Le be le “Qenehelo e Bonolo”
KA LEBAKA la tlala ea boja-likata, ho kula, bofutsana, tlōlō ea molao, lintoa tsa bana ba thari, le likoluoa tsa tlhaho, batho ba nyoretsoe ho qeneheloa ho feta leha e le neng pele. Ho qenehela motho ho bolela ho mo utloela bohloko ka lebaka la ho hlokomela hore o mahlomoleng kapa tsietsing esita le ho lakatsa ho mo thusa. Ho qenehela motho ea mahlomoleng ho ka tšoana le mahlaseli a letsatsi a futhumetseng hamonate; ho ka mo tšelisa, ha fokotsa bohloko ba hae, ha ba ha mo tsosa molota.
Re ka bontša ba bang hore rea ba qenehela ka liketso le ka lipuo—ka ho ba hlokomela le ho se ba lahle kherehloa ha ba re hloka. Ha rea lokela ho qenehela feela litho tsa malapa a rōna le metsoalle. Re ka qenehela esita le batho bao re sa ba tsebeng. Jesu Kreste o ile a botsa potso ena Thutong ea Thabeng: “Haeba le rata ba le ratang, le na le moputso ofe?” Kaha o ne a qenehela ba bang, o ile a boela a re: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—Matheu 5:46, 47; 7:12.
U ka ipalla mantsoe ana ka Mangolong a Halalelang. Batho ba bangata baa lumela hore Bibele e fana ka tataiso e molemo ka ho fetisisa ea kamoo re ka qenehelang ba bang kateng. Mangolo a bolela khafetsa hore re tlameha ho phallela ba bang. Bibele e bontša hore Mongoli oa eona le ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, ke eena mohlala o ka sehloohong oa ho qenehela ba bang.
Ka mohlala, rea bala: “[Molimo] o sireletsa litokelo tsa likhutsana le bahlolohali. O hlokomela melata ’me o e fa lijo le liaparo.” (Deuteronoma 10:18, Contemporary English Version) Jehova Molimo o hlalosoa e le “ea phethisang kahlolo bakeng sa ba etselitsoeng bolotsana, Ea fang ba lapileng bohobe.” (Pesaleme ea 146:7) Jehova o ile a laela tjena mabapi le bajaki ba sotlehileng: “Mojaki . . . o lokela ho ba ho lōna joaloka letsoalloa la habo lōna; le mo rate joalokaha le ithata.”—Levitike 19:34.
Empa ha ho itlele habonolo feela hore kamehla motho a qenehele ba bang. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Kolose a re: “Hlobolang botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me le ikapese botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng . . . Joaloka bakhethoa ba Molimo, ba halalelang le ba ratoang, le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo.”—Bakolose 3:9, 10, 12.
Kahoo, ho qenehela ba bang ho hloka hore motho a ikitlaetse. Ke karolo ea “botho bo bocha” boo ho lebeletsoeng hore Bakreste ba bo apare. Pauluse o ne a lula Roma ea boholo-holo e neng e tsebahala ka bokhopo. O ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena hore ba fetole botho ba bona haholo e le hore ba utloele ba bang bohloko le ho ba qenehela haholoanyane.
Qenehelo e Matla
Batho ba bang ba nka hore ba qenehelang ba bang ke makoala ebile ha ba khone ho ikemela. Na pono e joalo e nepahetse?
Le hanyenyane! Se hlileng se susumetsang batho hore ba qenehele ba bang ke lerato le tebileng, le simolohang ho Molimo, e leng eena mohlala o ka sehloohong oa lerato. “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:16) Ke ka nepo ho thoeng Jehova ke “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakorinthe 1:3) Polelo e fetoletsoeng e le “mehauhelo e bonolo” ha e le hantle e bolela “ho hauhela, ho qenehela batho ba mathateng.” Ka sebele Jehova “o mosa ho ba se nang teboho le ba khopo”!—Luka 6:35.
’Mōpi oa rōna o hloka hore le rōna re be le litšobotsi tse bontšang mosa, tse kang qenehelo. Mikea 6:8 e re: “Uena motho oa lefatše, o u boleletse se molemo. Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa?” Liproverbia 19:22, e re: “Ntho e lakatsehang ho motho oa lefatše ke mosa oa hae o lerato.” Jesu Kreste, Mora oa Molimo ea ileng a bonahatsa botho ba Ntat’ae ka tsela e phethahetseng le eena o ile a eletsa balateli ba hae a re: “Tsoelang pele ho ba mohau, feela joalokaha Ntat’a lōna a le mohau.” (Luka 6:36) The Jerusalem Bible e beha keletso ena tjena: “E-bang le qenehelo, joalokaha Ntat’a lōna a e-na le qenehelo.”
Ho etsa joalo ho molemo, hobane re ka fumana meputso e enneng ka ho ba le qenehelo. Re atisa ho bona ha Liproverbia 11:17 e phethahala ha e re: “Motho ea nang le mosa o lerato o sebetsana ka mokhoa o putsang le moea oa hae.” Ha re qenehela motho ea hlokang, Molimo o nka hore re entse seo ho Eena. O ikutloa a ikarabella bakeng sa ho putsa barapeli ba hae ha ba qenehela ba bang ka tsela leha e le efe. Mantsoe a Morena Solomone a bululetsoeng a re: “Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.” (Liproverbia 19:17) Pauluse eena o ile a re: “Lea tseba hore molemo ofe kapa ofe oo e mong le e mong a ka o etsang, o tla boela a o amohele ho Jehova.”—Baefese 6:8.
Qenehelo e thusa batho hore ba utloane ’me ba lokise liphapang. E ba thusa ho rarolla liqabang, ’me e etsa hore ho be bonolo hore ba tšoarelane. Re ka ’na ra qabana ka lebaka la hore hase kamehla re buang seo re neng re ka rata ho se bua, hape batho ba ka ’na ba re nahanela hampe. Qenehelo ea re namolela boemong bona ’me e re thusa ho boloka khotso. Ho bonolo ho tšoarela motho ea tummeng ka ho qenehela ba bang. Ho qenehela ba bang ho re thusa hore re etse seo Pauluse a ileng a eletsa Bakreste hore ba se etse ha a re: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.”—Bakolose 3:13.
Qenehelo ke ho Utloela Motho Bohloko ka Liketso
Ho feta moo, qenehelo e imolla motho mahlomoleng. Joalokaha re bone, ho qenehela motho ea mahlomoleng ho bontša hore re mo utloela bohloko ’me ho etsa hore re ikenye lieteng tsa hae. Ho qenehela ba saretsoeng ho akarelletsa ho ba nahanela le ho nka bohato ba ho ba thusa.
Bakreste ba etsisa Jesu ka ho utloela ba bang bohloko. Jesu o ne a sa phathahana hoo a ke keng a thusa ba bang ka lintho tsa nama le tsa moea. Ha a lemoha hore ba hloka thuso, o ne a ba qenehela ’me a etsa matsapa a ho ba thusa.
Hlokomela kamoo Jesu a ileng a ikutloa kateng ha a bona bongata ba batho ba hlokomolohiloeng moeeng: “Ha a bona bongata a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:36) Ha setsebi se seng sa Bibele se bua ka lentsoe le fetoletsoeng e le ho “hauhela,” se ile sa re le bolela “boikutlo bo tsoang botebong ba pelo.” Ha e le hantle, ho ’nile ha boleloa hore lentsoe lena ke le leng la mantsoe a matla ka ho fetisisa a Segerike a hlalosang boikutlo ba qenehelo.
Ka ho tšoanang, Bakreste ba qenehelang ba bang baa ba phallela ha ba hloka lintho tsa nama le tsa moea. Moapostola Petrose o ile a re: “Kaofela ha lōna le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko, le e-na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e-na le qenehelo e bonolo.” (1 Petrose 3:8) Ka mohlala, ha lelapa la Bakreste ba hlokang le fallela sebakeng se seng ka lebaka la bokuli, balumeli-’moho sebakeng seo ba ile ba le lumella hore le lule ntlong e ’ngoe ka likhoeli tse tšeletseng mahala. Monna o re: “Letsatsi le leng le le leng ba ne ba re hlola, ’me likhothatso tsa bona li ile tsa etsa hore re ikutloe re phutholohile.”
Bakreste ba ’nete ba thusa le batho bao ba sa ba tsebeng. Ka thabo ba tela nako ea bona, matla, le matlotlo bakeng sa ho ba thusa. Lipaki Tsa Jehova ke bona baithaopi bao ho buuoeng ka bona sehloohong se fetileng ba ileng ba thusa batho bao ba neng ba sa ba tsebe.
Kahoo, phuthehong ea Bokreste ho rena moea oa qenehelo le mosa o lerato. Lerato le susumetsa litho tsa phutheho hore li batle litsela tsa ho thusa ba bang. Likhutsana le bahlolohali ka phuthehong ba ka ’na ba hloka hore u amehe ka bona le ho ba utloela bohloko ka lebaka la mathata a sa tšoaneng ao ba nang le ’ona. Na u ka thusa ba joalo ba hlokang, ba sa khoneng ho ea ngakeng, ba se nang bolulo bo khotsofatsang, le ba nang le mathata a mang?
Ak’u nahane ka lelapa le leng la Greece. Monna o ile a otloa ke stroke. Eena le mosali oa hae ba ile ba isoa sepetleleng se hōle. Leha ho le joalo, hore ba fumane cheletenyana ho ne ho hlokahala hore ho kotuloe lilamunu serapeng. Li ne li tla kotuloa ke mang ha ba ntse ba le sepetlele? Phutheho ea habo bona e ile ea ba thusa. Litho tsa phutheho li ile tsa kotula lilamunu tsa ba tsa li rekisa, ’me lelapa leo la fumana chelete ’me la phomola moeeng.
Qenehelo e ka bontšoa ka litsela tse ngata. Ka mohlala, Bakreste ba nang le qenehelo baa hlokomela hore ka linako tse ling ntho e ka sehloohong eo ba mahlomoleng ba e hlokang ke ho eteloa ke batho ba tla ba mamela ka mosa, ba ikenye lieteng tsa bona ’me ba ba tšelise ka Mangolo.—Baroma 12:15.
Thabela ho ba Har’a Batho ba Qenehelanang
Phutheho ea Bokreste ea lefatše ka bophara ke sebaka sa khotso le matšeliso moo ho renang qenehelo le mosa. Bakreste ba ’nete baa lemoha hore qenehelo e hohela batho, empa ho hloka qenehelo hoa ba balehisa. Kahoo, ha ba ntse ba leka ho etsisa Ntate oa bona oa leholimo, ba loanela ho etsa lintho tse bontšang hore ba na le “qenehelo e bonolo.”
Lipaki Tsa Jehova li u mema ka mofuthu hore u thabele moea oa qenehelo, oa lerato, le oa ho tsotellana, o renang har’a tsona. Li kholisehile hore u tla ikutloa u amohelehile.—Baroma 15:7.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Pauluse o ile a re Bakreste ba Kolose ba ikapese lerato le mofuthu la qenehelo
[Litšoantšo leqepheng la 7]
Ha Jesu a hlokomela batho ba hlokang, ka qenehelo o ne a batla tsela ea ho ba thusa