Na Letsatsi la Bohetene le ka Fetoloa la Bokreste?
MARIHENG a 2004, Italy ho ile ha e-ba le phehisano e matla nakong ea Keresemese. Matichere a mang a ne a lumellana le hore ho fokotsoe kapa ho hle ho felisoe eng kapa eng e amanang le meetlo ea Keresemese. A ne a buella sena hobane a nahanela bana ba ntseng ba eketseha ka palo bao e seng Mak’hatholike kapa Maprostanta. Leha ho le joalo, matichere a mang le lirutehi tse ling li ne li batla hore meetlo eo e hlomphuoe e be e bolokoe ka botlalo.
Ho sa tsotellehe phehisano ena, potso ke hore na meetlo e mengata ea Keresemese e simolohile hokae. Ha phehisano eo e ntse e loela, koranta ea Vatican e bitsoang L’Osservatore Romano e ile ea ngola lintlha tse thahasellisang.
Ha koranta ena ea K’hatholike e bua ka letsatsi leo Keresemese e ketekoang ka lona, e ile ea re: “Ho latela histori, letsatsi leo ha e le hantle Jesu a tsoetsoeng ka lona ha le tsejoe kahobane ha le hlahelle historing ea Roma, palong ea sechaba ’musong oo, le lipatlisisong tse ileng tsa etsoa makholong a latelang a lilemo. . . . Letsatsi le tsebahalang la la 25 December, le ile la khethoa ke Kereke ea Roma lekholong la bone la lilemo. Roma ea bohetene letsatsi lena le ne le nehetsoe ho molimo oa Letsatsi . . . Le hoja Bokreste bo ne bo se bo amoheloa Roma ho latela Taelo ea Constantine, tšōmo ea . . . molimo oa Letsatsi e ne e ntse e atile, haholo-holo har’a masole. Mekete eo ho sa tsoa buuoa ka eona, e neng e e-ba ka la 25 December, e ne e simolohile meetlong e neng e atile ka nako eo. Sena se ile sa fa Kereke ea Roma maikutlo a hore e etse hore letsatsi lena e be la Bokreste ka hore e behe Jesu Kreste Letsatsi la ’nete la Toka, sebakeng sa molimo oa Letsatsi, eaba e khetha letsatsi leo e le la ho keteka tsoalo ea hae.”
Sefate sa Keresemese, seo kajeno e seng e le o mong oa meetlo ea Mak’hatholike, sona se simolohile hokae?
Sehlooho se koranteng ea K’hatholike se ile sa bolela hore mehleng ea boholo-holo, lifate tse ngata tse lulang li le talana, tse kang “phaena ho ne ho nahanoa hore li na le matla a mohlolo kapa li khona ho phekola maloetse.” Koranta eo e ile ea boela ea re: “Bosiung bo etellang pele Keresemese, ba la 24 December, Adama le Eva ba ne ba hopoloa ka pale e tsebahalang haholo ea Sefate sa lefatše la Paradeise . . . Sefate seo e ne e lokela ho ba sa apole, empa kaha e ne e ke ke ea e-ba ho loketseng ho sebelisa sefate sa apole mariha, ho ile ha behoa sefate sa phaena ’me ha behoa liapole makaleng a sona, kapa, e le ho tšoantšetsa Topollo, ha behoa sakramente e neng e tšoantšetsa Selallo sa Jesu e entsoeng ka libiskiti tse thumisitsoeng tse kentsoeng ka lipaneng tse khethehileng, hammoho le lipompong le limpho tsa bana.” Ke’ng se ileng sa etsahala hamorao?
Koranta ea L’Osservatore Romano e bontša hore moetlo oa ho sebelisa sefate sa Keresemese o qalile Jeremane lekholong la bo16 la lilemo, ’me e re: “Italy e bile e ’ngoe ea linaha tsa ho qetela tse ileng tsa amohela sefate sa Keresemese, lebaka le leng la sena e bile hore ho ne ho e-na le mahemuhemu a hore tloaelo ea ho sebelisa lifate tsa Keresemese e simolohile Boprostanteng, kahoo li lokela ho nkeloa sebaka ke sejelo [setšoantšo sa Tsoalo ea Jesu].” Mopapa Paul VI “o ile a qapa moetlo oa ho beha sefate se seholo sa Keresemese [St. Peter’s Square, Roma]” haufi le setšoantšo sa Tsoalo ea Jesu.
Na u lumellana le hore moeta-pele oa bolumeli a etse hore meetlo le lintho tse simolohileng boheteng ba boholo-holo li bonahale eka ke tsa Bokreste? Mangolo a bolella Bakreste ba ’nete seo ba lokelang ho se etsa, a re: “Ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe? Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi?”—2 Bakorinthe 6:14-17.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Sefate sa Keresemese (leqepheng la 8) le setšoantšo sa Tsoalo ea Jesu, Vatican
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© 2003 BiblePlaces.com
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Molimo oa letsatsi
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Museum Wiesbaden