Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 32
  • Ke Eng se Loketseng ka Sabbatha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng se Loketseng ka Sabbatha?
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng e Loketseng ka Sabbatha?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ke’ng e Lumelloang ke Molao ka Sabatha?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ba Kha Lijo-Thollo ka Sabatha
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Kha Liqoapi ka Sabbatha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 32

Khaolo ea 32

Ke Eng se Loketseng ka Sabbatha?

KE SABBATHA e ’ngoe hape ha Jesu a etela synagoge e haufi le Leoatle la Galilea. Ho teng monna eo letsoho la hae le letona le omelletseng. Bangoli le Bafarisi baa talimisisa ho bona hore na Jesu o tla mo phekola kapa che. Qetellong baa botsa: “Ana ho ka lokela ho folisa ka tsatsi la sabbatha na?”

Baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba lumela hore ho phekola ho loketse ka Sabbatha hafeela bophelo bo le kotsing. Ka mohlala, ba ruta hore ka Sabbatha ho phoso ho khutlisetsa lesapo malulong kapa ho tlamisa ea nonyetsehileng. Ka hona bangoli le Bafarisi ba botsa Jesu ba leka ho fumana seo ba ka mo qosang ka sona.

Leha ho le joalo, Jesu o tseba mehopolo ea bona. Ka nako e tšoanang, o hlokomela hore ba na le pono e fetelletseng le eo eseng ea mangolo ea se boleloang ke ho tlōla molao oa letsatsi la Sabbatha o thibelang mosebetsi. Ka hona Jesu o lokisetsa hore eo ho buuoang ka eena a bonoe ke bohle ka ho bolella monna eo ea letsoho le omelletseng: “Ema mona, hare.”

Joale, Jesu o retelehela ho bangoli le Bafarisi, o re: “Motho ke ofe ho lōna ea nang le nku e le ’ngoe, ekareng ha e oela sekoting ka sabbatha, a ke keng a e tšoara, a e ntša?” Kaha nku e emela chelete eo motho a nang le eona, ba ne ba ke ke ba e tlohela ka sekoting ho fihlela letsatsing le latelang, mohlomong hoo ho ka e kulisa kapa ba lahleheloa ke eona. Ntle ho moo, Mangolo a re: “Motho ea lokileng o baballa ho phela ha khomo ea hae.”

Ha a bapisa, Jesu o tsoela pele: “Athe motho o fetisa nku hakakang ka boholo! Ka baka leo, ho loketse ho etsa hantle ka sabbatha.” Baeta-pele ba bolumeli ba sitoa ho hanyetsa ho beha mabaka hoo ho utloahalang le ho nahanelang, ’me ba lula ba khutsitse.

Jesu a halefile a bile a soabisitsoe ke bothoto bo manganga ba bona, oa qamaka. Joale o re ho motho eo: “Otlolla letsoho la hao.” Oa le otlolla ’me letsoho leo lea fola.

Ho e-⁠na le hore ba thabele hore letsoho la monna eo le folisitsoe, Bafarisi ba tsoela ka ntle ’me kapele ba etsa morero oa bolotsana hammoho le balateli ba mokha oa Heroda hore ba bolaee Jesu. Ka ho hlakileng, mokha ona oa bopolotiki o kopanyelletsa litho tsa bolumeli ba Basaducci. Ka tloaelo, mokha ona oa bopolotiki le Bafarisi ba hanyetsana phatlalatsa, empa ba tlamahane ka thata khanyetsong ea bona ho Jesu. Mattheu 12:9-14; Mareka 3:1-6; Luka 6:6-11; Liproverbia 12:10; Exoda 20:8-10.

▪ Ke tokisetso efe e ileng ea etsoa hore eo ho buuoang ka eena ke Jesu le baeta-pele ba bolumeli ba Bajode a bonoe ke bohle?

▪ Baeta-pele bana ba bolumeli ba Bajode ba ne ba lumela eng mabapi le ho phekola ka Sabbatha?

▪ Jesu o sebelisitse papiso efe ho hanyetsa lipono tsa bona tse fosahetseng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela