Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 4/8 maq. 23-25
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Ithuta ka Thata Sekolong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Ithuta ka Thata Sekolong?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Koetlisa Kelello
  • Khōlo ea Maikutlo le ea Moea
  • Ithute Tsela ea ho Ithuta
  • Sheba ka ’Nqane ho Lilemo tsa Hao tsa Sekolo
  • Nka Etsa’ng Hore ke Sebetse Hantle Lithutong Tsa Sekolo?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Nka Thusoa ke Eng Haeba ke sa Rate Sekolo?
    Bacha Baa Botsa
  • Nka Etsa Joang ka Mosebetsi oa Sekolo o Etsoang Lapeng o Mongata Hakaale?
    Tsoha!—1993
  • Na Nka Etsa Hamolemonyana Sekolong?
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 4/8 maq. 23-25

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Ithuta ka Thata Sekolong?

‘Boholo ba seo re ithutang sona sekolong ke khopolo e sa theoang ketsong. Ha se na molemo oa ’nete o sebetsang.’

‘Ha ke thahaselle mosebetsi oa sekolo o etsoang lapeng. Ke thahasella haholo lintho tse ling, joaloka lipapali le ho intša le metsoalle ea ka.’

‘Kea tseba hore ke tla kenela tšebeletso ea nako e tletseng, kahoo molemo oa ho sebetsa ka thata sekolong ke ofe?’

LITLHALOSO tse tšoanang le tsena hangata li etsoa ke bacha ha ba bua ka sekolo le mosebetsi oa sekolo o etsoang lapeng. Mohlomong le uena u na le maikutlo a tšoanang.

Ntle ho pelaelo, bacha ba bangata ha ba ka fuoa khetho pakeng tsa ho ithuta le boikhathollo, ba bangata mohlomong ba ka khetha boikhathollo. Ba bang ba ka ’na ba lakatsa eka ba ne ba ke ke ba ithuta ho hang. Ha ba nke ho ithuta e le ntho e tebileng; ha ba khone ho nahana hore ho ka etsa phapang efe bophelong ba bona. Ka lehlakoreng le leng, mohlomong u e mong ea batlang ho atleha sekolong empa u na le cheseho e nyenyane bakeng sa mosebetsi oa hao oa sekolo. U ka beha lebaka, ‘ha ke mofuta o ratang ho ithuta.’

Ho sa tsotellehe hore maikutlo, lithahasello, kapa tsebo tsa hao ke life, u ka khona ho atleha sekolong. Empa u lokela ho ba le tšusumetso ea ho etsa joalo. ’Me ho hlahloba melemo eo u ka e fumanang ha u ithuta ka thata ho ka neha tšusumetso ea hao matla.

Ho Koetlisa Kelello

Boholo ba seo u ithutang sona sekolong bo ka bonahala bo se bohlokoa bophelong ba hao hona joale. Ntle le haeba u rera ho sebetsa joaloka rasaense, mohlomong u ke ke ua sebelisa haholo nakong e tlang lithuto tsa physics tseo mohlomong tichere ea hao e entseng hore u ithute tsona. Hape, ha ho bonahale hore joaloka motho e moholo u tla ba le tlhoko ea ka mehla ea maetsi a hokelang kapa ho sebetsa ka likhutlo tse tharo tsa mahlakore a sa lekaneng. Ua botsa: ‘Kahoo, molemo oa ho ithuta lintho tseo tsohle ke ofe?’

Lebaka le leng ke hore, sekolo se u neha monyetla oa ho fumana tsebo e molemo e akaretsang ea lithuto tse sa tšoaneng, joaloka histori, libuka tse baloang, saense, jeokrafi le lipalo. Motheo ona o batsi oa tsebo o ka eketsa kutloisiso ea hao ka lefatše le u pota-potileng le ho rala motheo oo ho oona ho ka eketsoang boitsebiso bo bong bo khethehileng. Liproverbia 14:6 e re: “Tsebo e fumanoa ka bonolo ke ea masene.”

Bukeng ea hae Savoir étudier (Ho Tseba Mokhoa oa ho Ithuta), Robert Bosquet o hlalosa ka ho eketsehileng hore matla a ho ithuta ao kelello e ka a finyellang “a lokela ho sibolloa mohato ka mohato le ho sebelisoa.” Oa eketsa: “Ke ntho e tloaelehileng hore ’mampoli oa lipapali o tla finyella liphello tse molemo feela ka mor’a nako e telele ea boikoetliso e leng nakong eo a tla tseba tsela ea ho sebelisa matla a hae ka ho felletseng. . . . Ho tseba ho ithuta ke hona hoo: ho sebelisa hoo u ka ho finyellang ka ho felletseng, ho fumana liphello tse molemohali, ka nako e khutšoanyane le ka matla a manyenyane.”

Ka hona, mosebetsi oa sekolo o etsoang lapeng o ka bitsoa koetliso ea boko. Buka How to Study e re: “Boko ke . . . tšebetso e rarahaneng ka ho fetisisa, ha e ntse e rarahana haholo le ho kopana ’moho haholoanyane ke moo bo sebetsang hamolemo le kapele.” Likabelo tsa sekolo li ka u thusa ho leotsa matla a hao a ho tsepamisa mohopolo tabeng, ho beha mabaka, ho hopola, ho hlahlobisisa bothata le ho etsa liqeto tse nang le kelello.’

Khōlo ea Maikutlo le ea Moea

Lilemo tsa hao tsa sekolo e boetse ke nako ea khōlo ea maikutlo le ea moea. U hōlisa mekhoa le maikutlo tse tla lekanyetsa haholo hore u tla ba motho e moholo oa mofuta ofe. Na u tla ba motho ea mafolo-folo, ea khothetseng, ea tsebang ho itaea, le ea tšoanelehang—motho eo mohiri a ka batlang ho mo hira? Ho ikoetlisa ka bouena hona joale hore u be le mekhoa e metle ea mosebetsi le ea ho ithuta ho tla ba le melemo ea nako e telele bophelong. (Bapisa le Liproverbia 22:6.) Har’a lintho tse ling, ho ka ba le tšusumetso e matla bokamosong ba hao litabeng tsa moruo le litebellong tsa ho fumana mosebetsi. Likhoebo tse ngata li sebelisa tlaleho ea katleho ea sekolo joaloka pontšo ea seo mokōpi a ka se etsang mosebetsing.

Mekhoa ea hao ea ho ithuta e boetse e ama khōlo ea hao ea moea. Jesu o rutile hore motho o lokela ho rapela Molimo ka ‘khopolo ea hae eohle.’ (Mareka 12:30) Sena se bolela hore bahlanka ba Molimo, ba bacha le ba baholo, ba tla hloka ho sebelisa likelello tsa bona ka matla ho fumana tsebo eo Jehova a etsang hore ba e fumane le ho utloisisa kamoo ba ka e sebelisang bophelong ba bona.—Johanne 17:3; 1 Timothea 4:7.

Sylvie, moroetsana oa Fora o hlokometse: “Ke e bona ho bacha ba bang bao e leng lithaka tsa ka, mekhoa ea ho ithuta eo ba neng ba e-na le eona sekolong e ile ea fetela le mekhoeng ea thuto ea botho ea lintho tsa moea. Ba sa kang ba ithuta ho rata ho ithuta sekolong le thuto ea botho ea Bibele ba ne ba sa e thahaselle.” Liproverbia 10:4 e re: “Ea letsoho le botsoa o tla fumaneha, empa letsoho la sekhothali le tla se ruisa.” Hona ho ipakile e le ’nete ho Sylvie ka kutloisiso ea moea. Mekhoa ea hae e metle ea ho ithuta e entse hore ho be bonolo hore a tebise kutloisiso ea hae ea Bibele. Hona ho ile ha mo hlomella bakeng sa pakane ea hae joaloka ’moleli oa evangeli oa nako e tletseng.—Bapisa le Pesaleme ea 1:2, 3.

Ithute Tsela ea ho Ithuta

Empa ho thoe’ng haeba u se motho ea ratang ho ithuta? Hlokomela hore phapang e khōlō pakeng tsa seithuti se setle le seithuti se seng setle ke ho khothala—e seng ho hlalefa. Sylvie oa lumela: “Ke ne ke se na bohlale ba tlhaho joaloka liithuti tse ling. Hore ke etse hantle sekolong, ke ne ke hlile ke lokela ho sebetsa ka thata hore feela ke fumane lintlha tse khotsofatsang.” Le hoja sekolo se ne se se bonolo bakeng sa hae, Sylvie o ile a etsa boiteko bo khothetseng; ha a ka a ithuta feela tsela ea ho ithuta empa hape o ile a ithuta le kamoo a ka ho thabelang ka teng. O re: “Hobane e ne e se e fetohile tloaelo, ho ithuta le ho batlisisa taba e itseng e ne e se mosebetsi o moholo. Ke ile ka ithuta ho ho etsa ka mokhoa oa tlhaho.”

Bukeng ea hae How to Study, Harry Maddox o re: “Bohlale ka bobona ha boa lekana. Liithuti tse ngata tse bohlale li hlōleha ho pasa . . . hobane li sa etse mosebetsi o lekaneng, kapa hobane ha lia ka tsa ithuta tsela ea ho ithuta ka mokhoa o atlehang.” Oa eketsa: “Mekhoa ea ho ithuta e atlehang ke e tšoanelang ho ithutoa e seng feela bakeng sa morero oa ho ithuta hona joale, empa hobane mekhoa ea hao ea mosebetsi e tla ba ho uena bophelo ba hao bohle.”

Ka tloaelo batho ba thabela ho etsa lintho tseo ba li etsang hantle—’me ba sekamela ho qoba lintho tseo ba sa li etseng hantle. Mohlomong ha u rate mosebetsi oa sekolo, hobane u e-s’o hlaolele tsebo ea hao ea ho ithuta ka ho lekaneng ho etsa hore mosebetsi oa hao e be o thabisang. Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa lebise tlhokomelo tabeng ea ho ithuta tsela ea ho ithuta? Ho fanoe ka boitsebiso bo thusang khaolong ea 18 ea buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.a

Sheba ka ’Nqane ho Lilemo tsa Hao tsa Sekolo

Liithuti tse ngata li hlokomoloha lithuto tsa tsona feela hobane li mpa li batla ho etsa ho hong—joaloka ho thabela monyaka. Empa Liproverbia 21:17 ea lemosa: “Ea hlanyetsang menyaka e tla ba mohloki.” Boikhathollo le phomolo li na le sebaka sa tsona. (Moeklesia 3:1, 4) Leha ho le joalo, ho ithuta e tšoanetse ho ba e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong ha u sa le sekolong. Lintlha tseo u li fumanang li tla itšetleha haholo ka hore ke boiteko bo bokae boo u ikemiselitseng ho bo etsa. Liproverbia 14:23 e re: “Mosebetsi ka mong o na le moputso.”

Hona ha ho bolele hore u tla rata lithuto tsohle kapa likabelo tsa sekolo tseo u li fuoang. Empa u ka leka ho sheba thuto ea hao joaloka tsela e molemo ea ho finyella sepheo—ho fumana tsebo le mahlale tse tla u thusa ho phela bophelo bo molemo le bo putsang. Ke ’nete hore, litlhokahalo tsa thuto le maemo a moruo a fapana haholo ho ea ka linaha. Esita leha ho le joalo, batho ba bangata ba bacha ba tlohela sekolo ntle ho ho fumana leha e le mekhoa ea ho ithuta ea motheo; ba iphumana ba sa lokela kapa ba sa tšoanelehe bakeng sa mesebetsi ea mefuta e mengata. Hobane’ng? Hobane ha ba ka ba ikitlaetsa ka matla ha ba sa le sekolong.

U se oele lerabeng lena! Sheba ka ’nqane ho lilemo tsa hao tsa sekolo ’me u rere kamoo u tla itlhokomela ka teng ka mor’a ho qeta sekolo. Mohlomong ka letsatsi le leng u tla ba le boikarabelo ba ho hlokomela lelapa. (1 Timothea 5:8; bapisa le Liproverbia 24:27.) Joaloka bacha ba bangata har’a Lipaki tsa Jehova, e ka ’na eaba le uena u ntse u rera ho sebetsa joaloka ’moleli oa evangeli oa nako e tletseng. U tla ’ne u lokele ho itlhokomela mohlomong esita le ho hlokomela le lelapa. Kahoo, nahanela pele. Nako e telele pele u qeta sekolo, leka ho batlisisa hore ke mefuta efe ea mesebetsi ea nakoana e fumanehang moo u lulang. Ho sebetsa ka thata mosebetsing oa sekolo ho ka u thusa ho hlaolela tsebo e hlokahalang ea ho fumana mesebetsi e joalo.

Ho sa tsotellehe hore merero ea hao ea nakong e tlang ke efe, ho na le kelello ho ithuta ka thata sekolong. Che, mohlomong u ke ke ua finyella boemo ba ho ba ea ka holimo klaseng ea lōna. Empa u ka ithuta ho rata ho ithuta. Ho feta moo u ka hlaolela tsebo, bohlale le mekhoa e tla u tsoela molemo bophelong ba hao bohle.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Tsebo ea ho ithuta eo u e hlaolelang ha u sa le sekolong e tla u tsoela molemo bophelong ba hao bohle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela