Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 4/8 maq. 16-17
  • Na Bademona ba Hlile ba Teng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bademona ba Hlile ba Teng?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikutlo ba ho Khatholoha Kelellong
  • Ho se Lumele ho Hlahisa Bothata
  • Bathetsi ba Khopo
  • Mangeloi ke Bo-mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jesu o Matla ho Feta Bademona
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Bademona ke Bo-mang?
    Tsoha!—2010
  • Mangeloi ke Bo-mang, Hona a Etsa Eng?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 4/8 maq. 16-17

Pono Ea Bibele

Na Bademona ba Hlile ba Teng?

LEKHOLONG la bo17 le la bo18 la lilemo, phutuho e mabifi ea ho hlorisa baloi e ile ea puputla karolo e khōlō ea Europe. Ba bangata ba neng ba belaelloa ka hore ke baloi ba ile ba hlokofatsoa habohloko. Ba bang ba neng ba qositsoe ka bohata ba ile ba amohela molato oa hore baa loea e le hore feela ba mpe ba pholohe tlhokofatso. Lenane le se nang palo le ile la bolaoa ka lebaka la litaba tsa bo-ba-re kapa la ho belaelloa.

Le hoja kamoo ho bonahalang kateng li ne li thehiloe Mangolong, liketso tsena tse khahlanong le boloi, e leng mofuta o mong oa bodemona, ka sebele li ne li etsoa ka tsela e feteletseng. Bakreste ha baa tlamelloa ho hlokofatsa kapa ho bolaea baloi kapa batho leha e le bafe ba bang ba nang le tšebelisano le meea. (Baroma 12:19) Kajeno ho atile boikutlo bofe?

Boikutlo ba ho Khatholoha Kelellong

Kajeno batho ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ha ba nke tšebelisano-’moho e joalo le meea ka ho teba. Ka lebaka la bohelehele, ba bang ba ka ’na ba itsoakanya le bolepi ba linaleli, boselamose, bonohe le boloi, empa ha ba nke mesebetsi ena ea boloi e le bodemona. Ka linako tse ling, batho ba boithabiso, libapali le bo-ralipolotiki ba bolela phatlalatsa hore ba kenella litabeng tsa boloi. Encyclopedia e ’ngoe e bolela hore libuka le libaesekopo tse ling li bontša hore baloi le linohe ke “batho ba hohelang, ba fapaneng hanyenyane le ba bang bao mesebetsi ea bona e phahametseng tlhaho e seng kotsi ho motho leha e le ofe.” Boitsebiso bo reretsoeng ho tšehisa le ho ruta bana bo ka ’na ba bua ka litaba tsa boloi.

Boikutlo ba ho khatholoha kelellong le bo tloaelehileng joaloka bodemona bo ka etsa hore motho a se lumele hore bademona ba teng. Na ua lumela hore bademona ba teng le hore ba leka ka matla ho re ntša kotsi? Ha e le hantle, batho ba bangata kajeno ba tla bolela hore ha ho mohla ba kileng ba sebetsana le bademona kapa ba bona mosebetsi oa bona. Na bademona ba hlile ba teng?

Ho se Lumele ho Hlahisa Bothata

Ba ipolelang hore ba lumela Bibele empa ba belaella boteng ba bademona ba tobane le bothata. Haeba ba sa lumele hore bademona ba hlile ba teng, ba bontša ho se lumele ho itseng Bibeleng. Hobane’ng? Hobane thuto ea libōpuoa tse khopo tsa moea tse nang le matla a phahametseng motho e rutoa ka Lentsoeng la Molimo, Bibele.

Buka ea eona ea pele ea Genese, e bolela kamoo motho ea bohlale a ileng a sebelisa noha kateng ho thetsa Eva le ho etsa hore a fetohele Molimo. (Genese 3:1-5) Buka ea ho qetela ea Bibele ea Tšenolo, e tsebahatsa mothetsi enoa ea khopo eo e leng “noha ea pele,” e le ea “bitsoang Diabolose le Satane, [ea] khelosang lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona.” (Tšenolo 12:9) Satane o ile a atleha ho tšoasa mangeloi a mang hore le ’ona e be marabele. (Juda 6) Ka Bibeleng mangeloi ana a silafetseng a bitsoa bademona. A sebetsa tikolohong ea lefatše ’me a halefetse Molimo le ba mo sebeletsang.—Tšenolo 12:12.

Satane le bademona ba na le matla a ho susumetsa, ho ntša kotsi le ho buisana le batho. (Luka 8:27-33) Ba ithutile litšekamelo tsa motho ka lilemo tse likete. Ba tseba kamoo ba ka sebelisang mefokolo ea batho kateng. Bibele e tlaleha ka liketsahalo tseo ho tsona ba ileng ba tšoara banna, basali le bana, kapa ba ba laola ka ho feletseng. (Matheu 15:22; Mareka 5:2) Ba ka baka maloetse kapa kholofalo e kang ea bofofu. (Jobo 2:6, 7; Matheu 9:32, 33; 12:22; 17:14-18) Ba boetse ba khona ho foufatsa likelello tsa batho. (2 Bakorinthe 4:4) Bademona ba lula ba le mafolofolo, joaloka moeta-pele oa bona, Satane, ea joaloka “tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Petrose 5:8) Bibele e fupere litlaleho tse ngata tsa boteng ba bademona. Haeba u kholoa Bibele, joale u lumela ’nete e mabapi le libōpuoa tse khopo tse sa bonahaleng.

Bathetsi ba Khopo

Empa ke joang bademona ba matla ba ka bang teng kajeno ntle le ho hlahisa boemo bo tšosang ba kamehla lefatšeng? Ke hobane’ng ha boteng ba bona le liketso tsa bona li sa totobala hakaalo? Bibele ea araba: “Satane ka boeena o ntse a iphetola lengeloi la leseli.” (2 Bakorinthe 11:14) Diabolose ke mothetsi. Hangata bademona ba sebetsa ka ho ikhakanya hore eke ba etsa ntho e seng kotsi kapa e bileng e leng molemo. Kahoo, ho thata ho ba hlokomela.

Satane le bademona ba hae ba tsoela pele ho hlokofatsa batho ka litsela tse sa tšoaneng, joalokaha ba entse mehleng ea Bibele. Ba bang bao hona joale e seng e le Bakreste ba ’nete ba kile ba ameha tšebelisong ea boloi ka nako e itseng; ba ka paka hore na litlhaselo tsa bodemona li tšosa hakae. Kajeno, mohlomong ka tekanyo e khōlō ho feta leha e le neng pele, bademona ba sebelisa matla a bona a phahametseng a motho ho tšoasa batho ho kena mekhoeng e totobetseng ea boloi. Matla a bona ha aa lokela ho khelloa fatše. Leha ho le joalo, ba finyella ho hongata ka ho hohela batho ho ba isa hōle le Molimo ho e-na le ka ho ba tšosa. Bibele e bolela hore Satane le bademona ba ‘khelosa lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9) Ba ikemiselitse ho fokolisa bomoea ka litsela tse poteletseng, tse bolotsana.

Bademona ba hlile ba teng. Ke eng hape e ka hlalosang lenyora le lekaale la mali le tšenyo tse totobetseng hakaale bathong kajeno? Ka tlhaho batho ba batla ho phela ka khotso le thabo. Empa bademona ba khothalletsa bobe ’me ba na le matla a ho susumetsa le ho senya likelello tsa batho.

Leha ho le joalo, Jehova ke Molimo ea matla ’ohle—o matla ho feta bademona. O fana ka matla le tšireletso tsa hae khahlanong le “maqiti a Diabolose.” (Baefese 6:11-18) Ha ho hlokahale hore re be le tšabo ea ho thothomella bademona, kaha Molimo oa tšepisa: “Ka hona, ipeheng tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.”—Jakobo 4:7.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Sipa Icono

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela