Na ho ba Lekhoba la Tahi ho Futsitsoe?
Ho latela phuputso ea morao tjena e tlalehiloeng ho The Journal of the American Medical Association, bo-rasaense ba nahana hore maemong a batho ba bang, tšekamelo ea ho ba lekhoba la tahi e ka futsoa ka ho fetisoa ke phatsa e itseng ea lefutso. Phuputso eo e hlalosa hore e khethollotse phatsa ea lefutso e behang batho kotsing ea ho fetoha makhoba a tahi. Leha ho le joalo, bo-rasaense ba lemosa hore ha ho phatsa ea lefutso leha e le ’ngoe e lebisang bokhobeng ba tahi. Moeta-pele oa sehlopha sa bafuputsi o itse: “Morena ea lokileng haa etsa phatsa ea lefutso e etsang hore motho e be lekhoba la tahi, empa e entsoe ke motho eo ho bonahalang a amehile boitšoarong ba ho batla monyaka.”
Tlaleho e ile ea tsoela pele: “Bafuputsi ba bolela hore ha ho phatsa ea lefutso, ho akarelletsa le ena, e bakileng mefuta eohle ea bokhoba ba tahi. Ba boletse hore batho ba bang ba nang le phatsa ena ea lefutso bao ba entseng phuputso ka bona ha baa ka ba fetoha makhoba a tahi ha ba bang ba haelloang ke eona ba ile ba fetoha makhoba a tahi . . . Mabaka a kahisano le moetlo a ka baka mathata ho batho ba bangata bao e leng makhoba a tahi.”