Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 18 maq. 97-101
  • Na U Hopola ho Leboha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Hopola ho Leboha?
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Balepera ba Leshome Baa Folisoa, Empa ke a le Mong Feela ea Lebohang
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Phekoloa Balepera ba Leshome Leetong la ho Qetela la Jesu Jerusalema
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ho Phekoloa Balepera ba Leshome Leetong la ho Qetela la Jesu Jerusalema
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Utloela Molepera Bohloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 18 maq. 97-101

Khaolo ea 18

Na U Hopola ho Leboha?

NA U jele kajeno?— Na ua tseba hore na ke mang ea phehileng lijo tseo?— Mohlomong li phehiloe ke ’mè oa hao kapa motho e mong, empa ke hobane’ng ha re lokela ho leboha Molimo ka tsona?— Hobane Molimo ke eena ea etsang hore lijo li mele. Leha ho le joalo, re lokela ho leboha le motho ea li phehileng kapa ea re ngoathetseng tsona.

Na ka linako tse ling ha re ke be re lebale ho leboha ha batho ba bang ba re etselitse liketso tse mosa? Ha Mosuoe e Moholo a ne a le lefatšeng, balepera ba bang ba ile ba lebala ho leboha.

Na ua tseba hore na molepera ke motho ea joang?— Molepera ke motho ea tšoeroeng ke lepera. Boloetse bona bo ka ’na ba etsa hore linama tsa motho li jehe. Ha Jesu a ne a sa phela lefatšeng, balepera ba ne ba tlameha ho lula hōle le batho ba bang. Haeba molepera a ne a bona motho e mong a atamela, o ne a lokela ho hoeletsa e le hore a lemose motho eo hore a se ke a atamela haufi le eena. O ne a etsa sena e le hore batho ba bang ba se ke ba atamela haufi le eena ’me mohlomong a ba tšoaetsa lepera.

Jesu o ne a le mosa haholo ho balepera. Ka letsatsi le leng ha Jesu a tsamaea tseleng e eang Jerusalema, o ile a tlameha ho feta motsaneng o mong. Ha a atamela motsaneng oo, balepera ba leshome ba tla ho eena. Ba ne ba utloile hore Molimo o file Jesu matla a ho phekola maloetse a mefuta eohle.

Balepera bana ha baa ka ba atamela haufi le Jesu. Ba ile ba emella hōle. Empa ba ne ba lumela hore Jesu a ka khona ho phekola lepera le ba tšoereng. Kahoo ha balepera ba bona Mosuoe e Moholo, ba ile ba hoeletsa ba re: ‘Jesu, Mosuoe, re thuse hle!’

Na u utloela batho ba kulang bohloko?— Jesu o ne a ba utloela bohloko. O ne a tseba kamoo ho ba molepera ho leng bohloko kateng. Kahoo o ile a araba a re: “E-eang ’me le iponahatse ho baprista.”—Luka 17:11-14.

Ke hobane’ng ha Jesu a ne a re ba etse seo? Ka lebaka la molao oo Jehova a neng a o file batho ba Hae ka balepera. Molao o ne o re moprista oa Molimo o lokela ho hlahloba letlalo la molepera. Moprista o ne a lokela ho bolella molepera ha a se a folile ka ho feletseng. Ha a se a folile, o ne a ka boela a phela le batho ba bang ba phelang hantle.—Levitike 13:16, 17.

Empa balepera bana ba ne ba ntse ba e-na le lepera. Na ba ile ba ea ho moprista joalokaha Jesu a ne a itse ba ee ho eena?— E, ba ile ba ea hang-hang. E tlameha ebe banna bana ba ne ba lumela hore Jesu o tla ba phekola. Ho ile ha etsahala’ng?

Ha ba le tseleng e eang ho moprista, boloetse bo ba tšoereng bo ile ba fola. Letlalo la bona le ile la phekoleha. Ka sebele ba ne ba phekotsoe! Ho lumela ha bona matleng a Jesu ho ile ha putsoa. Ba ile ba thaba hakaakang! Empa, joale, ba ka be ba entse’ng ho bontša hore baa leboha? Uena u ka be u entse’ng?—

Monna e mong ea phekotsoeng o ile a khutlela ho Jesu. A qala ho tlotlisa Jehova, a rorisa Molimo. Seo se ne se loketse kaha matla a mo phekotseng a ne a e-tsoa ho Molimo. Monna eo o ile a boela a khumama maotong a Mosuoe e Moholo a mo leboha. O ne a ananela ka ho teba seo Jesu a mo etselitseng sona.

Empa ho thoe’ng ka banna ba bang ba robong? Jesu o ile a botsa a re: ‘Na hase balepera ba leshome ba phekotsoeng? Ba bang ba robong ba kae? Na hase a le mong feela ea ileng a khutla ho tla tlotlisa Molimo?’

E, ho joalo. Ke a le mong feela ho ba leshome ea ileng a tlotlisa Molimo, kapa a mo rorisa ’me a khutla ho tla leboha Jesu. Ebile motho enoa e ne e le Mosamaria, a tsoa naheng e ’ngoe. Banna ba bang ba robong ha baa ka ba leboha Molimo, hape ha baa ka ba leboha Jesu.—Luka 17:15-19.

Uena u tšoana le ofe ho banna baa? Akere rōna re batla ho tšoana le monna oa Mosamaria?— Kahoo re lokela ho hopola ho etsa’ng ha motho e mong a re etsetsa ketso e itseng e mosa?— Re lokela ho leboha. Hangata batho ba lebala ho leboha. Empa ke ntho e ntle ho leboha. Ha re leboha, re thabisa Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu.

Ha u ka nahana ka taba ena, u tla hopola hore batho ba bang ba u etselitse lintho tse ngata. Ka mohlala, na u kile ua kula?— E ka ’na eaba ha u e-s’o kule joaloka balepera bao ba leshome, empa e ka ’na eaba u kile ua tšoaroa ke sefuba kapa mala. Na batho ba bang ba ile ba u hlokomela?— Mohlomong ba ile ba u fa meriana le ho u etsetsa lintho tse itseng. Na ha ua ka ua thaba hore ebe ba u thusitse hore u be betere?—

Monna oa Mosamaria o ile a leboha Jesu ha a mo thusitse hore a fole, ’me sena se ile sa thabisa Jesu. Na u nahana hore ’mè oa hao le ntate oa hao ba tla thaba haeba u ba leboha ha ba u etsetsa lintho?— E, ba tla thaba.

Batho ba bang ba u etsetsa lintho letsatsi le leng le le leng kapa beke e ’ngoe le e ’ngoe. E ka ’na eaba ke mosebetsi oa bona hore ba u etsetse lintho tsena. Mohlomong ebile ba thabela ho li etsa. Empa u ka ’na ua lebala ho leboha. Mohlomong tichere ea hao sekolong e sebetsa ka thata ho u ruta. E etsa mosebetsi oa eona. Empa e tla thaba haeba u e leboha ka hore e u thusa ho ithuta.

Ka linako tse ling batho ba u etsetsa lintho tse nyenyane. Na motho e mong o kile a u bulela monyako? Kapa na motho e mong o kile a u neheletsa lijo ha le lutse tafoleng? U lokela ho leboha esita le linthong tsena tse nyenyane.

Haeba re hopola ho leboha batho mona lefatšeng, ho tla ba bobebe hore re hopole ho leboha Ntate oa rōna ea leholimong. Ho na le lintho tse ngata hakaakang tseo re ka lebohang Jehova ka tsona! O re file bophelo le lintho tsohle tse ntle tse natefisang bophelo. Kahoo re na le mabaka ’ohle a ho tlotlisa Molimo ka ho bua ka eena hantle letsatsi le leng le le leng.

Tabeng ea ho leboha, bala Pesaleme ea 92:1; Baefese 5:20; Bakolose 3:17; le 1 Bathesalonika 5:18.

[Setšoantšo se leqepheng la 98, 99]

Jesu o re balepera baa ba etse’ng?

[Setšoantšo se leqepheng la 99]

Molepera enoa o ile a hopola ho etsa’ng?

[Setšoantšo se leqepheng la 100]

U ka etsisa molepera ea ileng a khutlela ho Jesu joang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 101]

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hopola ho leboha?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela