“Nako ea ho Fola”
Ann o ne a bontša kutloelo-bohloko ho bohle ba nang le mathata; o ne a thusa motho e mong le e mong ea nang le bothata. O ne a bonahala a tsitsitse a bile a se na bofokoli ba letho, a sa bontše letšoao leha e le lefe la ho ba le bohloko bo ipatileng ba maikutlo, ho fihlela ka tsatsi le leng ha a qala ho hopola. Ann oa hopola: “Ke ne ke le mosebetsing ’me ke ile ka qala ho utloa mahlaba le maikutlo a matla a ho hlajoa ke lihlong. Ke ne ke sitoa ho ema! Ke ile ka qeta matsatsi a mangata ke kula. Joale ke ile ka hopola ha ntate oa ka oa bobeli a ntlheka-hleka ka likamano tsa botona le botšehali—ha e le hantle, hoo e ne e hlile e le peto. ’Me ha hoa ka ha etsahala hanngoe feela.”
HO NA le “nako ea ho fola.” (Moeklesia 3:3, NW) Ho batho ba bangata ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa bongoaneng—ba kang Ann—ho hopola mehopolo eo e leng khale e patehile ke karolo ea bohlokoa ea tšebetso ea ho fola.
Empa, ke joang motho a ka lebalang ntho e sithabetsang joaloka ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali? Nahana kamoo ngoana a sitoang ho itšireletsa ka teng ha ntat’ae kapa motho e mong e moholo ea matla a mo atamela ka mokhoa oa likamano tsa botona le botšehali. A ke ke a baleha. A ke ke a hoeletsa. A ke ke a ba a bolella mang kapa mang! Leha ho le joalo, a ka ’na a tlameha ho kopana le motho ea mo hleka-hlekang letsatsi le leng le le leng le ho itšoara joalokaha eka ha ho letho le etsahetseng. Ho bontša boikaketsi bo joalo ho ne ho tla ba thata ho motho e moholo; e batla e le seo ngoana a ke keng a se khona ho hang. Kahoo o sebelisa matla a maholo a ho nahana ao bana ba nang le ’ona ’me o baleha bothata ka kelellong! O etsa eka ho hleka-hlekoa hoo ha hoa ka ha ba teng, o ho leleka kelellong kapa o etsa hore mecha ea hae ea kutlo e se ke ea ho utloa.
Ha e le hantle, nako le nako, kaofela ha rōna re hanela lintho tseo re sa batleng ho li bona kapa ho li utloa ho kena ka likelellong tsa rōna. (Bapisa le Jeremia 5:21.) Empa batho ba ’nileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ba sebelisa matla ana e le oona mokhoa oa ho tsoela pele ba ntse ba phela. Batho ba bang ba ’nileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa baa tlaleha: “Ke ile ka etsa eka seo se etsahala ho motho e mong le hore ’na ke ne ke mpa ke le moshebelli feela.” “Ke ile ka iketsa eka ke robetse.” “Ke ile ka sebetsa lipalo tsa sekolo ka hlooho.”—Strong at the Broken Places, ea Linda T. Sanford.
Ha ho makatse hore e be buka Surviving Child Sexual Abuse e re: “Ho hakanngoa hore batho ba etsang karolo ea 50 lekholong ba phonyohileng ho hleka-hlekoeng ha bana ka likamano tsa botona le botšehali ha ba tsebe liphihlelo tsena.” Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba hopola ho hleka-hlekoa hoo ka bohona empa ba hanela maikutlo a amanang le hona—ho utloa bohloko, khalefo e mabifi, lihlong.
Ntoa ea ho Leleka Mehopolo e sa Batleheng Kelellong
Na ho ke ke ha e-ba molemo ka ho fetisisa hore lintho tsee li lule li patehile—hore batho ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa ba mpe ba lebale ka tsona? Ba bang ba ka ’na ba khetha ho etsa joalo. Ba bang ba ke ke ba khona ho etsa seo. Ho joalokaha Jobo 9:27, 28 e re: “Haeba ke bososela ’me ke leka ho lebala bohloko ba ka, mahlomola a ka kaofela aa khutla ho tla ntšoenya.” (Today’s English Version) Ho leleka mehopolo e tšosang kelellong ke mosebetsi o boima oa kelello, ke ntoa e matla e ka ’nang ea ba le liphello tse tebileng bophelong bo botle ba ’mele.
Ha motho ea hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa a ntse a hōla, hangata likhatello tsa bophelo li fokolisa matla a hae a ho leleka phihlelo ea nakong e fetileng kelellong. Monkho oa setebela-lephoka, ho bona motho eo a mo tšoantšang, molumo o tšosang, kapa esita le tlhahlobo ea ngaka kapa ea ngaka ea meno li ka ’na tsa tsosa tlhaselo e tšosang ea mehopolo le maikutlo.a Na motho ha aa lokela hore a mpe feela a etse boiteko bo matla haholoanyane ba ho lebala? Che, ntlheng ena batho ba bangata ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa ba ikutloa ba imoloha ha ba leka ho hopola! Mosali e mong ea bitsoang Jill o re: ‘Hang ha mehopolo eo e khutla, e felloa ke matla a eona. Ho e hatella hore motho a se ke a e hopola ho bohloko ebile ho kotsi ho feta ho leka ho e ntša.’
Bohlokoa ba ho Amohela
Ke hobane’ng ha ho le joalo? Lebaka le leng ke hore ho hopola ho fa motho ea hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa monyetla oa ho sareloa. Ho sareloa ke tsela ea tlhaho ea ho arabela boemong bo sithabetsang; ho re thusa ho hlaphoheloa liketsahalong tse bakang mahlomola le ho tsoela pele re ntse re phela. (Moeklesia 3:4; 7:1-3) Leha ho le joalo, motho ea hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa ha aa ka a fuoa monyetla oa ho sareloa, o ile a qobelloa ho iphapanyetsa bonnete ba phihlelo ea hae e tšosang, a qobelloa ho hatella bohloko ba hae. Ho leleka mehopolo ka tsela eo ho ka ’na ha baka seo lingaka li se bitsang lefu la khatello ea maikutlo le hlahang ka mor’a tlokotsi—boemo ba ho ba thobo-thobo boo ho bona ho bonahalang eka motho ha a na boikutlo ho hang.—Bapisa le Pesaleme ea 143:3, 4, BPN.
Ha mehopolo e qala ho khutla, ho ka ’na ha bonahala eka motho ea hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa o feta phihlelong ea ho hleka-hlekoa hape. Batho ba bang ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa hoo ba bile ba boela ka nakoana boemong ba bongoana. Jill oa hopola: “Ha ke bona setšoantšo sa ketsahalo ea nakong e fetileng ka kelellong ea ka, hangata ke ba le matšoao a ho kula ’meleng. Ka linako tse ling mehopolo eo e ba e hatellang haholo, hoo ke ikutloang eka ke tla hlanya.” Joale khalefo e mabifi eo e sa le e hatelloa ho tloha bongoaneng e ka ’na ea hlaha ka tšohanyetso. Sheila o re: “Ho hopola seo ho mpakela ho tepella maikutlo le khalefo.” Empa ho loketse ho halefa ha motho a le maemong ana a sa tloaelehang. U saretsoe, u senola khalefo e lokileng eo e leng khale u e hatelletse! U na le tokelo ea ho hloea liketso tsa bokhopo tseo u ileng ua qobelloa ho kopanela ho tsona.—Ba-Roma 12:9.
Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa o re: “Ha ke khona ho hopola seo hantle, ke ile ka ikutloa ke imolohile . . . Bonyane joale ke ne ke tseba seo ke sebetsanang le sona. Le hoja ke ile ka fumana ho le thata haholo ho hopola seo, se ile sa nkhopotsa karolo ea bophelo ba ka e neng e fetohile e bohloko kahobane ke ne ke sa e tsebe e bile e le sephiri ho ’na.”—The Right to Innocence.
Ho hopola ho ka boela ha thusa motho ea hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa ho fihla motsong oa a mang a mathata a hae. Motho e mong ea ileng a hlaseloa ka likamano tsa botona le botšehali ke motho eo a amanang haufi le eena o re: “Haesale ke ntse ke tseba hore ke na le boikutlo bo tebileng ba ho itlhoea le khalefo empa ke sa tsebe hore na hobane’ng.” Ho hopola ho thusa ba bangata ho hlokomela hore se ileng sa etsahala e ne e se molato oa bona, hore ba ile ba hlaseloa.
Ka ho hlakileng, hase bohle ba hopolang ho hleka-hlekoa ha bona hantle kapa ka mokhoa o hlakileng joaloka ba bang. ’Me baeletsi ba bangata baa lumela hore ha ho hlokahale hore motho a hopole ntlha e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le ho hleka-hlekoa ha hae e le hore a khone ho fola liphellong tsa hona. Ho amohela feela hore ho hleka-hlekoa hoo ho ile ha etsahala e ka ba mohato o moholo o lebisang ho hlaphoheloeng.—Bona lebokose.
Ho Fumana Tšehetso
Haeba u ile ua hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ha u sa le ngoana, u se ke ua mamella bothata ba ho hopola mehopolo eo u le mong. Ho buisana le ba bang ka maikutlo a hao hoa thusa. (Bapisa le Jobo 10:1; 32:20.) Ba bang ba leng mahlomoleng a maholo ba ka ’na ba etsa qeto ea ho batla thuso ea ngaka, moeletsi, kapa setsebi sa bophelo bo botle ba kelello se tšoanelehang. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, motsoalle eo u mo tšepang, molekane oa lenyalo, litho tsa lelapa, kapa balebeli ba Bakreste ba tlang ho mamela ka kutloelo-bohloko le ka tlhompho le bona e ka ba batšehetsi ba bohlokoa.b Janet o re: “Se seholo ka ho fetisisa se ileng sa nthusa e ile ea ba motsoalle oa ka e moholo, Julie. Khafetsa-khafetsa o ’nile a ntumella ho bolela seo ke se hopolang. O ntumella ho utloa maikutlo a bakoang ke seo. Oa mamela ’me o arabela ka kutloelo-bohloko.”
Ho tšepa motho ke ntho e kotsi, ’me u ka ’na ua ikutloa u sa tšoanelehe hore u ka amohela thuso ea motho e mong—kapa ua ikutloa u le lihlong haholo hore u ka bua ka ho hleka-hlekoa ha hao. Empa motsoalle oa ’nete “e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae” ’me a ka fana ka thuso ea bohlokoa haeba u mo fa monyetla o joalo. (Liproverbia 17:17) Leha ho le joalo, hloaea bao u ba phetlelang sefuba sa hao. Ithute ho senola lintho tseo u amehileng ka tsona butle-butle. Haeba motsoalle a ipaka a e-na le kutloelo-bohloko ’me a le bohlale, joale u ka leka ho senola boitsebiso bo eketsehileng.
Hape hoa thusa ho itlhokomela ’meleng. Iphe phomolo e lekaneng. Etsa boitlhakiso ba ’mele bo lekaneng. Jaa lijo tse matlafatsang. Haeba ho khoneha, nolofatsa bophelo ba hao. U se ke ua tšaba ho lla. Ho ka ’na ha bonahala eka ha ho mohla bohloko boo bo tla fela, empa ka mor’a nakoana bo tla kokobela. Hopola: U ile ua mamella ho hleka-hlekoa hoo ha u ne u le ngoana ea sitoang ho itšireletsa—’me u ile ua ’na ua khona ho phela! Ha u se u le moholo, u na le matla ao u neng u se na ’ona ha u sa le ngoana. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 13:11.) Kahoo talimana le mehopolo ea hao e bohloko ’me u e thibele ho u tšoenya. Itšetlehe ka Molimo hore o u fe matla. Mopesaleme o ile a re: “Ho sa tsotellehe hore na matšoenyeho a pelo ea ka a maholo hakae, matšeliso a hao a nthoba pelo.”—Pesaleme ea 94:19, The New Jerusalem Bible.
Ho Felisa Boikutlo bo Molato le Lihlong
Ho khaotsa ho ipeha molato ke karolo e ’ngoe ea bohlokoa ea ho hlaphoheloa. Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ea bitsoang Reba o re: “Esita le hona joale ke thatafalloa ke ho nahana hore ke ne ke se na molato. Kea ipotsa, ke hobane’ng ha ke ne ke sa mo thibe?”
Leha ho le joalo, hopola hore batho ba hleka-hlekang bana ba sebelisa mekhoa ea bodiabolose e mebe ka ho fetisisa ho ba qobella ho lumela: matla a ho laola (‘Ke ntat’ao!’), litšoso (‘Ke tla u bolaea ha u ka bolela!’), ho sebelisa matla a ’mele ka likhoka esita le ho etsa hore ngoana a be le boikutlo bo molato (‘Ha u ka bolela, Ntate o tla ea teronkong.’). Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba sebelisa tšusumetso e mosa kapa limpho le lintho tse itseng tse khethehileng. Ba bang ba hlahisa liketso tsa botona le botšehali e le papali kapa lerato le mofuthu la botsoali. Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa oa hopola: “O ile a re sena ke sona seo batho ba se etsang haeba ba ratana.” Ngoana e monyenyane a ka hanyetsa tlatlapo ea maikutlo le qhekello e joalo joang? (Bapisa le Ba-Efese 4:14.) E, ka ho se tsotelle, motho ea hleka-hlekang ngoana o nka monyetla ka ’nete ea hore bana ba sitoa ho itšireletsa, ba ka hlaseloa habonolo, ke “masea ka nqeng ea bobe.”—1 Ba-Korinthe 14:20, BPN.
Ka mor’a moo, e ka ’na eaba joale ho tla hlokahala hore u hopole hore na u ne u hlaseleha habonolo u bile u sitoa ho itšireletsa hakae ha u sa le ngoana. U ka ’na ua leka ho qeta nako le bana ba bang ba banyenyane kapa ua sheba litšoantšo tsa hao tsa bongoaneng. Metsoalle e tšehetsang le eona e ka u thusa ka hore ka mehla e u hopotse hore ho hleka-hlekoa hoo e ne e se molato oa hao.
Leha ho le joalo, mosali e mong o re: “Ke teneha haholo ha ke hopola maikutlo ao ntate a ileng a a tsosa ka hare ho ’na.” Batho ba bang ba ileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa hoo (karolo ea 58 lekholong phuputsong e ’ngoe) ba hopola hore ba ile ba ikutloa ba tsoheloa ke litakatso tsa botona le botšehali ha ba ntse ba hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali. Ka ho utloahalang, sena se ba hlabisa lihlong haholo. Leha ho le joalo, buka Surviving Child Sexual Abuse e re hopotsa hore “ho tsoheloa ke litakatso ’meleng [e] mpa feela e le [karabelo] ea ’mele e itlisang ha o angoa kapa ho tsosoa litakatso tsa oona ka litsela tse itseng” le hore ngoana “a ke ke a laola ho tsoha hona ha litakatso.” Ke motho ea mo hleka-hlekang feela ea jarang molato ka ho felletseng bakeng sa se ileng sa hlaha. E NE E SE MOLATO OA HAO!
Hape, tšeliseha ka ho tseba hore Molimo o u talima u ‘hloka molato u bile u sa nyatsehe’ tabeng eo. (Ba-Filippi 2:15, BPN) Ka mor’a nako takatso leha e le efe ea ho kenella boitšoarong bo tla u ntša kotsi e ka fokotseha, ’me u ka ithuta ho baballa ’mele oa hao.—Bapisa le Ba-Efese 5:29.
Ho Amohela Batsoali ba Hao
Sena se ka ipaka e le o mong oa mehato e thata ka ho fetisisa ea ho hlaphoheloa. Ba bang ba tsoela pele ho tlala bohale, menahano eo e seng ea sebele ea ho iphetetsa—kapa ho ikutloa ba le molato. Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa o ile a re: “Ke tepelletse maikutlo hobane ke nahana hore Jehova o lebelletse hore ke tšoarele motho ea ileng a ntlheka-hleka ka likamano tsa botona le botšehali, ’me ke sitoa ho etsa joalo.” Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua lula u tšaba motho ea neng a u hleka-hleka haholo. Kapa u ka ’na ua ba le maikutlo a tletseng bora khahlanong le ’mè oa hao haeba a ile a iphapanyetsa ho hleka-hlekoa hoo kapa a arabela ka ho latola kapa ka bohale ha ho hleka-hlekoa hoo ho senoloa. Mosali e mong o hopola ka pelo e bohloko: “’Mè o ile a mpolella hore ke lokela ho mamella [ntate].”
Ke ha tlhaho hore motho a ikutloe a halefile ha a ile a hleka-hlekoa. Leha ho le joalo, litlamo tse kopanyang lelapa li ka ba matla haholo, ’me u ka ’na ua se batle ho senya kamano eohle eo u nang le eona le batsoali ba hao. E ka ’na eaba u bile u ikemiselitse ho boelana le bona. Leha ho le joalo, se sengata se itšetlehile ka maemo. Ka linako tse ling batho ba ’nileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ba ba le tšekamelo ea ho tšoarela batsoali ba bona hang-hang—ba sa lokafatse ho hleka-hlekoa hoo, empa ba hana ho qetoa ke tlhonamo kapa ho laoloa ke tšabo. Ba bang ba khetha ho qoba ho buisana mantsoe a bohloko le bona ka maikutlo a phahameng, ba khotsofalla ho ‘thuisa sena ka pelong’ le ho lebala ka sona.—Pesaleme ea 4:5, BPN.
Leha ho le joalo, u ka ’na ua ikutloa hore litaba li ka lokisoa feela ka hore u buisane le batsoali ba hao ka ho toba ka ho hleka-hlekoa hoo—ka seqo, ka fono, kapa ka lengolo. (Bapisa le Mattheu 18:15.) Haeba ho joalo, kholiseha hore u se u hlaphohetsoe ka ho lekaneng—kapa bonyane u na le tšehetso e lekaneng—e le hore u ka mamella ntoa ea maikutlo e ka ’nang ea qhōma. Kaha ho omana ho ke ke ha finyella letho, leka ho tiea empa u boloke botsitso. (Liproverbia 29:11) U ka ’na ua qala ka ho bolela (1) se ileng sa etsahala, (2) kamoo se u ammeng ka teng, le (3) seo u se lebelletseng ho bona hona joale (joaloka ho kōpa tšoarelo, tefello bakeng sa melato ea phekolo ea ngaka, kapa hore ba fetole boitšoaro ba bona). Bonyane ho senola bothata ho ka thusa ho leleka maikutlo leha e le afe a ntseng a setse a hore ha u na matla. ’Me ho ka bula tsela bakeng sa ho ba le kamano e ncha le batsoali ba hao.
Ka mohlala, ntate oa hao a ka ’na a lumela hore o ile a u hleka-hleka, a bolela hore o soabile haholo. Hape e ka ’na eaba o entse boiteko bo tiileng ba ho fetoha, mohlomong ka ho batla phekolo bakeng sa ho lemalla tahi kapa ka ho phehella ho ithuta Bibele. Ka ho tšoanang, ’mè oa hao le eena a ka ’na a kōpa tšoarelo bakeng sa ho hlōleha ho u sireletsa. Ka linako tse ling le ka ’na la boelana ka ho felletseng. Leha ho le joalo, u se ke ua makala haeba u ntse u e-ba le maikutlo a loantšanang mabapi le ho ba le kamano e haufi le batsoali ba hao ’me u khetha ho se potlakele ho ba le kamano e haufi le bona. Leha ho le joalo, bonyane u ka ’na ua khona ho tsosolosa tšebelisano e itekanetseng ea lelapa.
Ka lehlakoreng le leng, puisano eo e ka ’na ea etsa hore motho ea neng a u hleka-hleka ka likamano tsa botona le botšehali le litho tse ling tsa lelapa li itatole li be li u buise mantsoe a bohloko. Ho hobe le ho feta, u ka ’na ua fumana hore ho sa ntsane ho e-na le kotsi ea hore motho eo a ka u hleka-hleka hape. Haeba ho le joalo, ho tla be ho sa lokela hore u mo tšoarele, ’me u ke ke ua khona ho ba le kamano e haufi le eena ho hang.—Bapisa le Pesaleme ea 139:21.
Ho sa tsotellehe se ka etsahalang, ho ka ’na ha hlokahala hore ho fete nako e telele pele ho hlabeha maikutlo ha hao ho kokobela. Ho ka ’na ha hlokahala hore khafetsa u ikhopotse hore ke Molimo o tla phethahatsa toka qetellong. (Ba-Roma 12:19) Ho buisana le motho ea tla u mamela le ea tla u tšehetsa kapa esita le ho senola maikutlo a hao ka lengolo le hona ho ka u thusa ho utloisisa khalefo ea hao. Ka thuso ea Molimo u ka utloisisa khalefo ea hao esita le ho e hlōla. Ha nako e ntse e-ea, ho hlabeha maikutlo ho ke ke ha hlola ho laola monahano oa hao.—Bapisa le Pesaleme ea 119:133.
Ho Hlaphoheloa Moeeng
Ha re na sebaka se lekaneng ho hlalosa litaba tsohle tsa maikutlo, tsa boitšoaro, le tsa moea tse amehang. Re ka bolela feela hore u ka etsa ho hongata e le hore u khone ho hlaphoheloa ka ‘ho nchafatsa kelello ea hao’ ka thuso ea Lentsoe la Molimo. (Ba-Roma 12:2) ‘Hahamalla lintho tse ka pele,’ u tlatse bophelo ba hao mehopolo le mesebetsi ea moea.—Ba-Filippi 3:14; 4:8, 9.
Ka mohlala, batho ba bangata ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa ba tšeliseha feela ka ho bala Lipesaleme. Empa, melemo e meholoanyane e tla ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ka tieo. Ka mor’a nako khatello ea lenyalo e ka fokotseha. (Ba-Efese 5:21-33) Boitšoaro bo kotsi bo ka khaotsa. (1 Ba-Korinthe 6:9-11) Maikutlo a fosahetseng a botona le botšehali a ka fola. (Liproverbia 5:15-20; 1 Ba-Korinthe 7:1-5) U ka boela ua ithuta ho boloka ho leka-lekana likamanong tsa hao tsa botho le ba bang le ho haha litekanyetso tse tiileng tsa boitšoaro.—Ba-Filippi 2:4; 1 Ba-Thessalonika 4:11, BPN.
U ka kholiseha ka ntho e le ’ngoe: Ho hlaphoheloa ho hloka boikemisetso ba sebele le boiteko bo boholo! Leha ho le joalo, Pesaleme ea 126:5 ea re tiisetsa: “Ba jalang ka meokho, ba tla kotula ka mehoo ea thabo.” Hape, hopola hore Molimo oa ’nete, Jehova, o thahasella boiketlo ba hao. O “haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng.” (Pesaleme ea 34:18) Motho e mong ea ileng a hlaseloa ke ho hleka-hlekoa o re: “Qetellong ha ke hlokomela hore Jehova o elelloa boikutlo bo bong le bo bong boo ke nang le bona le hore oa tsotella—o hlile oa tsotella—ke ile ka ikutloa ke tletse khotso qetellong.”
Molimo oa rōna o lerato, Jehova, ha o fane ka khotso ea kelello feela. O boetse o fana ka tšepiso ea lefatše le lecha la ho loka, leo ho lona o tla hlakola mehopolo eohle ea mahlomola a bongoaneng. (Tšenolo 21:3, 4; bona le Esaia 65:17.) Tšepo ena e ka u tiisa le ho u matlafatsa ha u ntse u tsoela pele boitekong ba ho hlaphoheloa ka ho felletseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mehopolo e meng e qala ho itlhahisa ka sebōpeho sa mahlaba a bakoang ke ho tšoenyeha kelellong; e meng e hlaha ka sebōpeho sa ho ba le lipono tsa lintho tseo e seng tsa sebele tseo ka phoso ho ka nahanoang hore ke tšebetso ea bademona—melumo ea batho ba itšohlometsang feela, e kang ho buleha ha mamati; liriti tse fetang monyako le lifensetereng; boikutlo ba hore ho na le motho e mong ea sa bonahaleng betheng. Ka tloaelo mahlomola ao a tebileng aa fokotseha ha mehopolo eo e hlahella ka ho felletseng.
b Boitsebiso ba bohlokoa bo mabapi le ho thusa batho ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa bo fumanoa ho maqephe 27-31 tokollong ea April 15, 1984, ea Molula-Qhooa, e leng makasine o tsamaeang le ona. Re khothalletsa baholo bohle ba phutheho hore ba boele ba hlahlobe tokollo eo ’me ba ele hloko ka ho khethehileng litaba leha e le life tse joalo tse tlisoang ho bona.
[Lebokose le leqepheng la 9]
Litsela tsa ho Hlaphoheloa
◻ Ho hopola ho hleka-hlekoa hoo le ho ho amohela
◻ Ho itumella ho sareloa ka baka la ho hleka-hlekoa hoo
◻ Ho buisana ka maikutlo a hao le motho ea tla u mamela le ho u tšehetsa
◻ Ho hlōla maikutlo a ho ba molato le ho hlajoa ke lihlong
◻ Ho amohela batsoali ba hao
◻ Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho fetola boitšoaro bo kotsi
◻ Ho folisa maikutlo a fosahetseng a botona le botšehali
◻ Ho haha litekanyetso tse molemo tsa botho le tsa boitšoaro
◻ Ho hlaolela kamano e haufi-ufi le Molimo le Bakreste-’moho
[Lebokose le leqepheng la 10]
Ho Lumella Mehopolo ea Nakong e Fetileng ho Khutla
Hangata mehopolo e khutlela kelellong hape ka nako ea libeke, likhoeli, kapa lilemo, mohopolo ka mong o hlahang o baka boemo bo bohloko ka nakoana. The Right to Innocence e bolela hore ka linako tse ling “u ka ’na ua ikutloa eka u boela morao. Ha u boele morao. U fetela boemong bo molemonyana. Ha e le hantle, u fumane matla a hlokahalang bakeng sa ho talimana le maikutlo a tebileng, a bohloko haholoanyane le tsebo ea se etsahetseng.” Leha ho le joalo, hoa utloahala hore ka nakoana ho hlaphoheloa ho ka fetoha ntho e khōlō eo motho a amehileng ka eona.—Liproverbia 18:14, NW.
Batho ba bang ba ileng ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ba fumana ho le molemo ho bala kapa ho utloa seo batho ba bang ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa hoo ba se buileng. Ho talima lifoto tsa lelapa le lintho tse u hopotsang nako ea ha u sa le ngoana, ho etela libaka tseo u neng u li etela ha u sa le ngoana, le ho buisana le metsoalle le litho tsa lelapa tse u tšehetsang le hona ho ka tsosa mehopolo eo. Ho hong ho atlehang haholo ke ho itlhakisetsa ho ngola boitsebiso boo fatše. Batho ba bang ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa ba tlaleha sohle seo ba se hopolang ka phihlelo ea bona e sithabetsang bukaneng. Ba bang ba bolella motho ea neng a ba hleka-hleka maikutlo a bona ka lengolo—leo ba ke keng ba mo rōmella lona—e leng seo hangata se tsosang mehopolo e eketsehileng. Thapelo le eona ke kofuto ea bohlokoa bakeng sa ho hlaphoheloa. Joaloka mopesaleme u ka rapela: “U ntlhahlobe, ’me u tsebe mehopolo e ntšoenyang, ’me u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e khopo ho ’na, ’me u ntsamaise tseleng ea nako e ke keng ea lekanngoa.”—Pesaleme ea 139:23, 24, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ho talimana le bophelo ba nakong e fetileng le ho ikhopotsa bona ka botlalo e ka ba mo-hato o mong o isang ho foleng