Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 4/8 maq. 18-20
  • Na Nka Etsa Hamolemonyana Sekolong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Nka Etsa Hamolemonyana Sekolong?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ba Bang ba sa Sebetseng Hantle Lithutong ka Lona
  • Ho ba le Tšusumetso
  • Mekhoa e Metle ea ho Ithuta
  • Boloka Boikutlo bo Nepahetseng
  • Ho Tsoela Pele ho sa Tsotellehe Mathata
  • Nka Etsa’ng Hore ke Sebetse Hantle Lithutong Tsa Sekolo?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Ithuta ka Thata Sekolong?
    Tsoha!—1992
  • Linotlolo Tse Lebisang Thutong E Ntle
    Tsoha!—1996
  • Batsoali—E Bang ’muelli oa Ngoana oa Lōna
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 4/8 maq. 18-20

Bacha Baa Botsa . . .

Na Nka Etsa Hamolemonyana Sekolong?

“Limaraka ke tsa bohlokoa haholo ho batsoali ba ka. ‘U fumane limaraka tse kae tlhahlobong ea lipalo? U fumane limaraka tse kae pampiring ea Senyesemane?’ Ke hloile hoo!”—Sam ea lilemo li 13.

SAM hase eena feela ea bothateng bona. Ha e le hantle, bangoli ba buka e bitsoang “Could Do Better” baa ngola: “Ha re e-s’o kopane le motsoali ea nahanang hore ngoana oa hae o sebetsa hantle sekolong ho ea kamoo a khonang kateng.” Empa bacha ba bangata, ba tšoanang le Sam, ba ikutloa hore batsoali ba bona ba beha khatello e matla haholo holim’a bona hore ba ntlafatse mosebetsing oa bona oa sekolo—mohlomong esita le ho ipabola. Mohlomong hape ba fumana khatello e ’ngoe ka tlelaseng. Mocha e mong oa tletleba: “Matichere a hloka mamello. A batla hore u hopole lintho ho tloha sethathong feela ’me haeba u sa li hopole, a etsa hore u ikutloe u le sethoto. Kahoo ha ke iteke le ho iteka.”

Bacha ba hlōlehang ho phethahatsa litebello tsa batsoali le matichere hangata ba bitsoa ba sa sebetseng hantle lithutong. ’Me hoo e batlang e le liithuti tsohle ha li sebetse hantle lithutong tsa sekolo ka nako e itseng. Hobane’ng? Ho thahasellisang ke hore hase kamehla botsoa kapa ho hlōleha ho ithuta e leng lona lebaka.a

Lebaka Leo ba Bang ba sa Sebetseng Hantle Lithutong ka Lona

Ke ’nete hore tabeng ea mosebetsi oa sekolo, ho na le bacha ba bang ba khotsofallang ho hulana feela. Herman ea lilemo li 15 oa ipolela: “Haeba nka iphetela ka tse tlaase-tlaase, ke sebeletsa tsona tseo feela.” Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore bacha bana bohle ha ba tsotelle ho ithuta. E ka ’na eaba ba mpa ba fumana thuto e itseng e sa ba thahasellise. Ho na le ba bang ba thatafalloang ho bona bohlokoa ba seo ba ithutang sona. Reuben, ea lilemo li 17, o e beha ka tsela ena: “Ho na le lithuto tse ling tseo ke tsebang hantle hore ha ho mohla ke tla ke ke li sebelise hape ha ke qeta sekolong.” Ho hloka thahasello kapa tšusumetso ho ka etsa hore motho a se sebetse hantle lithutong.

Ho na le mabaka a mang. Ka mohlala, haeba tichere e potlaka hoo u sitoang ho e latela, u tla ferekana. Haeba e noaboloha, u tla boreha. Khatello ea lithaka le eona e ka ama tsela eo u sebetsang ka eona sekolong. Buka e bitsoang Kids Who Underachieve ea hlalosa: “Haeba ngoana ea bohlale, ea hlooho e bonolo a batla ho amoheloa ke lithaka tsa hae tse lihlooho li thata, a ka ’na a ikutloa a tlameha ho se sebetse hantle lithutong.” Ke kahoo mocha e mong a ileng a tletleba ka hore ha a ne a sebetsa ka thata lilemong tsa hae tse qalang sekolong, ba bang ba ile ba mo honohela ’me ba mo tšeha. E, mocha a ka ’na a tobana le ’nete ea molao-motheo o ho Liproverbia 14:17 (NW): “Motho ea nang le matla a ho nahana oa hlouoa.”

Ka linako tse ling, lisosa tsa ho se sebetse hantle lithutong e ba tse rarahaneng. Ka masoabi, bacha ba bang ba hōla ba itella. Sena se ka bakoa ke ha ngoana a lula a bitsoa ka mabitso a phoqang, a kang ralenama, tseketseke, kapa rabotsoa. Ka bomalimabe, mabitso a joalo a ka iphetola ’nete. Ho joalokaha ngaka e ’ngoe e beha taba, “haeba u bolelloa hore u tseketseke ’me u itumella ho lumela seo, u tla itšoara joaloka eona.”

Hangata, batsoali le matichere ba bua mantsoe ao ka boikutlo bo botle. Leha ho le joalo, bacha ba ntse ba ka ’na ba nahana hore ho batloa ho hongata haholo ho bona. Haeba seo ho bonahala eka ke ’nete tabeng ea hao, tiiseha hore hase hore batsoali ba hao le matichere a hao ba leka ho u hlantša. Mohlomong ba mpa ba batla hore u finyelle moo matla a hao a fihlang teng. Leha ho le joalo, ho ameha ka ho finyella se lebeletsoeng ho uena ho ka ’na ha etsa hore u ikutloe u batla ho tela. Empa khothala: U ka etsa hamolemonyana sekolong.

Ho ba le Tšusumetso

Mohato oa pele ke ho ba le tšusumetso! E le hore u be le eona, u lokela ho tseba sepheo seo u ithutang ka sona. Bibele e re: “Motho ea lemang o tšoanela ho lema ka tšepo le motho ea polang o tšoanela ho etsa joalo ka tšepo ea ho ba ea nang le kabelo.” (1 Bakorinthe 9:10) Ho bona bohlokoa ba ho “lema” ka lithuto tse itseng hase kamehla ho leng bonolo. Ka mohlala, u ka ’na ua re, ‘Ke batla ho ba moetsi oa mananeo a k’homputha. Kahoo, ke hobane’ng ha ke lokela ho ithuta histori?’

Ke ’nete hore hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lenaneong la thuto sekolong sa heno e ka ’nang ea bonahala e e-na le thuso—mohlomong nakong ea hona joale. Empa leka ho e talimela nakong e tlang. Thuto e akaretsang ea lithuto tse sa tšoaneng e tla atolosa kutloisiso ea hao ka lefatše le u pota-potileng. Bacha ba bangata ba Lipaki tsa Jehova ba fumane hore thuto e akaretsang lintlha tsohle e ba thusitse ho ‘fetoha lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle,’ e leng ho ba fang bolokolohi bo boholoanyane ha ba nehelana ka molaetsa oa ’Muso ho batho ba limelo tse sa tšoaneng tsa bophelo. (1 Bakorinthe 9:22) Esita le haeba thuto e itseng e bonahala e se ea bohlokoa hakaalo, u rua molemo o itseng ka ho e tseba hantle. Bonyane, u tla ntlafatsa “matla a hao a ho nahana,” e leng ntho e tla u ruisa molemo haholo qetellong.—Liproverbia 1:1-4, NW.

Sekolo se ka boela sa u thusa ho senola litalenta tsa hao tse patehileng. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Timothea: “U fehle joaloka mollo mpho ea Molimo e leng ho uena.” (2 Timothea 1:6) Ka ho hlakileng Timothea o ne a khethetsoe tšebeletso e itseng e khethehileng ka phuthehong ea Bokreste. Empa matla ao a a filoeng ke Molimo—“mpho” ea hae—a ne a lokela ho hlaoleloa, esere a khaotsa ho sebetsa ’me a fela. Ke ’nete hore matla a hao sekolong ha u a fuoe ka ho toba ke Molimo, joaloka tabeng ea mpho ea Timothea. Leha ho le joalo, bokhoni boo u nang le bona—ebang ke ba bonono, ’mino, thuto ea lipalo, ea saense, kapa likarolong tse ling—ke ba hao ka ho khetheha, ’me sekolo se ka u thusa ho hlokomela limpho tse joalo le ho li ntšetsa pele.

Mekhoa e Metle ea ho Ithuta

Leha ho le joalo, e le hore u rue molemo o moholo sekolong u lokela ho ba le kemiso e ntle ea ho ithuta. (Bapisa le Bafilippi 3:16.) Behella ka thōko nako e lekaneng bakeng sa ho koahela boitsebiso bo bongata, empa u iphe khefu ea ho ikhatholla nako le nako. Haeba ho ithuta ha hao ho akarelletsa ho bala, habanya boitsebiso pele e le hore u fumane kakaretso ea bona. Ho latelang, etsa lipotso tse thehiloeng lihloohong tsa khaolo kapa lihloohong tse khōlō. Joale bala, u ntse u sheba likarabo tsa lipotso tsa hao ha u ntse u bala. Qetellong, hlahloba haeba u ka khona ho hopola seo u ithutileng sona.

Amahanya seo u ithutang sona le seo u seng u ntse u se tseba. Ka mohlala, thuto ea saense e ka ba mocha oo ‘litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoang ka ho hlaka’ ka oona. (Baroma 1:20) Histori e ka u thusa hore u iponele bopaki ba ’nete ea polelo e reng: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Ha u ntse u ikitlaetsa ho ithuteng, mohlomong u tla fumana hore ho ithuta ho ba bonolo haholoanyane—esita le ho ba ho thabisang haholoanyane! Solomone o ile a hlokomela: “Tsebo e fumanoa ka bonolo ke ea masene.”—Liproverbia 14:6.

Boloka Boikutlo bo Nepahetseng

Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho se sebetse hantle lithutong ho amahanngoa le metsoalle eo motho a e khethang. Na metsoalle ea hao e khothalletsa katleho, kapa eona ka boeona ha e sebetse hantle lithutong? Maele a Bibele a re: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) Kahoo, khetha metsoalle ea hao ka bohlale. Etsa setsoalle le ba nang le boikutlo bo nepahetseng ka sekolo. U se ke ua tsilatsila ho buisana le tichere ea hao ka pakane ea hao ea ho ntlafatsa limaraka tsa hao. Ha ho pelaelo hore tichere ea hao e tla etsa boiteko bo eketsehileng ho u thusa ho e finyella.

Ha u khathatsoa ke mehopolo e fosahetseng ka bokhoni ba hao, nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. Ha batho ba ne ba nyatsa bokhoni ba hae ba ho bua, o ile a araba: “Esita le haeba ke se kheleke puong, ka sebele ha ke joalo tsebong.” (2 Bakorinthe 10:10; 11:6) E, Pauluse o ile a tsepamisa mohopolo oa hae matleng a hae eseng mefokolong ea hae. U matla hokae? Haeba u sitoa ho a khetholla, ke hobane’ng ha u sa buisane le motho e moholo ea ka u tšehetsang? Motsoalle ea joalo a ka u thusa hore u tsebe matla a hao le hore u rue molemo o moholo ho oona.

Ho Tsoela Pele ho sa Tsotellehe Mathata

“Thahasella lintho tsena, ikakhele ho tsona ka setōtsoana, e le hore tsoelo-pele ea hao e tle e bonahale ho bohle.” (1 Timothea 4:15, Phillips) Joaloka ntate ea buang le mora oa hae, Pauluse o ile a khothalletsa Timothea ea neng a se a ntse a finyella katleho hore a tsoele pele ka ho eketsehileng tšebeletsong. Mehleng ea Bibele leetsi la Segerike le reng “tsoelo-pele” le ne le hlile le bolela ho “fohla u e-ea pele,” le hopotsa motho ha a fohla lihlahla. Ka linako tse ling ho kena sekolo ho ka ’na ha e-ba joalo. Empa ho tla ba bonolo haholoanyane ho qeta tsela ea sekolo haeba u nahana hore qetellong moputso e tla ba o molemo.

Boiteko, tšusumetso le ho ithuta lia tsamaisana. Ka mohlala: Nahana ka motho ea letsang seletsa sa ’mino. Haeba a se rata, o se letsa haholo. Ha a ntse a se letsa haholo, o ntse a ntlafatsa, e leng ho eketsang thabo ea hae. Ha re ntse re ithuta ka ho eketsehileng, ho ntse ho e-ba bonolo haholoanyane ho ithuta. Kahoo, u se ke ua nyahamisoa ke mosebetsi oa hao oa sekolo. Etsa boiteko bo hlokahalang, tloaelana le ba tla u thusa hore u ipabole, ’me u hopole mantsoe a Azaria ho Morena Asa oa boholo-holo: “Matsoho a [hao] a se ke a tepella; hobane moputso o tla ba teng bakeng sa seo [u] se etsang.”—2 Likronike 15:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bacha ba nang le tšitiso ea ho ithuta ba ka ’na ba tobana le liphephetso tse ikhethang tabeng ena. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona Tsoha!, July 8, 1996, leqepheng la 28-30.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

U se ke ua tsilatsila ho buisana le tichere ea hao ka pakane ea hao ea ho ntlafatsa limaraka tsa hao

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Esita le haeba thuto e itseng e bonahala e se ea bohlokoa bo bokaalo, u rua molemo ho eona ka ho e tseba hantle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela