Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 4/15 maq. 8-9
  • Ho Utloela Molepera Bohloko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Utloela Molepera Bohloko
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molepera o Utloeloa Bohloko
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • O Folisa Molepera ka Mosa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • “Hore le Tsebe Lerato la Kreste”
    Atamela ho Jehova
  • Na U Hopola ho Leboha?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 4/15 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae

Ho Utloela Molepera Bohloko

HA JESU le barutuoa ba hae ba bane ba ntse ba etela metse ea Galilea, litaba tsa lintho tse hlollang tseo a neng a li etsa tsa tlala hohle seterekeng seo. Liketso tsa hae tsa tuma ho ea fihla motseng o mong moo ho nang le motho ea tšoeroeng ke lepera. Ngaka Luka o hlalosa motho eo e le “ea tletseng lepera.” Lefu lena le tšabehang, butlebutle le ntša likarolo tsa ’mele tse sa tšoaneng tšobotsing. Kahoo molepera enoa o boemong bo hlomolang.

Ha Jesu a fihla motseng oo, molepera o-oa mo atamela. Ho latela molao oa Molimo, molepera o lokela ho hoelehetsa e le temoso, “Sesila! sesila!” ho sireletsa ba bang hore ba se ke ba mo atamela haholo ’me ba ba kotsing ea ho tšoaetsoa. Joale molepera o oa ka sefahleho ’me o kōpa Jesu: “Morena, ha u rata, u na le matla a ho ’ntlafatsa.”

Monna eo o na le tumelo e kaakang ho Jesu! Empa, lefu la hae le mo etsa hore a hlahe e le ea hlomolang hakaakang! Jesu o tla etsa joang? U ne u tla etsa joang? A susumelitsoe ke kutloelo bohloko, Jesu o otlolla letsoho la hae ’me o ama monna eo, o re: “Kea rata, u ntlafale.” ’Me lepera la hla la tloha hang ho eena.”

Na u ne u tla rata hore motho ea nang le kutloelo bohloko joaloka eo e be morena oa hao? Tsela eo Jesu a tšoarang molepera enoa ka eona e fana ka tšepo ea hore nakong ea puso ea ’Muso oa hae boprofeta ba Bibele bo tla phethahatsoa: “O tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko.” E, ka nako eo Jesu o tla phethahatsa takatso ea pelo ea hae ea ho thusa bohle ba mahlomoleng.

Le pele a folisa molepera eo, tšebeletso ea Jesu e ne e bakile thabo e khōlō har’a batho. Phethahatsong ea boprofeta ba Esaia, Jesu joale o laela monna eo ea folisitsoeng: “Bona! u se ke ua bolella motho letho.” Joale o-oa mo laea: “U ee, u ipontše ho moprista, ’me u ananele ntlafalo ea hao ka se laetsoeng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.”

Empa monna eo o thabile hoo a sitoang ho ipolokela mohlolo oo. O-oa tsamaea ’me o qala ho jala litaba tseo hohle, ka ho totobetseng a tsosa thahasello le tabatabelo har’a batho hoo Jesu a ke keng a kena motseng phatlalatsa. Kahoo Jesu o lula libakeng tse khutsitseng moo ho seng motho ea phelang, ’me batho ba tsoang hohle ba tla ho eena ho tla mamela le ho tla phekoloa mafu a bona.

Luka 5:12-16; Mareka 1:40-45; Matheu 8:2-4; Levitike 13:45; 14:10-13; Pesaleme ea 72:13; Esaia 42:1, 2.

◆ Lepera le ka ba le phello efe, ’me molepera o ne a lokela ho fana ka temoso efe?

◆ Molepera o ile a ipiletsa ho Jesu joang, ’me re ka ithuta eng karabelong ea Jesu?

◆ Monna ea folisitsoeng o ile a hloleha ho utloa Jesu joang, hona liphello e bile life?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela