Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 4/8 maq. 26-29
  • “Meokho ea Thabo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Meokho ea Thabo”
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ruri Jehova oa Utloisisa o Bile o Tsotella Ka ho Tebileng”
  • “Hona Joale ke Lumela hore Bophelo ke Ntho ea Bohlokoa”
  • “Ke Ntšitsoe Teronkong!”
  • “Ka Tšohanyetso ke Boetse kea Phela!”
  • “Ba Bang ba ka Lebala, ba Bang ba ke ke”
  • Ho Toba Boemo ba Sebele
  • Ho Tsoa ho Balebeli
  • “Nako ea ho Fola”
    Tsoha!—1991
  • Bohloko bo Ipatileng ba ho Hleka-hlekoa ha Bana
    Tsoha!—1991
  • Jehova o Bontša Hore ke Molimo ea Lerato le ea Nang le Toka Lefatšeng le Tletseng Bokhopo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Thibelo Ka Lapeng
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 4/8 maq. 26-29

“Meokho ea Thabo”

Babali ba Hlalosa Kananelo ea Bona e Tebileng Mabapi le “Ho Folisa Bohloko ba ho Hleka-hlekoa ha Bana”

LETOTO la haufinyane la lihlooho tsa makasine oa Tsoha! le ile la susumetsa babali ba bangata lefatšeng lohle hore ba hlalose kananelo ea bona e tsoang botebong ba pelo bakeng sa letoto lena la lihlooho la “Ho Folisa Bohloko ba ho Hleka-hlekoa ha Bana” tse ho Tsoha! ea October 8, 1991. Likarabelo tsa bona li bontšitse hore boitsebiso bona bo lokiselitsoeng ka hloko bo finyelletse morero oa bona, o neng o le hararo: (1) ho fa bahlaseluoa kutloisiso le tšepo; (2) ho lemosa batsoali e le hore ba ka falimehela tšireletseho ea bana ba bona; (3) ho thusa baholo hore ba thuse bahlaseluoa ba ho hleka-hlekoa ka ho ba le boitsebiso bo molemo haholoanyane e le hore ba ka fana ka thuso e molemo.—Liproverbia 21:13; bapisa le 27:23.

Ntlha ea sehlooho e ileng ea pheta-phetoa ke babali ba bangata e emeloa hantle ke polelo ena: “Ka mehla ke ’nile ka ananela ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, kananelo le lerato la ka bakeng sa Jehova le ‘lekhoba la hae le khabane le bohlale’ (Mattheu 24:45-47) e eketsehile halekholo ka mor’a hore ke bale tokollo ea Tsoha! ea October 8, 1991.”

“Ruri Jehova oa Utloisisa o Bile o Tsotella Ka ho Tebileng”

Lenane le leholo le ile la bontša teboho ea lona bakeng sa karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea lihlooho tsena: ea hore Molimo oa mamela, oa tsotella, oa tseba hore mohlaseluoa o ne a se na molato, le hore o ka fana ka phekolo. ’Mali e mong oa bolela: “Ke leboha ho tloha botebong ba pelo ka Tsoha! ea October 8. Lihlooho tsena tsa lōna li ile tsa nthusa hore ke bone hore Jehova o hlile oa utloisisa ’me o tsotella ka ho tebileng.”—Brithane.

Mosali e mong oa ngola: “Likhoeling tse seng kae tse fetileng ke ne ke batla ho le kōpa hore le ngole ka taba ea ho folisa bohloko ba ho hleka-hlekoa ha bana. Ha kea ka ka ngola empa ho e-na le hoo ke ile ka rapella taba ena ho Jehova. Kahoo, le ka inahanela hore na ke hobane’ng ha ke ile ka thaba hakana ha ke bona sekoahelo sa tokollo ea October 8. Ke ile ka lla, ’me ka leboha Molimo oa rōna o lerato, Jehova, ho tloha botebong ba pelo.”—Greece.

E mong o re: “Ha ke nahana ka seo ke ileng ka lokela ho feta ho sona, ke lla habohloko. Ke ka baka leo ke ileng ka bala letoto lena la ‘Ho Folisa Bohloko ba ho Hleka-hlekoa ha Bana ka hloko,’ ’me ke fumane hore le na le molemo o moholo le thuso e khōlō. Le bontša ka ho hlakileng hore le na le thahasello e lerato ho ba ileng ba angoa ke lintho tse joalo bophelong ba bona.”—Italy.

Ba bangata ba ile ba bontša mohopolo ona: “Ke leboha Jehova ha a fane ka boitsebiso bona, lihlooho tse molemohali tseo nkileng ka li bala ka taba ena. Ke rapella hore lihlooho tsena li se ke tsa thusa bahlaseluoa (mahlatsipa) feela empa li thuse le ba bileng le tšabo e tepelletsang maikutlo ea ho tobana le bothata bona ’me ba fumana ho le thata ho bua ka taba ena.”—United States.

“Hona Joale ke Lumela hore Bophelo ke Ntho ea Bohlokoa”

Mosali eo morali oa hae a ileng a hleka-hlekoa o ne a e-s’o khone ho sebetsana le bothata ba ho hleka-hlekoa hoo ka katleho maikutlong. O ile a hlalosa: “Empa lihlooho tsena tsa lōna li ile tsa mpontša tsela e nepahetseng. Ke ’nile ka fumana phekolo ea beke le beke ea lefu la kelello ka likhoeli tse 11 ka baka la ho tšoenyeha kelellong, ho hlaseloa ke tšabo, le ho tepella maikutlo. Lihlooho tseo li entse ho hongata ho ’na ho feta se entsoeng ke phekolo efe kapa efe ea lefu la kelello e leng teng lefatšeng lohle! Hona joale ke lumela hore bophelo ke ntho ea bohlokoa, athe pele ke bala tokollo ena, ke ne ke ntse ke ikutloa ke le molato oa ntho eo ke neng nke ke ka e thibela.”—Brithane.

Ba bangata ba bolela hore boitsebiso bona bo tlisitse phetoho bophelong ba bona: “Liteboho tsa ka ha lia lekana ha li bapisoa le melemo eo ke e fumaneng lihloohong tsena. Li tlile nakong eo ke neng ke tetebetse haholo. Ka matsatsi a mang ke ne ke ee ke iphine sekolokoto ebe ke lla haholo. Ke leboha lihlooho tsena, tseo ke li balileng ka ba ka li pheta-pheta, ke khona ho bona hore bohloko ba ka, le ba e mong le e mong, ke ba bohlokoa ho Jehova le phutheho ea hae. Boitsebiso bona bo mphile matla a hore ke qale ho fola. Ke se ke ntse ke ikutloa ke le haufinyane le Jehova hape.”—United States.

Empa ho hleka-hlekoa ha bana hase bothata ba linaha tsa ka Bophirimela feela, joalokaha mohlala ona o bontša: “Ha ke ne ke fumana tokollo ena ea October 8 e buang ka ho hleka-hlekoa ha bana, ke ile ka e bala hang-hang. Ho ile ha nkuka nako e telele hore ke bale lihlooho tsena ka baka la ho ba le bothata ba ho bona mantsoe ka mahlo a tletseng meokho! Maikutlo a ka le mehopolo li ne li boletsoe lihloohong tsena. Hona joale ke thabile hore ebe ho na le motho ea utloisisang. Ke ile ka khothatsoa ke ho bona kamoo ka mosa Jehova a thusang batho bao mahlomola a bona a sa bonoeng ke ba bang ka teng. Ruri ke leboha haholo ha le hatisitse lihlooho tsena. E le hore bohloko ba ka bo ka fola, ke tla tsoela pele ho sebelisa se ngotsoeng lihloohong tsena. Ka lerato le teboho eo ho seng mantsoe a ka e hlalosang.”—Japane.

E mong oa ngola: “Bophelong bohle ba ka ke ’nile ka loana le bohloko ba maikutlo bo bakiloeng ke ho hleka-hlekoa ha ke ne ke sa le ngoana. Ha ke fumana makasine oa October 8, ke ile ka etsa qeto ea hore Jehova o tseba seo re se hlokang le pele re se hloka ’me ka sebele oa re rata. Ke ne ke sitoa ho bona hantle ka baka la meokho e neng e tletse ka mahlong a ka, ’me ke ile ka ikutloa eka pelo ea ka e tla tloha e qhasholoa ke lerato le kananelo bakeng sa Ntate oa rōna ea lerato. Tokollo ena ea October 8 ea makasine ke tla e nka e le ea bohlokoa ‘ho fihlela lintho tsa nako e fetileng li se li sa hopoloe, leha e le hona ho khutlela pelong.’” (Esaia 65:17)—United States.

“Ke Ntšitsoe Teronkong!”

Mosali ea ileng a tšoenyeha ka nako e telele oa ngola: “Kea leboha ka lihlooho tsena tse buang ka ho hleka-hlekoa ha bana. Qetellong, ha ke le lilemo li 53, ke ntšitsoe teronkong! Senotlolo se ileng sa mpulela ke polelo e bontšang hore bahlaseluoa bana ba banyenyane ‘ha ba na matla a ho itšireletsa ha ba tšosoa, kahoo Molimo ha o nke hore baa ikarabella.’” Ho bala Tsoha! ea October 8 le ho utloisisa hore joalokaha makasine ona o ile oa bontša, “E NE E SE MOLATO OA HAO!” ho ile ha mo thusa hore a sebelise thekollo ea sehlabelo sa Jesu ha a qala tšebetso ea ho ipholisa.—Brithane.

Mosali e mong o re: “Ho tloha ha ke sa le monyenyane hofihlela lilemong tsa ka tse qalang tsa sekolo sa mathomo, ke ’nile ka hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ka makhetlo a mangata. Joalokaha ho boletsoe lihloohong tsena, ke ile ka lokoloha kelellong. Leha ho le joalo, mehopolo ena e ne e ntse e khutla. Ke ’nile ka nahana hangata: ‘Ke motho ea silafetseng. Le ka mohla Jehova a ke ke a nkamohela.’ Kahoo thapelo ea ka ho Molimo e ’nile ea e-ba: ‘U ka ’na oa se ke ua mpha sebaka Paradeiseng, empa bonyane ak’u ntumelle hore ke lule ka har’a mokhatlo oa hao o hlophisitsoeng hofihlela ke e-shoa.’ Sena se bakoa ke ho nahana joaloka bahlaseluoa bao ho builoeng ka bona lihloohong tsena, hore ‘ha ke hlile ha kea hloeka ka ho lekaneng hore nka kena ’Musong oa Molimo’ le hore ke tla shoa ka Harmagedone. Ho ne ho le joaloka hoja maikutlo a lihlong le masoabi a ne a ntimetsa. Kahoo, litaba tse leng ka har’a lihlooho tsena, tse bileng mofuthu li bile li le bonolo haholo, li nthusitse haholo. Ha ke ntse ke li bala, meokho ea ka e ile ea tšoloha.”—Japane.

E mong o re: “Ke rata ho le leboha ka ho nahanela ha lōna le lihlooho tse nang le litaba tse batlisisitsoeng hantle. Ka lilemo tse ngata, bohloko ba ho hleka-hlekoa bo ’nile ba mpherekanya maikutlo. Ho bonolo hore ba bangata ba ka utloisisa ho hlekefetsa le ho hlokofatsa ha ntoa le pherekano ea lipolotiki. Re utloela baphonyohi ba Thipitlo eo bohloko. Ho bonolo ho utloisisa bokhopo bo etsoang ke batho bao eseng ba habo rōna. Leha ho le joalo ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa utloisise ha bo etsoa ke bo-ntate, bo-’mè, bo-rangoane, bo-khaitseli, banaba’bo rōna—ba neng ba lokela ho re tšelisa, ho re hōlisa, le ho re sireletsa? Ke bone mabali a maqeba a ka ka ba ka lemoha tšenyo e bakoang ke ho hloka tšepo. Ke folisitsoe ke ntate oa ka oa moea, Jehova, eo nako le nako a ileng a nthola ke lahlehile, a mpoloka tšenyehong.”—United States.

“Ka Tšohanyetso ke Boetse kea Phela!”

Mosali ea bolelang hore ka lilemo tse 28 o ne a ikutloa joalokaha eka o ne a lahliloe o ngotse: “Ke ile ka qeta ho bala lihlooho tsena mantsiboeeng ao ke ileng ka fumana tokollo ena ka ’ona ’me ka lla hobane ke ne ke amehile ke bile ke leboha haholo. Ke thabile haholo ha ke nahana hore Jehova o utloisisa boikutlo ba ka ka ho hlakileng. Ke ikutloa joalokaha eka ka tšohanyetso ke boetse kea phela! Hobane lihlooho tsena li hatisa hore ngoana ea leng boemong boo ha a ikarabelle bakeng sa se etsahalang, ke hlokomela hore ho hang ha ke na lebaka la ho ikutloa ke le molato. Kelello ea ka e phomotse e le ka ’nete.” Pelo ea hae e ne e susumeletsehile ho arabela phekolong e tsoang Lentsoeng la Molimo.—Japane.

Ho betoa ha bana le hona ke bothata linaheng tse hōlang moruong, joalokaha ho totobetse karabelong e tšoanang e tsoang Afrika: “Lihlooho tsena li tlile ka nako eo ke neng ke li hloka ka ho fetisisa. Ho bala lipolelo tse joalo ka tsena ebile thuso e kaakang, ‘kholiseha hore ho na le tšepo, ea hore u ka fola’ le, ‘E NE E SE MOLATO OA HAO!’ Ha ke bala lihlooho tsena, ke ile ka hla ka ikutloa ke sireletsehile ke bile ke tšelisehile ka lekhetlo la pele bophelong ba ka. Li ntliselitse matšeliso a sebele kelellong, sephefumolohing, le ’meleng. Hona joale ke tla ba le matla a ho hlaphoheloa.”—Nigeria.

E mong oa ngola: “Mantsoe a ke ke a lekana bakeng sa ho hlalosa kananelo ea ka le kamoo ke ileng ka ikutloa ka teng ka mor’a ho bala Tsoha! ea October 8 e buang ka ho hleka-hlekoa ha bana. Mahlo a ka a ile a tlala meokho ha ke ntse ke bala serapa ka seng, leqephe ka leng, lengolo ka leng. E ngotsoe ka mokhoa o bontšang ho nahana ho hongata, bonolo, le lerato. Joaloka mohlaseluoa, Ke ’nile ka loana le maikutlo a ka le boikutlo. Hona joale ke ikutloa hore tekanyo e itseng ea moroalo oa bohloko e tlositsoe. Ke leboha lihlooho tsena tsa lōna le ka motsoalle ea tšepahalang, ea nang le mamello ea mamelang le ea ntšehelitseng, nka lumella pholiso hore e qale.” Molimo oa mehauhelo eohle, u tla ‘tiisa’ a be a fe bahlaseluoa ba joalo ba bangata “matla.” (1 Petrose 5:6-11)—United States.

Mohlaseluoa e mong oa likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba amanang haufi o ne a ferekane hoo a ileng a leka ho ipolaea ka ho icheselletsa ka karacheng. O ile a ntšoa ’me a kenngoa sepetlele. Hang ha tokollo ea October 8 e tsoile, e ile ea isoa ho eena. O ile a lla haholo ha a e bala, ’me a boela a bala lihlooho tsena a li pheta-pheta bakeng sa hore li mo tšehetse, le ho mo thusa hore a hlōle mehopolo ea ho ipolaea. Motsoalle oa hae ea ileng a mo thusa haholo o ile a ngola: “Ka linako tse ling ke nahana hore Tsoha! e lokela ho reoa Ho Sebetsana ka Katleho hobane ruri ke seo e re thusang ho se etsa.”—United States.

“Ba Bang ba ka Lebala, ba Bang ba ke ke”

’Mali e mong ea ananelang o re: “Lihlooho tse buang ka ho hleka-hlekoa ha bana ke tse leka-lekaneng hakaakang. Ke ananela mangolo a sebelisitsoeng. Lihlooho tsena li ngotsoe hantle hoo ke le babatsang bakeng sa serapa se seng le se seng. Ke leboha hore ebe le bontšitse hore le hoja ba bang ba ka lebala, ba bang ba ke ke. Ka lilemo tse tharo ke ’nile ka ba le litšoantšo ka kelellong tsa se ileng sa etsahala le mahlaba ’meleng a tsamaeang le mohopolo o mong le o mong. Empa kea hlaphoheloa ka ho ithuta ho sebetsana le litšoantšo tsena tse leng ka kelellong. Ke boetse kea le leboha ka letoto leo le leka-lekaneng ka mokhoa o babatsehang.” (United States) Lihlooho tsena tse theiloeng Mangolong li thusitse mohlaseluoa enoa, le ba bang ba bangata, hore ba boele ba ithabele litokisetsong tsa Jehova tsa moea.—Ba-Filippi 4:4-9.

Mosali e mong oa ngola: “Ke bile ’mali oa makasine oa Tsoha! ka lilemo tse ngata, leha ho le joalo, ha ho sehlooho se kileng sa nkama ho feta kamoo ke ileng ka angoa ke letoto la ‘Ho Folisa Bohloko ba ho Hleka-hlekoa ha Bana.’ Taba ena e thata, empa le ile la sebetsana le eona ka masene le ka mosa o lerato. Kaha ke bile ngoana ea ileng a hleka-hlekoa, e ile ea nthusa le ho ntšelisa haholo. Ke tla boloka makasine ona e le hore nka o bala hangata. Ruri ha ke na mantsoe a lekaneng a ho le leboha bakeng sa nako, boiteko, temohisiso, ’me ka holim’a tsohle bakeng sa lerato leo le le bontšitseng bakeng sa ba utloang bohloko ba ntse ba khutsitse.”—United States.

Ho Toba Boemo ba Sebele

Hore ebe bahlaseluoa ba ke keng ba lebala litlōlo tsa molao tse entsoeng khahlanong le bona ba lumelloa ho bua le moholo ea nang le kutloelo-bohloko, ea sebetsanang le bothata ka tsela e tobileng, ea bonang kamoo Jehova a talimang taba ena, le ea sebetsanang le eona ka tsela ea Mangolo e le hore pholiso ea matla a thekollo ea Jesu e ka etsahala ho ipakile ho ba ho thusang haholo. Mabapi le taba ena, mosali e mong o re:

“Ke sitoa ho hlalosa hore na lihlooho tsena li bile nakong hakae. Ruri ke ne ke sa nahane hore boitsebiso bona bo nepahetse hakana. Ke ile ka tšoenngoa ke ho tepella maikutlo le takatso ea lijo e sa laoleheng ka lilemo tse 20, ke ile ka batla thuso le likarabo hohle: Ho lingaka tsa mafu a kelello, litsebi tsa kelello, lingaka tsa meriana, lingaka tsa mafu a kelello tse sa phekoleng ka meriana, litleleniking tse sebetsanang le ho ota—kaofela ha tsona ha lia ka tsa nthusa.

“Empa hona joale ke fumana thuso boitsebisong bo joaloka bo fumanoang tokollong ea October 8. Bo hlokahala haholo. Ke sitoa ho le bolella boikutlo ba ho hloka tšepo boo ke nang le bona ka linako tse ling, bo sithabetsa hoo lefu le neng le ka bonahala e le tharollo e molemo. Empa hona joale kea bona hore se ileng sa nketsahalla ha ke le ngoana e ne e se molato oa ka, hore Molimo ha o nahane hore ke litšila. Ke ne ke le mohlaseluoa. Ka baka la boitsebiso bo kang bona, kea bona hore Jehova oa tsotella, hore nka mo tšepa. Ka mor’a lilemo tse 33 tsa ho phela, ke utloa moea oa Jehova o qala ho fasolla liketane tsa botlamuoa. Kea le leboha ha le re rata ka ho lekaneng hoo le ileng la etsa boiteko ba ho hlahisa letlōtlo lena le babatsehang hakana ho Tsoha! Ke kōpa hore le tsoele pele ho hatisa lihlooho tsa mofuta ona le tse ling, hobane ke tsa bohlokoa bakeng sa bomoea ba rōna.”

Lengolo le latelang le tsoang ho monna e mong le akaretsa maikutlo a ba bangata. O ’nile a tšoenyeha ka lilemo tse fetang 50 ka baka la bohloko ba ho hleka-hlekoa ha e sa le ngoana. O re: “Tlhokomelo e lerato eo Jehova a fanang ka eona ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng le ka mohla e ke ke ea lesa ho re makatsa le ho re susumelletsa boinehelong bo tebileng haholoanyane le ho mo tšepa. Ka mor’a ho ithuta ka hloko boitsebiso bo ho Tsoha! ea October 8, 1991, e buang ka ho hleka-hlekoa ha bana, ke ile ka llisoa ke thabo ka ba ka binela Jehova, lefika le qhobosheane, setšabelo sa rōna ke sa tsoa bina. Le ’ne le hatise lihlooho tse kang tsena, baena. Jehova o le sebelisa ka litsela tseo le ke keng la li nahana.”

Ho Tsoa ho Balebeli

Se thahasellisang ke lengolo lena le tsoang ho molebeli ea tsamaeang ea hlokomelang mosebetsi oa liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse ’maloa:

“Ke le leboha ka Tsoha! ea October 8 e buang ka ‘Ho Folisa Bohloko ba ho Hleka-hlekoa ha Bana.’ Ho fanoe ka boitsebiso bo molemo ka ho fetisisa boo re hlileng re bo hlokang. Lihlooho tsena li opile khomo lenaka. Nako le nako ke ile ka hlokomela hore bahlaseluoa ba na le bothata ba ho bolella Jehova joaloka Ntate ea lerato. Ha ke lemoha bothata bona, ke ee ke ba botse ka bohlale, ‘Na o ile oa tšoaroa hampe ha u sa le ngoana?’ Karolo e khōlō ea nako, karabelo ke e! boemong bo bong le bo bong boo ho bona motho a neng a khona ho lemoha kamano pakeng tsa ho hleka-hlekoa le tsela eo ho tepella maikutlo kapa ho ferekana ho mo amang ka eona, ba ile ba qala ho ntlafatsa.”

Se akaretsang maikutlo a baholo ba bangata ke polelo ena e entsoeng ke e mong: “Tokollo ea October 8 e buang ka ho hleka-hlekoa ha bana e bile molemo haholo ’me ea hlokahala. Joaloka baholo ka liphuthehong, ho hlokahala hore re tsebe ho hongata hoo re ka khonang ho ho tseba ka mathata ana e le hore re ka bontša kameho le ho ba le mamello eo bahlaseluoa ba e hlokang. Ha tsamaiso ena e ntse e mpefala, mathata a mofuta ona a ntse a ata. Re le leboha hape ka thuso ena.”

Ho fumana mangolo a joalo ho re futhumalitse lipelo. Ha ba utloisisa ka ho felletseng hore ‘e ne e se molato oa bona,’ ’me ka matla a fetolang a Lentsoe la Molimo, bahlaseluoa ba joalo ba ho hleka-hlekoa ha bana ba sebetsana ka katleho le mehopolo e sa thabiseng. Ba ithabela tšepong e ka pele, ba kholisehile hore lefatšeng le lecha la Molimo, “tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong.” (Esaia 65:17; Ba-Roma 12:12) Le hona joale, ka matla a phekolang a mali a Jesu, ba na le boemo bo hloekileng pel’a Molimo. (Ba-Heberu 9:14) ’Me ho hlokahala hore ba ee ho baholo bakeng sa thuso. Baholo ba ka sebetsa joaloka “tširelo ha moea o foka” ba tšelisa ba hlokang, le ho rapela le bona. (Esaia 32:2; 1 Ba-Thessalonika 5:14; Jakobo 5:14, 15) Kahoo, bahlaseluoa ba ho hlekoa-hlekoa ba ka thusoa hore ba tsoele pele ho fumana thabo mesebetsing eohle ea phutheho ea Bokreste.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela