Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 45
  • Motho ea sa Lebelloang ho ba Morutuoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motho ea sa Lebelloang ho ba Morutuoa
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motho ea sa Lebelloang ho ba Morutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • O Matla ho Feta Bademona ba Bangata
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Matla ho Feta Bademona
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Na Bademona ba Hlile ba Teng?
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 45

Khaolo ea 45

Motho ea sa Lebelloang ho ba Morutuoa

KE PONO e tšosang hakaakang ha Jesu a fihla lebōpong! Banna ba babeli ba befileng ka mokhoa o sa tloaelehang ba tsoa mabitleng a leng haufi le moo ’me baa mo mathela. Ba tšoeroe ke bademona. Kaha ho bonahala hore e mong oa bona o befile haholo ho feta e mong ’me o se a hlokofalitsoe ka nako e telele tlas’a taolo ea bademona, ke eena eo ho lebisoang tlhokomelo ho eena.

Ka nako e telele monna enoa ea mesarelong o ’nile a lula a hlobotse mabitleng. Ka linako tsohle, bosiu le motšehare, oa bokolla ’me o itšeha ka majoe. O kotsi hoo ho seng motho ea nang le sebete sa ho tsamaea ka tsela eo. Ho entsoe boiteko ba ho mo tlama, empa o khaola liketane likotoana ’me o khaola mahlaahlela maotong a hae. Ha ho motho ea nang le matla a ho mo thapisa.

Ha monna eo a atamela Jesu ’me a itihela maotong a hae, bademona ba mo laolang ba mo etsa hore a hoeletse: “Taba ea ka le uena ke’ng, Jesu Mor’a Molimo o moholo-holo? Ke u antša ka Molimo, hore u se ke ua ntlhokofatsa.”

Jesu o tsoela pele hore: “Tsoa mothong eo, moea o litšila.” Empa joale Jesu oa botsa: “Lebitso la hao u mang?”

Karabelo ea re: “Lebitso la ka ke Legione; hobane re bangata.” Bademona ba thaba haholo ha ba bona masoabi a bao ba ba keneng, ’me ho bonahala ba nyakallela ho ba bokanela ba le bangata ka mokhoa o ba tšerehanyang. Empa ha ba tobane le Jesu, baa mo rapela hore a se ke a ba lelekela sekoting. Re boetse rea bona hore Jesu o na le matla a maholo, a ho hlōla esita le bademona ba khopo haholo. Hona ho boetse ho senola hore bademona baa tseba hore kahlolo ea ho qetela eo Molimo o ba boloketseng eona, ke ho liheloa sekoting ’moho le moetapele oa bona, Satane Diabolose.

Mohlape oa likolobe tse ka bang 2 000 o ntse o fula haufi thabeng. Joale bademona ba re: “U re romele likolobeng tseno, re kene ho tsona.” Ho totobetse hore bademona ba fumana thabo ea mofuta o mong oo eseng oa tlhaho le oa ho tlatlapa ba bang ka ho hlasela ’mele ea libōpuoa tsa nama. Ha Jesu a ba lumella ho kena mohlapeng oa likolobe, palo eohle ea tse 2 000 ea itihela selomong ’me ea khangoa ke metsi leoatleng.

Ha balisa ba likolobe ba bona sena, ba potlakela ho ea tlaleha litaba motseng le mathōkong a oona. Nakong eo batho ba tla ho tla bona se etsahetseng. Ha ba fihla, ba bona monna eo bademona ba tsoileng ho eena. A apere, ’me a na le kelello e hlaphohileng, a lutse maotong a Jesu!

Lipaki tse boneng ka mahlo li bolela kamoo monna eo a folisitsoeng kateng. Li boetse li bolella batho ka lefu le sisimosang la likolobe. Ha ba utloa sena batho ba tšoha haholo, ’me ba phehella Jesu ka matla hore a tlohe naheng ea bona. O mamela kōpo ea bona ’me o kena seketsoaneng. Monna ea neng a na le bademona o phehella Jesu hore a mo lumelle ho tsamaea le eena. Empa Jesu o re ho eena: “E-ea hae, haeno, ho banab’eno, u ba tsebise tse kholo tseo Morena a u entseng tsona, kamoo a u utloetseng bohloko.”

Hangata Jesu o laela bao a ba folisitseng hore ba se ke ba bolella motho, kaha ha a batle hore batho ba fihlele liqeto ka baka la litlaleho tse susumetsang maikutlo. Empa mokhelo ona ke o loketseng hobane joale monna ea neng a e-⁠na le bademona o tla be a paka har’a batho bao mohlomong Jesu a ke keng a hlola a fumana monyetla oa ho ba finyella. Ho feta moo, boteng ba monna eo bo tla fana ka bopaki ba matla a Jesu a ho etsa lintho tse molemo, le ho arabela tlaleho leha e le efe e mpe eo e ka bang e ile ea tsamaisoa ka baka la ho lahleheloa ke likolobe.

Tumellanong le taelo ea Jesu, monna ea neng a e-⁠na le bademona oa tsamaea. O qala ho bolela ho pholletsa le Dekapolise eohle lintho tsohle tseo Jesu a mo etselitseng tsona, ’me batho baa hlolloa. Mattheu 8:28-34; Mareka 5:1-20; Luka 8:26-39; Tšenolo 20:1-3.

▪ Mohlomong ke hobane’ng ha tlhokomelo e lebisoa ho monna a le mong ea tšoeroeng ke bademona empa ba ne ba le babeli?

▪ Ke eng se bontšang hore bademona baa tseba hore ba tla liheloa sekoting ka nako e tlang?

▪ Kamoo ho bonahalang kateng, ke hobane’ng ha bademona ba rata ho kena bathong le liphoofolong?

▪ Ke hobane’ng ha Jesu a etsa mokhelo ka monna ea neng a e-⁠na le bademona pele, ka ho mo laela ho bolella ba bang ka tseo A mo etselitseng tsona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela