oa hae o ne a kula ’me o ne a batla ho ba haufi le eena. Ka sebele re ka lebella ho fetang hoo ho Ntate oa rona ea leholimong ea lerato! Etsoe re entsoe re tšoana le eena. (Genese 1:26) Mantsoe a susumetsang a Pesaleme ea 34:18 a re bolella hore ha ‘lipelo tsa rona li utloile bohloko’ kapa ‘re khathetse matla,’ Jehova joaloka motsoali ea lerato, “o haufi” ’me o lula a re hauhela a bile a loketse ho re thusa.
15. Jehova o re thusa ka bomong ka litsela life?
15 Empa Jehova o re thusa joang ka bomong? Ha ho bolele hore o tlosa sesosa sa mahlomola a rona. Empa Jehova o entse litokisetso tse ngata ho thusa ba ipiletsang ho eena ba kopa thuso. Lentsoe la hae Bibele le fana ka keletso e sebetsang e ka etsang phapang e kholo. Ka phuthehong, Jehova o fana ka baholo ba lekang ho bonahatsa mohau oa hae ha ba thusa barapeli-’moho le bona. (Jakobo 5:14, 15) Kaha ke “Ea Utloang thapelo,” o fana ka “moea o halalelang ho ba mo kopang.” (Pesaleme ea 65:2; Luka 11:13) Moea oo o ka re fa “matla a sa tloaelehang” e le hore re tiisetse ho fihlela ’Muso oa Molimo o tlosa mathata ’ohle a hatellang. (2 Bakorinthe 4:7) Na ha re ananele litokisetso tsee tsohle? A re se keng ra lebala hore li bonahatsa mohau oa Jehova.
16. Mohlala o moholo ka ho fetisisa oa mohau oa Jehova ke ofe, hona o re ama joang ka bomong?
16 Ha e le hantle, mohlala o moholo ka ho fetisisa oa mohau oa Jehova ke oa ho fana ha hae ka eo a mo ratang ka ho fetisisa hore e be tefo ea topollo bakeng sa rona. Jehova o ile a etsa sehlabelo se lerato ’me a re bulela tsela e isang polokong. Hopola hore tefo ea topollo e sebetsa ho rona ka bomong. Ka ho utloahalang, ntate oa Johanne Mokolobetsi e leng Zakaria, o ile a bolela esale pele hore tokisetso ena e bonahatsa hore ‘Molimo o mohau.’—Luka 1:78.
Ha Jehova a Khaotsa ho ba Mohau
17-19. (a) Bibele e bontša joang hore mohau oa Jehova o na le moeli? (b) Ke eng e ileng ea etsa hore mohau oa Jehova ho batho ba hae o fele?
17 Na re lokela ho nka hore mohau oa Jehova ha o na moeli? Che, Bibele e bontša ka ho hlaka hore ha e le batho ba hanyetsang litsela tsa hae tse lokileng, ka nepo Jehova o khaotsa ho ba hauhela. (Baheberu 10:28) Ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a etsa joalo, hopola mohlala oa sechaba sa Iseraele.
18 Le hoja Jehova a ile a lopolla Baiseraele ka makhetlo lireng tsa bona, qetellong mohau oa hae o ile oa fela. Sechaba seo se manganga se ne se rapela litšoantšo, se bile se isa melimo ea sona e manyala ea litšoantšo ka tempeleng ea Jehova! (Ezekiele 5:11; 8:17, 18) Ho feta moo, Bibele e re: “Ba ile ba soma baromuoa bao ba Molimo oa ’nete, ba nyatsa mantsoe a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae, hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo, ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.” (2 Likronike 36:16) Baiseraele ba ile ba fihla boemong boo ho bona ho neng ho se ho se na motheo leha e le ofe o loketseng oa ho ba hauhela, ’me ba qholotsa khalefo ea Jehova e lokileng. Ka phello efe?
19 Jehova o ne a se a ke ke a hauhela batho ba hae. O ile a phatlalatsa a re: “Nke ke ka ba qenehela, ka sareloa kapa ka ba hauhela. Ha ho na letho le tla nthibela ho ba felisa.” (Jeremia 13:14) Kahoo, Jerusalema le tempele ea eona li ile tsa timetsoa ’me Baiseraele ba isoa botlamuoeng Babilona. E ba tlokotsi e kaakang ha batho ba baetsalibe e ba marabele hoo ba etsang hore mohau oa Molimo o fihle moo o fellang teng!—Lillo Tsa Jeremia 2:21.
20, 21. (a) Ho tla etsahala eng ha mohau oa Molimo o fela mehleng ea rona? (b) Ho tla tšohloa tokisetso efe ea Jehova e nang le mohau khaolong e latelang?
20 Ho thoe’ng kajeno? Jehova ha aa fetoha. Ka lebaka la mohau oa hae, o laetse Lipaki tsa hae hore li bolele “litaba tse monate tsa ’Muso” lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Matheu 24:14) Ha batho ba lipelo li lokileng ba mamela, Jehova o ba thusa ho utloisisa molaetsa oa ’Muso. (Liketso 16:14) Empa mosebetsi ona ha o na ho tsoela pele ka ho sa feleng. E ne e tla ba ho hloka mohau hore Jehova a lumelle lefatše lena le khopo, le aparetsoeng ke masisa-pelo le mahlomola, hore le tsoele pele ka ho sa feleng. Ha mohau oa hae o fela, Jehova o tla felisa lefatše lena. Le nakong eo, o tla be a susumetsoa ke mohau hobane a qenehela “lebitso la [hae] le halalelang” le bahlanka ba hae ba inehetseng. (Ezekiele 36:20-23) Jehova o tla tlosa bokhopo ’me a tlise lefatše le lecha la ho loka. Mabapi le ba khopo, Jehova oa phatlalatsa: “Nke ke ka ba utloela bohloko kapa ka ba qenehela. Ke tla etsa hore ba utloe bohloko ka lebaka la litla-morao tsa liketso tsa bona.”—Ezekiele 9:10.
21 Ho fihlela nakong eo, Jehova o hauhela batho, esita le ba tobaneng le timetso. Batho ba baetsalibe ba bakileng e le kannete ba ka rua molemo ho e ’ngoe ea litokisetso tsa Jehova tse nang le mohau ka ho fetisisa, e leng ea ho tšoarela batho. Khaolong e latelang, re tla tšohla lipapiso tse ling tsa Bibele tse ipiletsang tse bontšang hore Jehova o tšoarela ka tsela e feletseng.
a Leha ho le joalo, ho thahasellisang ke hore ho Pesaleme ea 103:13, lentsoe la Seheberu ra·chamʹ le bolela mohau kapa qenehelo eo ntate a e bontšang ho bana ba hae.
b Poleloana “a ba utloela bohloko” ha e le hantle e bolela hore “mamello ea hae e ile ea fela.” The New English Bible e re: “O ne a ke ke a hlola a mamella ho bona tlokotsi ea Iseraele.” Tanakh—A New Translation of the Holy Scriptures eona e re: “O ne a ke ke a tiisetsa masisa-pelo a Iseraele.”